Bacha Baa Botsa . . .
Nka mo Hana Joang?
“Lehlabuleng lena ke ile ka hapa maikutlo a mora e mong oabo rōna ka phuthehong. Ke ne ke hlile ke sa mo rate. Bothata ke hore ke ne ke sa tsebe hore na ke mo hane joang empa ke sa mo utloise bohloko.”—Elizabeth.a
“KE RATA ho u tseba haholoanyane.” Na mohlankana o se a kile a u bolella mantsoe ao? Joaloka moroetsana,b e ka ’na eaba u ile ua thaba ’me ua hlatsoeha pelo—esita le hona ho hlolloa! Ka lehlakoreng le leng, e ka ’na eaba u ile ua boela ua ikutloa u ferekane hoo u sa kang ua tseba hore na u arabele ka ho re’ng.
Ha motho e mong a u bontša thahasello ea lerato, seo se ka etsa hore maikutlo a lubakane. Sena ke ’nete haholo haeba u se u le lilemong tsa ho nyaloa ’me u le boemong ba ho amohela thahasello e joalo!c Leha ho le joalo, tsela eo u tla arabela ka eona e tla susumetsoa haholo-holo ke hore na mong’a litaba ke mang. Haeba ke motho ea hōlileng maikutlong ’me u utloa a u hapa maikutlo, ho ka ’na ha e-ba bonolo ho mo lumela. Empa ho thoe’ng haeba ka ho hlakileng a se na litšoaneleho tsa ho ba molekane ea tšoanelehang? Kapa ho thoe’ng haeba u mpa u sa mo thahaselle le hoja a e-na le litšoaneleho tse ntle?
Hape, nahana ka boemo ba moroetsana ea intšitseng le mohlankana e mong nakoana empa eaba o elelloa hore ha a batle ho qeta bophelo bohle ba hae le eena. Ho e-na le hore a emise kamano eo, o tsoela pele ho tsoa le eena. O re: “Nka etsa joang hore ke mo tlohele?”
Ha U sa Thahaselle Taba ea Lerato
Mehleng ea khale ea bapatriareka, ho bonahala batho ba ne ba nyalana le batho bao ba ba khethetsoeng ke batsoali ba bona. (Genese 24:2-4, 8) Linaheng tsa Bophirimela, boholo ba Bakreste ba lokolohile ho ikhethela balekane ba lenyalo. Bibele e na le tekanyetso e le ’ngoe—hore Mokreste a nyale “feela Moreneng.”—1 Bakorinthe 7:39.
Na see se bolela hore u lokela ho nyalana le molumeli-’moho leha e le ofe ea u bontšang thahasello kapa eo u intšitseng le eena nakoana e itseng? Ak’u nahane ka mohlala oa Bibele oa moroetsana oa motseng o ka thōko oa Shuneme o neng o le Bochabela bo Hare. Morena oa hae, Solomone, o ile a mo bona ’me a mo rata haholo. Leha ho le joalo, ha a leka ho mo phehella, moroetsana eo ha aa ka a mo hana feela empa o ile a boela a kōpa ka tieo lekhotla la basali ba neng ba sebeletsa morena: “Le se ke la leka ho tsosa kapa ho susumetsa lerato ka ho ’na ho fihlela lona le batla.” (Sefela sa Lifela 2:7) Moroetsana enoa ea bohlale o ne a sa batle hore ba bang ba leke ho mo susumelletsa hore a etse qeto ka lebaka la maikutlo. O ne a mpa a sa thahaselle Solomone tabeng ea lerato kaha o ne a ratana le molisana ea neng a le boemong bo tlaase.
