Bacha Baa Botsa . . .
Ke Lokela ho Tšoara Ngoanana ea Nthahasellang Joang?
“Susan ke eena ea ipuelletseng, ’me ke ne ke se na bothata le seo. E bile moo ke bolaileng teng.”—James.a
“Haeba mohlankana a sa tšepahale tseleng eo a sebetsanang le baroetsana ka eona, sena se ka ba le liphello tse bohloko haholo.”—Roberto.
HAUFINYANE tjena moroetsana e mong o sa tsoa u bolella hore o batla ho bua le uena ka taba e ’ngoe. U ’nile ua mo bona hangata a e-na le sehlopha sa metsoalle, ’me ho bua le eena le ho etsa lintho le eena hoa thabisa. Leha ho le joalo, seo a u boleletseng sona se u siea u eme hlooho. O ne a ka rata hore le ratane ’me o batla ho tseba hore na le uena u ikutloa ka tsela e tšoanang na.
Sena se ka ’na sa u makatsa haeba u nahana hore mohlankana ke eena feela ea lokelang ho nka khato ea ho fereha ngoanana. Le hoja seo e le sona se tloaelehileng, hopola hore ha aa tlōla molao-motheo oa Bibele ka ho nka bohato pele.b ’Nete eo e ka ’na ea u thusa hore u arabele hantle.
Ka mor’a ho nahana ka taba ena, u ka ’na ua etsa qeto ea hore u sa le monyenyane haholo hore u ka laetsana le eena kapa hore hona joale ngoanana eo ha a ipiletse hore u ka ratana le eena. U ka ba ua ikutloa u le molato, ua ipotsa hore esebe ka tsela e itseng u ile ua mo fa maikutlo a fosahetseng. U lokela ho etsa eng? Pele, u tla tlameha ho nahanela maikutlo a hae.
Nahanela Maikutlo a Hae
Nahana ka seo ngoanana a fetang ho sona boemong bona. Kaha o labalabela ho hlaha hantle, e ka ’na eaba ka matsatsi a mangata o ile a itlhakisa ka makhetlo hore na u tla bua le uena a reng. Ka mor’a hore a fumane mantsoe a nepahetseng ’me aa matahanye le pososelo e ntle, joale o ile a loantšana le maikutlo a haeba u ka mo hana. Qetellong, ka mor’a ho bokella sebete se lekaneng, o ile a koebetella letsoalo la hae ’me a u bolella se ka pelong ea hae.
Ke hobane’ng ha a ile a ipeha boemong bo thata hakaalo? Mohlomong o nkehile maikutlo ka uena. Kapa e ka ’na eaba o khahloa ke litšoaneleho tse ntle tseo u nang le tsona tseo ba bang ba sa li hlokomeleng ho le hokaalo. Ka hona, e ka ’na eaba mantsoe a hae a na le pabatso eo u sa e fumaneng letsatsi le leng le le leng.
Lintlha tsena ha lia kenyelletsoa mona hore li u susumelletse ho fetola qeto ea hao, empa ke bakeng sa ho u hopotsa hore u be mosa. Moroetsana e mong ea bitsoang Julie o re: “Esita le haeba mohlankana a sa ikutloe a rata moroetsana, o lokela ho thabisoa ke taba ea hore ho na le motho ea mo lemohileng. Ka hona, ho e-na le hore a re feela ha a mo batle, bonyane o lokela ho mo hana hantle a sa mo phoqe.” A re nke hore u ikemiselitse ho etsa joalo—‘ho mo hana hantle u sa mo phoqe,’ kapa ho fumana tsela e sa hlabeng ea ho mo hana.
Ho thoe’ng haeba u ne u se u kile ua mo hana? Joale u ka ba tlas’a teko ea ho mo phoka hang-hang. Loantša teko eo. Liproverbia 12:18 e re: “Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke pholiso.” U ka bua ka “maleme a ba bohlale” joang?
