Bana e Tlameha ho ba ba Hlokoang le ba Ratoang
“BONTŠA ngoana lerato le lenyenyane, ’me u tla boelloa haholo.” Ke kamoo ho ileng ha ngola mongoli le mohlahlobisisi oa Lenyesemane oa lekholong la bo19 la lilemo John Ruskin. Mohlomong batsoali ba bangata ba tla lumela hore ho rata bana ba hao hoa putsa, eseng feela ka lebaka la lerato leo ba tla u buselletsa lona, empa habohlokoa ka ho fetisisa, ka lebaka la phello e ntle eo lerato lena le tla ba le eona ho bona.
Ka mohlala, buka ea Love and Its Place in Nature e ile ea bolela hore “hoa etsahala hore bana ba shoe” ha ba sa bontšoe lerato. ’Me Ashley Montagu, setsebi se tummeng sa thuto mabapi le batho, se tsoaletsoeng Brithani se ile sa ntšetsa taba ena pele ka ho re: “Ho ea ka mokhoa oo lintho tse phelang li itšoarang ka oona, ka tšebetso ea ’mele, le kelello, ngoana ea sa bontšoang lerato o fapane haholo le ngoana ea bontšitsoeng lerato. Ngoana ea sa bontšoang lerato o bile o hōla ka tsela e fapaneng le ea ngoana ea bontšitsoeng lerato.”
Toronto Star e ile ea tlaleha phuputso e ileng ea etsa liqeto tse lumellanang le sena. E ile ea re: “Bana ba hōlisoang ba sa kopuoe kamehla, ba sa phaphathoe kapa ba sa pholloe . . . ba na le litekanyo tse phahameng ka ho sa tloaelehang tsa li-hormone tsa khatello kelellong.” Ka sebele, ho hlokomolohuoa nameng nakong ea bosea “ho ka ba le liphello tse tebileng tsa nako e telele matleng a ho ithuta le a ho hopola.”
Lintho tsena tse sibolotsoeng li hatisa tlhokahalo ea hore batsoali ba be teng ka seqo. Ho seng joalo, ke joang ho ka bang le maqhama a tiileng pakeng tsa motsoali le ngoana? Empa ka masoabi, esita le likarolong tse ruileng tsa lefatše, hona joale tloaelo ke ho leka ho fana ka lintho tseo ngoana a li hlokang ho sa thoe letho ka boteng ba batsoali. Bana ba isoa sekolong, ba isoa sekolong sa Sontaha, ba isoa mosebetsing, ka nako ea lehlabula ba isoa moo ba tlang ho lula litenteng le bana ba bang, ’me ba fuoa chelete ebe ba isoa libakeng tsa boikhathollo. Kaha ba qheletsoe ka thōko ho lelapa, ho joalokaha eka ba phela lefatšeng la bona ba le bang, bana ba limilione ka tlhaho ba ikutloa ba hlokomolohuoe, ba sa hlokoe, ba sa ratoe, ba pota-potiloe ke lefatše le tletseng bora la batho ba hōlileng—esita le haeba ba sa lemohe. Ho ka etsahala hore ebe boikutlo bona bo atileng baneng ke le leng la mabaka ao ka ’ona ho hakanngoang hore ho na le bana ba 3 000 ba lulang seterateng Berlin. E mong oa bana ba tloaelehileng ke Micha ea itseng: “Ho ne ho sa hlole ho e-na le motho ea nthatang.” Ka ho tšoanang moshanyana e mong oa Lejeremane ea lilemo li robong o ile a belaela: “Nka mpa ka ba ntja ea lapeng mona.”
Ho Tšoaroa ha Bana Hampe ho Etsoa ka Mekhoa e Mengata
Ho hlokomoloha ngoana ke mofuta o mong oa tšoaro e mpe o bonahatsang ho haella ha seo Bibele e se bitsang “boikutlo bo mofuthu ba tlhaho.” (Baroma 1:31; 2 Timothea 3:3) Hape ho ka lebisa mefuteng e meng e poteletseng ea tšoaro e mpe. Ka mohlala, ho tloha ka Selemo sa Machaba sa Ngoana ka 1979, ho ’nile ha lebisoa tlhokomelo e khōlō mathateng a ho tšoaroa ha bana hampe ’meleng le ho ba hlekefetsa ka likamano tsa botona le botšehali. Ho hlakile hore ho thata ho bokella lipalo-palo tse nepahetseng, ebile li fapana ho ea ka libaka. Empa ha ho pelaelo hore ho thata ho tlosa mabali ao bana ba hlekefetsoang ka likamano tsa botona le botšehali ba hōlang ka ’ona ho fihlela e e-ba batho ba baholo.
