Bacha Baa Botsa . . .
Phoso e Hokae ka ho Nyenyelepa Bosiu?
“Re ne re ee re nyenyelepe ka khitla ’me re ee lebenkeleng leo ho noelloang kofi ho lona hore re e’o ba le mathaka a mang moo. Ka mor’a moo, ebe re qala ho ea roba monakeli lerallaneng le leng. Bana ba bang kaofela ba ne ba tsuba, le hoja ’na ho se mohla ke ileng ka tsuba. Re ne re lula moo ’me re qoqe ka lintho tse ngata, re mametse ’mino o morethetho o matla. Re ne re khutlela hae ka 5:00 hoseng pele batsoali ba ka ba tsoha.”—Tara.a
“Ha Ntate a ne a tsamaea a e-ea mosebetsing ’me ’Mè a robetse, ke ne ke nyenyelepa ka lemati le ka pele. Ke ne ke ee ke le siee le butsoe hore a tle a se ke a utloa ha ke le koala—e ne e le lemati la tšepe. Ke ne ke roba monakeli le metsoalle ea ka bosiu ho sa. Joale hoseng ha letsatsi le chaba, ke ne ke leka ho nyenyelepela ka tlung hape. Ka linako tse ling o ne a fumana hore ke tsamaile ’me a ’notlelle ka ntle.”—Joseph.
HO NYENYELEPA—ho utloahala ho susumetsa ho bile ho le monate. Ke monyetla oa hore u ithute bophelo u le mong ka lihora tse ’maloa, monyetla oa hore u etse ntho eo u e ratang ’me u be le eo u batlang ho ba le eena ntle le ho ikarabella ho motho e mong. Ntle ho moo, mohlomong u kile ua utloa ha lithaka tsa hao li ithorisa ka lintho tseo li li etsang le ka monyaka oo li bang le oona ha li nyenyelepile bosiu. Ka hona, u ka ’na ua ba tekong e khōlō ea ho leka ho ikopanya le bona.
Tlhahlobong e ileng ea etsoa litlelaseng tse 110 tse tlaasana le tse holimo sekolong se phahameng sa Amerika Leboea, liithuti tse 55 li ile tsa lumela hore li kile tsa nyenyelepa bonyane hang. Boholo ba tsona bo entse joalo ha bo le lilemo li 14. Bothata bona bo tebile hoo litsebi tse ling li khothalelitseng batsoali hore ba kenye alamo ea elektronike malapeng a bona e le ho sitisa bana ba bona ho tsoa ka lenyele. Ke hobane’ng ha bacha ba bangata hakaale ba utloa hore ba ka mpa ba ipeha kotsing ea ho halefeloa ke batsoali ba bona ka lebaka la ho nyenyelepa?
Lebaka Leo ka Lona ba Bang ba Nyenyelepang
Ka linako tse ling bacha ba nyenyelepa feela hobane ba jeoa ke bolutu ’me ba batla ho ea ithabisa le metsoalle ea bona. Buka ea Adolescents and Youth e hlalosa hore bacha ba ka ’na ba nyenyelepa “ka lebaka la lithibelo tse itseng, ka mohlala re nke molao oa hore bana ba be ba le lapeng hang ha shoalane e tšoara kapa ho fa bana kotlo ka ho ba thibela ho ea ketsahalong e itseng ea boithabiso. Bacha ba tla tsoa ho ntse ho le joalo ’me ka linako tse ling ba khone ho khutla ho sa lemohuoa letho.” Mocha e mong ea lilemo li 16 o hlalositse lebaka la hae la ho nyenyelepa. O itse: “Ke utloa eka ke lesea ebile ekare ha ke na bophelo. Nako eo ke e behetsoeng hore ke be ke se ke le lapeng ka eona ke motšehare ho feta ea bana ba bang kaofela. Ebile batsoali ba ka ba ke ke ba ntumella ho ea libakeng tseo metsoalle ea ka e eang ho tsona . . . Kahoo, kea itsamaela ’na ebe ke bua leshano.” Joseph ea boletsoeng selelekeleng o ile a qala ho nyenyelepa ha a le lilemo li 14 ’me a ea konsareteng ea ’mino oa rap eo batsoali ba hae ba neng ba mo hanetse ho ea ho eona.
