Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 1/8 leq. 21
  • U ka Fumana Thuto e Molemohali Hokae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Fumana Thuto e Molemohali Hokae?
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motheo oa Thuto e Molemohali
  • Thuto—E Sebelisetse ho Rorisa Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Na Bibele ha e Khothalletse Thuto?
    Tsoha!—1998
  • Thuto e Nang le Morero
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ho Boloka Thuto Sebakeng se e Loketseng
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 1/8 leq. 21

U ka Fumana Thuto e Molemohali Hokae?

“Seo ho betla ho se etsang lejoeng la ’mabole, ke seo thuto e se etsang mothong.”—Joseph Addison, 1711.

NA U kile ua kena sekolo? Batho ba bangata ba ka ’na ba arabela ka e—empa hase motho e mong le e mong ea ka arabelang joalo. Joalokaha re le mathoasong a lekholo lena la bo21 la lilemo, ho ntse ho e-na le bana ba limilione ba sa keneng sekolo. Ho bile joalo ka nako e telele, hoo hona joale batho ba baholo ba ka bang limilione tse sekete ba sa tsebeng ho bala le ho ngola.

Leha ho le joalo, thuto e ntle ke tlhokahalo ea motheo. Ho e-na le ho e nka e le bokhabane bo ke keng ba finyelloa, ba bangata kajeno ba e nka e le tokelo eo bana le batho ba baholo ba nang le eona. Empa ho ka khoneha joang ho ba le thuto e ntle ntle ho mehloli e loketseng? Ho thoe’ng haeba libuka li haella, ho se na matichere a tšoanelehang le likolo li sa lekana?

Ha e le hantle, batho ba ka fumana thuto ea boleng bo phahameng hokae e khothalletsang batho ka bomong ho nka karolo, e ntlafatsang tsebo ea bona ka lefatše le ba potolohileng le e ba rutang lithuto tsa bohlokoa tsa moea tse ka fetolang bophelo ba bona? Ke thuto efe e totobatsang litekanyetso tse hlomphehang tsa boitšoaro, e bontšang tsela ea ho finyella bophelo bo molemo, le e fanang ka tšepo e tiileng ea bokamoso? Na thuto e joalo e hlile e fumaneha ho bohle?

Motheo oa Thuto e Molemohali

Le hoja ho ka ’na ha bonahala ho makatsa, ka kholiseho re ka arabela ka e, hore thuto ea boleng bo phahameng ea fumaneha ho bohle. Re arabela tjena kahobane ho na le kofuto e matla ea thuto e fanang ka motheo oa eona. Ke “buka” e ’nileng ea hlomphuoa ka nako e telele e fumanehang, e feletse kapa e sa fella, ka lipuo tse fetang tse 2 200. E mong le e mong lefatšeng a ka ba le eona ka puo eo a ka e utloisisang. Buka ena ke efe?

Ke Bibele, buka e ’nileng ea thoholetsoa hohle e le ea bohlokoa ka ho fetisisa e kileng ea ngoloa. Setsebi sa mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, William Lyon Phelps, se ile sa ngola: “E mong le e mong ea tsebang Bibele ka ho feletseng a ka ’na a bitsoa ea rutehileng ka sebele. Ha ho na thuto leha e le tloaelo efe e ’ngoe, ho sa tsotellehe hore na e pharaletse kapa e hlompheha hakae, e ka . . . e nkelang sebaka hantle.”

Bibele ke pokello ea libuka tse ileng tsa ngoloa ka nako ea lilemo tse fetang tse 1 600. Ha a bua ka pokello ena ea libuka tsa bohlokoa, Phelps o ile a phaella: “Likhopolo tsa rōna, bohlale ba rōna, filosofi ea rōna, lingoliloeng tsa rōna, bonono ba rōna, le litekanyetso tsa rōna, bongata ba tsona li tsoa ka Bibeleng ho e-na le libukeng tse ling tsohle li kopane. . . . Ke lumela hore tsebo ea Bibele e se nang thupelo ea koleche, e molemo ho feta thupelo ea koleche e se nang tsebo ea Bibele.”

Kajeno mosebetsi o hlollang, e leng oa thuto e thehiloeng Bibeleng o etsoa lefatšeng ka bophara ke mokhatlo oa Bakreste oa Lipaki tsa Jehova. Thuto e joalo e fetela ka nģ’ane ho metheo ea ho tseba ho bala le ho ngola. E ntlafatsa kelello le boitšoaro. Ka tsela e hahang, e ama pono ea batho ka bokamoso, e fana ka lebaka la ho ba le tšepo ea se larileng ka pele kaha se tla ba molemo haholo ho feta se fetileng.

Ka kōpo ithute ka lenaneo lena la thuto e phelisang ka ho bala sehlooho se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela