Tharollo Qetellong!
A K’U nahane ka lefatše leo ho lona ngoana e mong le e mong a hlokoang e le kannete, a ratoang e le kannete, ’me a hlohonolofalitsoe ka batsoali ba lerato ba nang le takatso e tiileng ea ho fa ngoana oa bona keletso le tataiso e molemohali e ka fumanehang. A k’u nahane ka lefatše leo ho lona ngoana e mong le e mong a phetseng hantle ’meleng le kelellong, leo ho lona ho ke keng ha fumanoa bana ba seterateng le leo ho lona bana ba seng ba sa hlole ba amohuoa bongoana ba bona ke tlhokahalo ea moruo ea hore ba sebetse!
Na lea lakatseha? Ho hlakile. Na ke ntho e tla hle e be teng? Lipaki tsa Jehova li nahana joalo, ’me e le ka mabaka a mabeli.
Batsoali ba ka Fana ka Karolo ea Tharollo
Ntle ho pelaelo u tla lumela hore batho ba baholo ba hlile ba na le matla a ho rarolla—ka linako tse ling esita le ho thibela—a mang a mathata a bana. Ho hlakile hore ho ba joalo haeba bona batho ba baholo ba ikemiselitse ho etsa joalo. E, batsoali ka bobona ba tšoere se seng sa linotlolo tse ka rarollang bothata.
Ka mohlala, batho ba baholo ba khonang ho latela keletso ea Bibele ea hore “mosali ha aa lokela ho tloha ho monna oa hae . . . ’me monna ha aa lokela ho tlohela mosali oa hae” ha ba be le bana ba utloisoang bohloko ke ho phela lapeng le arotsoeng ke karohano kapa tlhalo.—1 Bakorinthe 7:10, 11.
Batho ba baholo ba ikemiselitseng ho latela keletso ea Bibele ea hore “re tsamaeeng ka mokhoa o hlomphehang, eseng meketeng e lerata le linakong tsa ho ikemisetsa ho noa ka ho feteletseng,” ha ba be le bana ba utloisoang bohloko ke matšoenyeho a bakoang ke ho ba le batsoali ba matahoa kapa ba lemaletseng lithethefatsi.—Baroma 13:13; Baefese 5:18.
Batho ba baholo ba ikemiselitseng ho latela keletso ea Bibele ea hore ba “ile bohlola” ba fokotsa kotsi ea hore bana ba bona ba hōle e le ba sa hlokoeng, mohlomong ba hōlela lelapeng la motsoali a le mong.—1 Bathesalonika 4:3; Matheu 19:9.
Batho ba baholo ba ikemiselitseng ho latela keletso ea Bibele e reng, “Le se ke la ba ba khentšang bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama,” le ba ‘ratang bana ba bona’ ba ke ke ba e-ba le bana ba angoang ke bohloko ba ho hlekefetsoa ’meleng kapa kelellong ka mekhoa e fapaneng eo ho etsoang ka eona.—Bakolose 3:21; Tite 2:4.
Ka kakaretso, haeba batho bohle ba baholo ba ne ba ikemiselitse ho latela keletso ea Bibele e fanoeng ke Jesu e reng, “Ka hona lintho tsohle, tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona,” na ho ne ho tla ba le limilione tsa bana ba sa hlokoeng le ba sa ratoeng?—Matheu 7:12.
Hoa thabisa hore ebe ho na le batho ba bangata ba baholo ba ikemiselitseng ho etsa lintho tsohle tse boletsoeng ka holimo. Empa ka masoabi, hase bohle, ’me bothata bo hona moo. ’Me esita le ba ikemiselitseng ba fumana hore hangata boiteko ba bona bo sitisoa ke ho se phethahale ha botho le lintho tseo ho seng matleng a bona ho li laola. Batho ba ka fana ka karolo ea tharollo mathateng a bana, empa ho hlakile hore ha ba khone ho fana ka tharollo e feletseng.
’Muso oa Molimo o Tla Fana ka Tharollo e Feletseng
Mongoli John Ruskin, ea boletsoeng sehloohong se fetileng, o ne a lumela ka matla hore “boikarabelo ba pele ba ’Muso ke ho tiisa hore ngoana e mong le e mong ea tsoaloang ’musong oo o tla fuoa bolulo bo loketseng, liaparo, lijo le thuto, ho fihlela a khona ho ikhethela.” Leha ho le joalo, Ruskin o ile a lumela hore “bakeng sa [ho finyella] sena, ’Muso o lokela ho ba le taolo holim’a batho eo re sitoang le ho e lora feela hona joale.”
Ke ’muso o tšehelitsoeng ke Molimo feela o ka bang le taolo e nahanelang eo Ruskin a buileng ka eona. ’Me ho tšepisitsoe ’muso o joalo—oo Jesu a buileng ka oona ho Matheu 6:9, 10. Hang ha ’muso ona o entsoeng ke Molimo o laola litaba tsa lefatše ka botlalo, o tla sebelisa taolo ea oona holim’a lichaba tsohle—ka ho fana ka bolulo, liaparo, lijo le thuto ho bafo bohle ba oona, ho kopanyelletsa le bana. (Esaia 65:17-25) Empa ’muso ona o phethahetseng o tla etsa se fetang sena.
’Muso oa Molimo o tla khutlisetsa batho boemong ba phetheho, o ba nolofaletse ho hōlisa bana ka teka-tekano e phethahetseng. (Jobo 33:24-26) Bana ba tla hōlisetsoa tikolohong ea khotso le kutloano e kang ea bara ba motho e fumanehang hohle, joalokaha mohlala oa sena o boletsoe Phatlalatsong ea Machaba a Kopaneng ea Litokelo tsa Ngoana. (Pesaleme ea 46:8, 9) Ho ke ke ha hlola ho hlokahala Selemo sa Machaba sa Ngoana kapa Tumellano ka Litokelo tsa Ngoana.
Ho khutlisetsa bophelo bo phethahetseng ho batsoali le bana ba holofetseng e tla ba mosebetsi o bonolo ho Kreste Jesu, Morena oa ’muso ona oa leholimo. Mehlolo ea pholiso eo a ileng a e etsa ha a sa le lefatšeng ke tiiso ea sena. (Luka 6:17-19; Johanne 5:3-9; 9:1-7) A ke ke a thatafalloa le ke ho tsosa bana ba shoeleng le batsoali ba shoeleng!—Matheu 9:18-25.
Ho thabisa hakaakang ho tseba hore nako ea hore Molimo a nke khato molemong oa bana ba lefatšeng e haufi!
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 12]
Thuso Bakeng sa Bacha
Lipaki tsa Jehova li thahasella ka tieo ho thusa bacha hore ba qobe mathata le ho ba bontša kamoo ba ka tobanang ka katleho le mathata ao ho leng thata ho a qoba. Ka hona, ho theosa le lilemo li hatisitse lithuso tse ngata tse reretsoeng ho sebetsana le litlhoko tsa bacha—ho tloha ho ba e-song ho kene sekolo ho isa ho bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20. Lingoliloeng tsena li kopanyelletsa Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele le Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang esita le video e nang le sehlooho se reng Young People Ask—How Can I Make Real Friends? Tsona li ka fumanoa ho Lipaki tsa Jehova tse lulang sebakeng sa heno kapa ka ho ngolla bahatisi ba makasine ena.
Ha e le bana ba tsona, Lipaki tsa Jehova li ba bontša hore baa hlokoa ebile baa ratoa ka hore kamehla li buisane le bona ka mathata a bona. Hangata batsoali ba sebelisa boitsebiso bo molemo bo fanoeng lithusong tsa ho ithuta tse boletsoeng ka holimo e le motheo oa lenaneo la kamehla le tsoelang pele, la ho koetlisa bacha. Mohlomong u ka thabela ho sebelisa mokhoa o tšoanang ho bana ba hao.