Ho sa tsotellehe hore na tšoaro e mpe ke ea mofuta ofe, e fa bana molaetsa oa hore ha ba ratoe ebile ha ba hlokoe. ’Me ho bonahala bothata bona bo hōla. Ho ea ka koranta ea Jeremane Die Welt, “bana ba eketsehileng ba hōla e le ba se nang thuso sechabeng.” Ea phaella: “Bana ba hloka mofuthu oa lelapa. Ho ea ka [Gerd Romeike, mookameli oa setsi sa tataiso ea ngoana sa Hamburg], katamelano ea maikutlo pakeng tsa bana le batsoali e ntse e fokola haholoanyane, kapa ha ho mohla e thehoang. Bana ba joalo ba ikutloa ba hlokomolohuoe, ’me takatso ea bona ea tšireletseho ha e phethahatsoe.”
Bana ba sa fuoeng tokelo ea bona ea ho ba ba hlokoang le ba ratoang ba ka ’na ba ba le lehloeo, ba intšetsa malokobe ho ba ileng ba ba hlokomoloha kapa mohlomong sechabeng ka kakaretso. Bonyane lilemong tse leshome tse fetileng, tlaleho ea sehlotšoana sa Macanada e ile ea bontša tlhokahalo ea khato e potlakileng, ho seng joalo moloko oohle “o nahanang hore sechaba ha se o tsotelle” o tla lahleha.
Bacha ba sa ratoeng le ba sa hlokoeng ba ka ’na ba lekeha hore ba balehe lapeng ba balehele mathata a bona, leha ho le joalo ba fumana mathata a maholoanyane metseng e hlasetsoeng ke tlōlo ea molao, lithethefatsi le boitšoaro bo bobe. Ha e le hantle, lilemong tse ka holimo ho 20 tse fetileng, mapolesa a ile a hakanya hore bana ba 20 000 ba balehileng malapeng ba ka tlaase ho lilemo tse 16 ba ne ba lula motse-moholo o le mong feela oa United States. Ba ile ba hlalosoa e le “litholoana tsa malapa a arohaneng le ho khahlapetsoa, hoo hangata ho etsoang ke batsoali ba lemaletseng tahi kapa lithethefatsi. Ba ea literateng, ba hoeba ka ’mele ea bona hore ba phele ebe, ha ba otloa ke batho ba thaothang matekatse ’me ba amohuoa boitlhompho, ba lula ba tšohile hore batho bao ba tla iphetetsa haeba ba leka ho tlohela khoebo ena ea bomenemene.” Ka masoabi, ho sa tsotellehe boiteko bo etsoang ka botšepehi ba ho fetola boemo bona bo utloisang bohloko, bo ntse bo le teng.
Bana ba hōlelang tlas’a maemo a hlalositsoeng ka holimo ba fetoha batho ba baholo ba sa tsitsang, hangata ba hlōleha ho hōlisa bana ba bona hantle. Kaha bona ka bobona ha ba hlokoe ebile ha ba ratoe, hamorao ba hlahisa mofuta o tšoanang le bona—bana ba ikutloang ba sa hlokoe le ba ikutloang ba sa ratoe. Ralipolotiki oa Lejeremane o ile a beha taba ena ka ho toba ka tsela ena: “Bana ba sa bontšoang lerato ba fetoha batho ba baholo ba tletseng lehloeo.”
Ho hlakile hore batsoali ba limilione ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho tiisa hore bana ba bona baa tseba hore baa hlokoa ebile baa ratoa. Ha ba ba bolelle seo feela empa ba se paka ka ho fa bana ba bona tlhokomelo e lerato le thahasello ea botho e tšoanelang ngoana e mong le e mong. Leha ho le joalo, mathata a ntse a sala—mathata ao ka ho hlakileng a phahametseng matla a batsoali hore ba a rarolle. Ka mohlala, likarolong tse ling tsa lefatše, litsamaiso tse sa phethahalang tsa batho tsa moruo le tsa lipolotiki li hlōleha ho fa bana tlhokomelo e lekaneng ea bophelo bo botle ba ’mele, thuto e loketseng, lijo tse lekaneng, esita le tšireletseho mahlomoleng a ho sebelisa bana ka thata le maemo a sisimosang a bophelo. Hangata maemo ana a eketsoa ke batho ba baholo ba meharo, ba bolileng, ba baithati le ba sa nahaneleng.
