Ha U Oeloa ke Koluoa ea Bokuli
“Ke ile ka haroha letsoalo.”—John, ka mor’a hore a tsebe hore o tšoeroe ke lefu le holofatsang.
“Ke ne ke tšohile.”—Beth, ka mor’a hore a lemohe ho teba ha koluoa ea bokuli e mo oetseng.
HO TSEBA hore u tšoeroe ke lefu le sa foleng le le holofatsang, kapa hore kotsi e u hlahetseng e tla u siea u holofaletse ruri, ke e ’ngoe ea liphihlelo tse bohloko ka ho fetisisa bophelong. Ebang u bolelloa litaba tsa bokuli ba hao u le ka ofising e khutsitseng ea ngaka kapa u iponela ka mahlo hore u holofetse ha u le ka kamoreng e phetheselang ea boemo ba tšohanyetso, hoa etsahala hore u iphumane u sa kholoe. Ho batla ho se letho bophelong le u lokisetsang hore u sebetsane ka katleho le maikutlo a matla a u aparelang ha u oeloa ke koluoa ea bokuli bo timetsang.
E le ho bokella boitsebiso bo ka thusang batho ba sa tsoa hlaheloa ke bokuli bo sokelang bophelo ba bona, Tsoha! e buisane le batho ba ’maloa linaheng tse fapaneng ba khonneng ho sebetsana ka katleho le boloetse bo sa foleng bo holofatsang ka lilemo tse ngata. Ba ile ba kōpuoa hore ba fane ka maikutlo a bona lipotsong tse kang: U ’nile ua ikutloa joang? Ke eng se ileng sa u thusa hore u mamelle koluoa eo le hore u boele u tsitse kelellong le maikutlong? Ke mehato efe eo u ileng ua e nka hore u boele u laole bophelo ba hao? Tsebo e fumanoeng lipuisanong tsena hammoho le e fumanoeng bafuputsing ba ithutang ka liphello tse bakoang ke maloetse a nako e telele e hatisitsoe molemong oa bao hona joale ba oetsoeng ke koluoa ea bokuli.a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Le hoja letoto la lihlooho tsena le entsoe ka ho khetheha bakeng sa ba kulang kapa ba holofetseng, letoto le neng le bua ka kamoo malapa a sebetsanang ka katleho le boloetse bo sa foleng kateng (Tsoha! ea June 8, 2000) le ne le e-na le boitsebiso boo ka ho khetheha bo etselitsoeng ba hlokomelang ba kulang.