’Nete ke hore bacha ba bangata ha ba na merero e mebe ka ho nyenyelepa. Tara, e mong oa bacha ba qotsitsoeng selelekeleng, o itse: “Likelello tsa rōna li ne li se na morero oa hore ‘A re eeng re e’o etsa sebe se tebileng.’ Ke ne ke batla ho ba le ngoan’eso ’me eena o ne a batla ho ea ithabisa le metsoalle ea hae.” Joseph o itse: “Re ne re roba monakeli feela. Ke ne ke batla ho bua le ho ba le metsoalle ea ka.” Empa le hoja e le seoelo hore ho roba monakeli le metsoalle ea hao ho lebise botlokotsebeng bo boholo, bacha ba bangata ba kena khathatsong e tebileng.
Likotsi Tse Teng
Setsebi sa mafu a kelello, Dr. Lynn E. Ponton o beha lebaka: “Ho bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20, ho ipeha kotsing ho tloaelehile.” Dr. Ponton o tsoela pele ho hlalosa hore ke ntho e tloaelehileng, mohlomong e bile e molemo ho bacha hore ba batle ho ipusa, ho leka lintho tse ncha le ho ba maemong a macha le a thahasellisang. Ke karolo ea ho hōla. Empa bacha ba bangata ba ipeha kotsing e feteletseng—haholo ha ba sa behoa leihlo ke batsoali ba bona. Makasine ea Teen e re: “Taba ea khatello ea lithaka, ho jeoa ke bolutu, matla a sa tataisoeng, mohlomong le lintho tse susumetsang tse kang biri . . . li ka etsa hore bacha ba ipehe kotsing ea ntho e fosahetseng—’me ba lefe ka bophelo ba bona.” Tlhahlobo e ’ngoe e ile ea thathamisa tse ling tsa likotsi tse ka bakoang ke liketso tsa bacha, ho kopanyelletsa le ho khanna ka lebelo le holimo ho tlōla, ho senya thepa, ho khanna motho a tahiloe le ho utsoa.
Ha u se u kile ua qopetsa ketsong ea ho se mamele, ho bonolo hore u kenelle linthong tse fosahetseng haholoanyane. Ho joalokaha Jesu a ile a re ho Luka 16:10: “Motho ea sa lokang ho se senyenyane ha aa loka le ho se seholo.” Ka hona, ha ho makatse hore ebe ho nyenyelepa le metsoalle ho ka ’na ha lebisa libeng tse tebileng. Tara o ile a etsa bohlola. Joseph o ile a qala ho rekisa lithethefatsi, a tšoaroa ’me a kena chankaneng. Mocha oa Mokreste ea bitsoang John o ile a qala ho sebelisa lithethefatsi hampe le ho utsoa likoloi. Ka masoabi, bacha ba bangata le bona ba khola litholoana tse mpe ’meleng ka boitšoaro bo joalo—ho ima ho sa hlokahaleng, lefu le tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate kapa ho lemalla tahi kapa lithethefatsi.—Bagalata 6:7, 8.
Tšenyo e Bang Teng
Tšenyo e mpe ka ho fetisisa e ka bang teng ’meleng oa hao e ka ba ea maikutlo. Ho ba le letsoalo le molato ho ka ba bohloko haholo. (Pesaleme ea 38:3, 4) Joseph o re: “Ho na le polelo e reng ha u tsebe bokhabane ba seo u nang le sona ho fihlela ha u lahlehetsoe ke sona. Ka linako tse ling ke ee ke hopole morao ’me ke sitoe ho lumela hore ke ne ke le bothoto hakaalo.”
Ntho e ’ngoe e sa lokelang ho hlokomolohuoa ke monyetla oa hore botumo ba hao bo senyehe. Moeklesia 10:1 e re: “Lintsintsi tse shoeleng li etsa hore oli ea moetsi oa mafura e nkhe hampe, e pute. Booatla bo bonyenyane bo etsa joalo ho motho eo e leng oa bohlokoa ka lebaka la bohlale le khanya.” Mehleng ea boholo-holo, mafura a bohlokoa kapa setlolo se nkhang hamonate se ne se ka senngoa ke ntho e nyenyane joaloka ntsintsi e shoeleng. Ka tsela e tšoanang, botumo bo botle boo u bo bokeletseng ka thata bo ka ’na ba senngoa feela ke “booatla bo bonyenyane.” ’Me haeba u Mokreste, ha ho pelaelo hore boitšoaro bo fosahetseng joalo bo tla sitisa ho ba le litokelo tse itseng ka hare ho phutheho. Etsoe u ka khona ho khothatsa ba bang joang hore ba latele melao-motheo ea Bibele haeba ba bang ba tseba hore uena ha ua etsa joalo?—Baroma 2:1-3.