Kofi Annan, mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng, o ile a bolela a mang a mathata a tebileng ao bana ba tobanang le ’ona kajeno ha a ne a ngola: “Bana ba limilione ba tsoela pele ho mamella mahlabisa-lihlong a tšabehang a bofutsana; ba makholo a likete ba utloisoa bohloko ke liphello tsa likhohlano le pherekano ea moruo; ba mashome a likete ba khaoha litho lintoeng; ba bang ba bangata ba fetoha likhutsana kapa ba bolaoa ke HIV/AIDS.”
Empa ho na le litaba tse ling tse monate! Mekhatlo ea Machaba a Kopaneng e kang United Nations Children’s Fund (UNICEF) le Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, e sebelitse ka thata ho ntlafatsa boemo ba bana. Annan o ile a re: “Bana ba eketsehileng ba tsoaloa ba phetse hantle ’meleng ’me ba eketsehileng baa entoa bakeng sa thibelo ea mafu; ba eketsehileng ba ka bala le ho ngola; ba eketsehileng ba na le bolokolohi ba ho ithuta, ho bapala le ho phela joaloka bana ho feta kamoo ho neng ho ka nahanoa hore ho ka khoneha esita le nakong ea lilemo tse leshome tse fetileng.” Leha ho le joalo, o ile a lemosa: “Ena hase nako ea ho khotsofalla katleho e fetileng.”
Ba Tšoaneloang ke Tlhokomelo e Khethehileng
Bana ba bang ba tšoaneloa ke tlhokomelo e khethehileng. Mathoasong a bo-1960, lefatše le ile la tšoha ha le utloa litlaleho tse tsoang linaheng tse fetang 12 mabapi le ho tsoaloa ha seo ho thoeng ke bana ba thalidomide. Ha pilisi e thethefatsang kapa e robatsang ea thalidomide e nooa ke basali ba baimana, e ile ea e-ba le liphello tse bohloko tse sa lebelloang tse ileng tsa etsa hore ho tsoaloe bana ba nang le litho tse omeletseng kapa ba se nang litho tse ling ho hang. Hangata matsoho le maoto a ne a tšoana le mapheoana a tlhapi feela.
Lilemo tse mashome a mane hamorao, ho ka etsahala hore ntho e tlang ho holofatsa bana ke seqhomane sa fatše.a Ba bang ba hakanya hore liqhomane tsa fatše tse sebetsang tse ka bang limilione tse 60 ho isa ho tse 110 li hasane lefatšeng lohle. Batho ba ka bang 26 000 baa bolaoa kapa ba khaoha litho selemo se seng le se seng—ho kopanyelletsa le bana ba bangata. Ho tloha ka 1997, ha Jody Williams a hapa Khau ea Khotso ea Nobel bakeng sa letšolo la hae la ho thibela liqhomane tsa fatše, ho ’nile ha lebisoa tlhokomelo e khōlō bothateng bona. Empa ho ntse ho e-na le libaka tseo liqhomane tsa fatše li epetsoeng ho tsona. Ralipolotiki oa Lejeremane o ile a re mabapi le boiteko ba ho felisa liqhomane tsa fatše lefatšeng: “Ho tšoana le ho ntša metsi a ka har’a bate ka ho a kha ka khaba ea tee pompo e ntse e buletsoe.”
Sehlopha se seng sa bana ba hlokang tlhokomelo e khethehileng ke sa ba se nang batsoali. Jehova Molimo, ’Mōpi oa motho, o ne a rerile hore bana ba hōle ba fuoa tlhokomelo e lerato ea ’mè le ntate ka bobeli. Ngoana o hloka khōliso e leka-lekaneng joalo e etsoang ke batsoali ebile ea mo tšoanela.
Mahae a likhutsana le mekhatlo e fanang ka bana ba hlokang batho ba ba hōlisang e leka ho hlokomela litlhoko tsa bana ba se nang batsoali ba babeli. Leha ho le joalo, ka masoabi bana ba bang ba se nang hona ba hlokang motho ea ba hōlisang hangata ke bona ba hlokomolohuoang—ke bona ba kulang, ba nang le mathata a ho ithuta, ba holofetseng ’meleng kapa bao batsoali ba bona e leng melata.
Ho thehiloe mekhatlo e khothalletsang batho hore ba nehelane ka chelete kamehla ’me kahoo ba “ikhōlisetse” ngoana ea lulang naheng e futsanehileng. Chelete e nehelanoeng e sebelisetsoa ho ruta ngoana kapa ho mo fa lintho tse hlokahalang bophelong. Haeba ba amehang ba lakatsa ho etsa joalo, ba ka fapanyetsana litšoantšo le mangolo bakeng sa ho matlafatsa kamano ea bona. Le hoja tokisetso ena e le molemo, e hlōleha ho ba tharollo e sebetsang.
Mohlala o mong o hapang tlhokomelo oa se ’nileng sa etsoa ho thusa bana ba se nang batsoali ke mokhatlo oo ka 1999 o ileng oa keteka lilemo tse mashome a mahlano o sebetsa.
Motse oa Bana oa SOS
Ka 1949, Hermann Gmeiner o ile a theha seo a ileng a se bitsa Motse oa Bana oa SOS, Imst, Austria. Le hoja mokhatlo oa hae o qalile o le monyenyane, o se o hōlile hoo o nang le metse e ka bang 1 500 le litsi tse entsoeng ka sepheo se tšoanang linaheng tse 131 tsa Afrika, Amerika, Asia le Europe.
Gmeiner o ile a theha tšebetso ea hae melao-motheong e mene e tataisang—’mè, banab’eno, lapeng le motseng. “’Mè” o etsa motheo oa “lelapa” la bana ba bahlano kapa ba tšeletseng—mohlomong le ba fetang bao. O lula le bona ’me o leka ho ba bontša lerato le tlhokomelo tse lebeletsoeng ho ’mè oa sebele. Bana ba lula hammoho “lelapeng” le le leng le “’mè” a le mong ho fihlela ka nako ea hore ba tlohe “lapeng.” Bana ba lilemo tse fapaneng baa kopanyelletsoa “lelapeng” lena. Kaha ba na le “baena le baholoane” le “likhaitseli tsa bona,” bana ba ithuta ho hlokomelana, kahoo ba thusoa hore e se ke ea e-ba baithati. Ho etsoa boiteko ba ho kopanyelletsa bana “lelapeng” ba sa le banyenyane ka hohle kamoo ho ka khonehang. Kamehla bana ba motho ba bolokoa hammoho “lelapeng” le le leng.
Metse e entsoe ka “malapa” a ka bang 15, lelapa ka leng le lula ntlong ea lona. Bana bohle ba koetlisoa hore ba thuse “’mè” oa bona ho etsa mesebetsi e hlokahalang ea lelapa. Le hoja ntate a ka ba sieo, ho etsoa tokisetso ea hore ho be le motho oa monna ea fanang ka keletso ea ntate le ea fanang ka taeo e hlokahalang. Bana ba kena likolo tse sebakeng seo ba lulang ho sona. “Lelapa” ka leng le fuoa chelete e tobileng khoeli le khoeli ho koahela litšenyehelo. Ho rekoa lijo le liaparo hona sebakeng seo. Sepheo ke ho etsa hore bana ba tloaelane le bophelo bo tloaelehileng ba lelapa hammoho le mathata ’ohle a bona le lintho tse thabisang, e leng ho ba nolofalletsang hore ba phele bophelo bo tloaelehileng ka hohle kamoo ho ka khonehang. Sena se ba thusa hore ba ithehele malapa a bona hang ha ba se ba le baholo.
Ho sa Ntsane ho Batloa Tharollo e Sebetsang
Mekhatlo e fanang ka bana ba hlokang batho ba ba hōlisang, mahae a likhutsana, Metse ea Bana ea SOS, UNICEF le mekhatlo kapa lihlopha tse kang eona li phetha morero oa bohlokoa ha li leka ho tšehetsa bana ba se nang hona. Empa ha ho le o mong ho eona o ka latolang hore batho ba bang ha ba na hona. Le hoja e ka rata, e ke ke ea fa ngoana ea holofetseng litho tse phetseng hantle, ea tsosolosa kholofalo ea kelello ea ngoana, ea kopanya ngoana le batsoali ba hae ba arohaneng kapa ba hlalaneng, kapa ea etsa hore a boele a kopuoe ke motsoali ea seng a shoele.
Leha batho ba ka leka joang kapa joang, ba ke ke ba fana ka tharollo e sebetsang mathateng a bana. Empa a tla rarolloa! E, mohlomong kapele ho feta kamoo u ka lebellang. Empa joang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona letoto la lihlooho tse reng “Liqhomane Tsa Fatše—Ho ka Etsoa Eng?” tse hlahileng tokollong ea rōna ea May 8, 2000.
[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
Ngoana o hloka lerato la batsoali ka bobeli ebile lea mo tšoanela