U ka ’na ua mo leboha ka hore ebe o u bolelletse maikutlo a hae le ka hore ebe o u nka u le motho oa bohlokoa joalo. Ikōpele tšoarelo ka ho mo fa maikutlo a fosahetseng le haeba u ne u sa elelloe. Mo bolelle ka ho hlaka empa e le ka mosa hore ha u na maikutlo a tšoanang le a hae. Haeba a sa utloisise karabo ea hao ’me eba u tlameha ho tiisa lentsoe, u ntse u tlameha ho qoba ho bua ka lentsoe le bohale le ho sebelisa mantsoe a hlabang. U sebetsana le maikutlo a hae a hlokang ho nahaneloa, ka hona u se ke ua fela pelo. Haeba e ne e le uena ea leng boemong ba hae, u ne u ka rata hore a hane empa e se ka tsela e phoqang, na ha ho joalo?
Leha ho le joalo, a ka ’na a tsitlella hore ke uena ea entseng hore a be le maikutlo ao ka boomo. A ka ’na a bolela liketso tse itseng tse ileng tsa etsa hore a qetelle a ikutloa tjena. A ka ’na a re, ‘Ua hopola ha u ne u mpha palesa ela?’ kapa a re, ‘Ua hopola hore na u ile ua re’ng ho ’na khoeling e fetileng ha re ne re tsamaea re le babeli?’ Joale u lokela ho itlhahloba e le kannete.
Amohela ’Nete
Bahahlauli ba mehleng ea khale hangata ba ne ba nka mafatše ao ba a sibolotseng e le ao ba ka a hapang le ho a sebelisa hampe, ’me kajeno ho na le banna ba nkang basali joalo. Ba thabela ho ratana le bona empa ha ba batle boikarabelo ba lenyalo. Ba sa itlame ka letho, ba leka ho hohela basali ka ho bapala ka maikutlo a bona. Monna ea joalo o thetsa mosali hore a mo rate. Moholo e mong oa Mokreste o re: “Ho bonahala bahlankana ba bang ba tloha ho ngoanana enoa ba ea ho eane. Hase ntho e nepahetseng ho bapala ka maikutlo a moroetsana joalo.” Boithati bo joalo bo lebisa hokae?
“Feela joaloka motho ea hlanyang ea fulang metsu e tukang, marumo le lefu, ho joalo le ka motho ea qhekeletseng oa habo ’me a itse: ‘Na ke ne ke sa bapale?’” (Liproverbia 26:18, 19) Ha mohlankana a batla ho bonya le ngoanana ka mabaka a boithati, qetellong ngoanana o tla lemoha morero oa hae. Joale thetso eo e ka mo utloisa bohloko haholo, joalokaha se latelang se bontša.
Mohlankana e mong o ne a batla ho ratana le ngoanana e mong empa a sa batle ho mo nyala. O ne a mo ntšetsa lireschorenteng tsa maemo, ’me ba ne ba ea le liphathing ba le hammoho. O ne a thabela ho ba le ngoanana enoa, ’me le eena o ne a thabela tlhokomelo eo a e fumanang, a lumela hore mohlankana o batla ho ithuta eena hore a tle a mo nyale. Ha a fumana hore thahasello ea hae e ne e le feela hore ba lule e le metsoalle, o ile a utloa bohloko bo tebileng.
Haeba u file ngoanana ea sa tsoa u atamela maikutlo a fosahetseng esita le haeba u ne u sa lemohe, u lokela ho etsa joang? Ho leka ho itšireletsa le ho itokafatsa ho tla mo tlepetsa pelo le ho feta. Nahana ka molao-motheo oa Bibele: “Ea koahelang litlōlo tsa hae a ke ke a atleha, empa ea li bolelang ’me a li tlohela o tla bontšoa mohau.” (Liproverbia 28:13) Kahoo e-ba le ’nete. Lumela molato haeba u tlatselitse ka tsela e itseng ho utloisisoeng hampe. ’Me haeba u bapetse ka maikutlo a hae hampe ka boomo, lumela hore u entse phoso e khōlō. Kōpa tšoarelo ka tieo.
Leha ho le joalo, u se ke ua nahana hore ha u kōpile tšoarelo litaba li felile. Moroetsana a ka ’na a u koatela nakoana e telele. U ka ’na ua tlameha ho hlalosa liketso tsa hao ho batsoali ba hae. ’Me u ka ba ua tobana le liphello tse ling. Bagalata 6:7 e re: “Leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.” Empa ka ho kōpa tšoarelo le ka ho leka seo u ka se khonang ho lokisa phoso ea hao, u tla mo thusa hore a tsoele pele ka bophelo ba hae. ’Me sena se tla u ruta hore u ‘sireletse leleme la hao ho bueng thetso’ litabeng tsohle bophelong, ho akarelletsa le tsa batho ba bong bo fapaneng le ba hao.—Pesaleme ea 34:13.