Qetellong, nahana ka bohloko bo ka bakoang ke ho ba sieo ha hao ha batsoali ba sibolla. Motsoali e mong o hlalosa ho haroha letsoalo hoo a ileng a ba le hona ha a sibolla hore morali oa hae ea lilemo li 15 o ne a le sieo ka tlung. O hlalosa hore eena le monna oa hae ba ile ba ‘tšoenyeha haholo’ ke ho se tsebe moo morali oa bona a ileng teng. Na u batla ho utloisa batsoali ba hao bohloko le mesarelo e joalo?—Liproverbia 10:1.
Ho Fumana Bolokolohi bo Eketsehileng
Ke ho utloahalang hore hoa ferekanya haeba batsoali ba hao ba e-na le melao e thata ho tlōlisa. Empa na ka sebele ho nyenyelepa ke tharollo? Joang kapa joang u tla qetella u tšoeroe. Esita le haeba u le bohlale ho lekana hore u thetse batsoali ba hao, Jehova Molimo o bona liketso tsa hao, esita le tse etsoang lefifing la bosiu. (Jobo 34:21) Ka hona, neng neng u tla pepeseha, mohlomong u senye tšepo leha e le efe eo batsoali ba hao ba neng ba u tšepa ka eona. Phello e tla ba efe? U tla lahleheloa ke boholo ba seo u neng u hlile u se batla—bolokolohi!
Hopola: U lokela ho tšeptjoa ke batsoali ba hao hore u be le bolokolohi. ’Me tsela e molemohali ea hore ho be joalo ke ha uena u ba mamela. (Baefese 6:1-3) Haeba u nka hore batsoali ba hao ba etsa lintho ka tsela e itseng e sa nahaneleng, bua le bona ka botšepehi—le ka tlhompho. Ba ka ’na ba nahana ka seo u se bolelang. Ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua fumana hore ba na le mabaka a utloahalang a hore ba u fe lithibelo tse itseng. Esita le haeba u sa lumellane le bona, le ka mohla u se ke ua lebala hore baa u rata ’me ba u nahanela lintho tse molemo. Tsoela pele ho haha tšepo eo ba u tšepang ka eona, ’me ka nako e loketseng u tla ba le bolokolohi boo u bo batlang.b
‘U se ke Ua Tsamaea le Bona’
Khale koana mehleng ea boholo-holo, bacha ba tšabang Molimo hangata ba ne ba lekoa hore ba kopanele le lithaka tsa bona boitšoarong bo tsoileng taolong. Ka hona, Solomone o ile a khothalletsa bacha: “Mora oa ka, haeba baetsalibe ba leka ho u eka, u se ke ua lumela. . . . U se ke ua tsamaea tseleng eo le bona.” (Liproverbia 1:10, 15) Mamela keletso eo ha ba ipitsang metsoalle ea hao ba leka ho etsa hore u nyenyelepe. Solomone o ile a tsoela pele ho lemosa: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.”—Liproverbia 22:3.
Haeba u se u qalile ho nyenyelepa, khaotsa! U tla itematsa qetellong. Bolella batsoali ba hao seo u neng u ntse u se etsa, ’me u tobane le kotlo leha e le efe kapa lithibelo tseo ba ka ’nang ba u etsetsa tsona. Haeba ho hlokahala, khetha metsoalle e mecha—metsoalle e tla ba le tšusumetso e ntle ho uena. (Liproverbia 13:20) Batla litsela tse molemo ebile e le tse se nang likotsi tsa ho ithabisa.
Ha bohlokoahali, sebeletsa ho hōlisa bomoea ba hao ka ho bala Bibele le ho kopanela libokeng tsa Bokreste. Mopesaleme oa botsa: “Mohlankana o tla hloekisa tsela ea hae joang?” Oa arabela: “Ka ho itebela ho ea ka lentsoe la [Molimo].” (Pesaleme ea 119:9) Ha butle-butle u ntse u lokisa kelello ea hao hore e etse se nepahetseng, u tla etsa qeto ea hore le hoja ho nyenyelepa ho ka ’na ha e-ba monate le ho hlolla, ha ho bohlokoa hoo u ka ipehang likotsing tse ka hlahisoang ke hona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe.
b Bakeng sa boitsebiso ba ho fumana bolokolohi bo eketsehileng, bona khaolo ea 3 bukeng ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 20]
“Batsoali ba ka ba ke ke ba ntumella ho ea libakeng tseo metsoalle ea ka e eang ho tsona . . . Kahoo, kea itsamaela ’na ebe ke bua leshano”
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Hangata ho nyenyelepa ho lebisa mathateng a tebileng