Sena se fana ka thuto ea bohlokoa ho ba nahanang ka lenyalo kajeno: U ke ke ua ba le maikutlo a lerato ho mang le mang. Ka hona, esita le ka mor’a hore moroetsana a intše le motho nakoana e itseng, o ntse a ka fumana hore ha a na thahasello ho eena tabeng ea lerato. Mohlomong maikutlo ao a bakoa ke ho elelloa ha hae bofokoli bo itseng mothong eo. Kapa mohlomong ha a utloe a mo khahla. E ka ba booatla ho hlokomoloha maikutlo a joalo. Ho a hlokomoloha ho ke ke ha etsa hore a fele.d Tamara o buile tjena ka mohlankana eo a neng a intša le eena: “O ne a mpelaetsa ka lintho tse ngata. E ne e se feela lipelaelo tse fokolang empa e ne e le tse ntšoenyang haholo hoo ke ileng ka qetella ke sa phutholohe ke bile ke tšoenyeha maikutlong ha ke e-na le eena.” Hamorao o ile a elelloa hore ka lebaka la lipelaelo tsena, ho ne ho le molemo hore a emise kamano eo.
Lebaka Leo ka Lona ho Leng Thata ho Hana
Leha ho le joalo, ho thata ha motho a se a tlameha ho hana motho. U ka ’na ua tšaba ho mo utloisa bohloko joaloka Elizabeth ea boletsoeng selelekeleng. Ke ’nete hore re lokela ho nahanela maikutlo a ba bang. Bibele e khothalletsa Bakreste hore ba “ikapese lerato le mofuthu la qenehelo” le ho tšoara ba bang ka tsela eo ba ratang ho tšoaroa ka eona. (Bakolose 3:12; Matheu 7:12) Leha ho le joalo, na see se bolela hore u lokela ho ikaketsa hobane feela u sa batle ho soabisa kapa ho utloisa mohlankana eo bohloko? Ha ho pelaelo hore neng-neng o tla tseba kamoo u hlileng u ikutloang kateng, ’me ho se tšepahale ha hao le ho chechisetsa morao nako ea ho mo bolella ’nete ho mpa ho tla eketsa bohloko feela. Ho hobe le ho feta e ka ba ha u ka nyalana le mohlankana enoa hobane feela u mo hauhela. Mohau ke motheo o tetemang haholo oo lenyalo le ka thehoang ho oona.
Leha ho le joalo, mohlomong u loantšana le maikutlo a kang, ‘Nka ’na ka se ke ka hlola ke fumana monyetla o mong haeba ke sa nyaloe ke enoa.’ Joalokaha sehlooho se makasineng ea Teen se bontša, ngoanana a ka ’na a ipehela lebaka: “Enoa e hlile hase ‘eena’ empa bonyane o teng—etsoe ha u batle ho ba mong.” Ho ke ke ha latoloa hore tabatabelo ea ho ba le motsoalle e matla. Leha ho le joalo, ho khotsofatsa takatso ena ka nepo ho bolela ho fetang feela ho ba le ha e le mang bophelong ba hao. Ho akarelletsa ho fumana motho eo ka sebele u tla mo rata le ea khonang ho phethahatsa boikarabelo ba Mangolo ba lenyalo. (Baefese 5:33) Ka hona, u se ke ua potlakela ho etsa qeto ka molekane! Ba bangata ba ikoahlaetse ho potlakela ho kena lenyalong.
Qetellong, ba bang ba ka ’na ba tsoela pele ba intša leha ba se ba hlaketsoe hore mohlankana o na le bofokoli bo tebileng. Ba ipehela lebaka: ‘A ka ’na a fetoha ha nka ka mo fa nako.’ Na see se na le kelello? Hopola hore hangata tloaelo e mpe le mekhoa ea boitšoaro lia teba mothong ’me ho fetoha ho thata ka ho fetisisa. Esita leha ka potlako a ka etsa liphetoho tse khōlō, na ka sebele u ka tiiseha hore liphetoho tsee li tla tšoarella? Boemong bo bong bo tšoanang le bona, ka bohlale moroetsana ea bitsoang Karen o ile a etsa qeto ea ho emisa ho intša ha a hlokomela hore eena le mohlankana ba ne ba se na lipakane tse tšoanang. Oa lumela: “Ho ne ho le boima hobane ke ne ke rata ponahalo ea hae. Empa ke ne ke tseba hore eo ke eona ntho e nepahetseng.”
Bo Tšoare ka Tlhokomelo
Bonneteng, ho hana motho hase ntho e bonolo. Joalokaha eka ke sephutheloana se nang le ntho e pshatlehang, boemo bona bo hloka ho tšoaroa ka tlhokomelo. Litlhahiso tse ’maloa tse ka ipakang li le molemo ke tsena.
Tšohla taba ena le batsoali ba hao kapa le motho e mong ea hōlileng tsebong ka phuthehong. Ba ka ’na ba u thusa hore u elelloe haeba mohlomong litebello tsa hao e se tsa sebele.
Hlakisa le hona ho toba taba. U se ke ua siea mohlankana a ntse a e-na le lipelaelo tse itseng ka tsela eo u ikutloang ka eona. Ho re, “Che, ha ke batle,” ho tla nyahamisa boholo ba bahlankana ba neng ba tla u fereha. Haeba ho hlokahala, hana ka mantsoe a matla haholoanyane a kang, “U tla ntšoarela ngoan’eso, feela ho hang ha ke na thahasello.” Ela hloko hore u se fane ka maikutlo a hore u ka ’na ua fetola mohopolo haeba a ka u qophella haholoanyane. Ho mo hlakisetsa hantle hore ha u na maikutlo a lerato ka eena ho lokela ho thibela pherekano leha e le efe eo a ka bang le eona ’me ho tla mo nolofalletsa hore a amohele ho soetseha hoo ha hae.
Leka-lekanya botšepehi le masene. Liproverbia 12:18 e re: “Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole.” Le hoja e le habohlokoa ho toba taba ka ho hlaka, Bibele e re seo re se buang se lokela ho ba ‘le mosa, e be se nōkiloeng ka letsoai.’—Bakolose 4:6.
Ema qetong ea hao. Metsoalle e nang le boikemisetso bo botle, eo mohlomong e sa tsebeng hantle mabaka a entseng hore u fihlele qeto eo, e ka ’na ea u hatella hore u iphe monyetla o mong ho bona hore na kamano eo e ke ke ea sebetsa na. Empa qetellong, ke uena ea tla tlameha ho phela le qeto ea hao—hase metsoalle ea hao e nang le sepheo se setle.
Liketso tsa hao li lumellane le mantsoe a hao. Mohlomong pele le ne le le metsoalle ea sebele, ’me hoa utloahala hore le tla lakatsa eka lintho li ka khutlela setloaeling. Empa hangata seo se ke ke sa etsahala ebile ha ho bonolo hore se etsahale. Maikutlo a hae ka uena e se e le a lerato. Na ke ho utloahalang ho nahana hore a ka khona ho iphapanyetsa maikutlo ao ’me a etsa eka ha ho letho le etsahetseng? Ka hona, le hoja ho hlakile hore ho molemo ha bobeli ba lōna le ka sebelisana hantle, ho lula le bua fonong kamehla kapa ho qeta nako e ngata le le hammoho boithabisong ho mpa ho tla beselletsa mesarelo ea hae. Ho ka tšoana le ho bapala ka maikutlo a hae, ’me u tla be u sa etse ketso e mosa.
Moapostola Pauluse o khothalelitse Bakreste hore ba “bue ’nete” le ba bang. (Baefese 4:25) Ho ka ’na ha e-ba thata ho etsa seo, empa ho ka le thusa hore ka bobeli le tsoele pele le bophelo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Le hoja sehlooho sena se lebisitsoe ho baroetsana, melao-motheo e tšoanang ea sebetsa le ho bahlankana.
c Likotsi tsa ho intša le moshemane kapa ngoanana u sa le monyenyane haholo li tšohliloe tokollong ea rōna ea February 8, 2001.
d Bona sehlooho sa “Bacha Baa Botsa . . . Na re Lokela ho Tlohelana?” se hlahileng tokollong ea Tsoha! ea August 8, 1988.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]
U ke ke ua ba le maikutlo a lerato ho mang le mang
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Hlakisa le hona ho toba taba ha u hlalosa kamoo u ikutloang kateng