Nahanisisa Hantle Pele U Araba
Empa ho thoe’ng haeba u hlile u batla ho tseba ngoanana eo ka ho eketsehileng? Haeba ho joalo, u lokela ho lemoha hore ho laetsana le ho bontša motho lerato hase feela tsela ea ho ithabisa. Maikutlo a matla ao batho ba babeli ba ratanang ba bang le ’ona ke letšoao la hore ba nahana ho etsa boitlamo ba lenyalo. Ka mor’a hore ba nyalane, maikutlo ao a ba thusa hore ba tlamahane joaloka monna le mosali. Tsebo ee e ka u ama joang hona joale?
Ka mor’a ho nahana ka moroetsana enoa, u ka ’na ua elelloa hore o na le litsela tse ngata tseo a ipiletsang ka tsona. O se a butse monyako, ’me u tla rata ho o boloka o butsoe. Empa ho e-na le ho mathela ho kena leferehong, nka mehato hona joale ho sireletsa lōna ka bobeli bohlokong bo tebileng boo le ka bo utloang hamorao.
Ka nako e ’ngoe u ka ’na ua rata ho botsa batho ba ’maloa ba hōlileng tsebong ba tsebang moroetsana. Mo eletse hore le eena a etse se tšoanang ka batho ba ’maloa ba u tsebang. E mong le e mong oa lōna o lokela ho botsa batho bao ba hōlileng tsebong hore na ba nka motho enoa oa hao a e-na le litšobotsi life tse ntle le hore na bofokoli ba hae bo hokae. Hape, u ka ’na ua botsa baholo ba Bakreste maikutlo a bona. Ho molemo ho tseba hore na motho eo u batlang ho ratana le eena u na le botumo bo botle kapa che ka phuthehong ea Bokreste.
Empa u ka ’na ua re, ‘Ke hobane’ng ha ke lokela ho kenya batho ba bang hakaalo litabeng tsa ka tsa botho?’ ’Nete ke hore, esita le tabeng ea botho joaloka litabeng tsa lerato, ho molemo ho fumana maikutlo a ba bang. Ha e le hantle, ke ho latela keletso ea Mangolo, kaha Liproverbia 15:22 e re: “Ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyelloang.” Batho ba baholo bao u buang le bona ba ke ke ba u etsetsa qeto. Empa “keletso ea moea” eo ba u fang eona e ka ’na ea senola lintho tse ling ka motho eo, le ka uena, tseo uena u sa li lemoheng.—Liproverbia 27:9.
James ea qotsitsoeng selelekeleng o ile a etsa sena. Le hoja a ne a lula a le mong, o ile a buisana le batsoali ba hae ka Susan. Joale ba ile ba fanana mabitso a batho ba bang ba hōlileng bao ba ka ea batlang maikutlo a bona hore na baa tšoanelana kapa che. Ka mor’a ho utloa litlaleho tse ntle ka bona ka bobeli, James le Susan ba ile ba qala ho laetsana ho bona hore na baa tšoanelana bakeng sa ho nyalana. Haeba u latela mohlala o tšoanang pele u ameha haholo maikutlong, u tla ikutloa u sireletsehile haholoanyane qetong eo u tla e etsa qetellong.
Ka holim’a tsohle, rapela Jehova. Kaha ho laetsana ke mohato o lebisang lenyalong, kōpa Molimo hore a u thuse ho bona hore na kamano ena ea hao le moroetsana e ka le lebisa lenyalong na. Habohlokoa le ho feta, kōpa Molimo hore a le thuse ka bobeli hore le etse liqeto tse tla etsa hore le be haufi le eena le ho feta. Ke hona moo thabo ea lōna ka bobeli e leng hona teng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso sehloohong sena a fetotsoe.
b Lihlooho tsa “Bacha Baa Botsa” tse hlahileng litokollong tsa Tsoha! ea November 8, 2004, le ea January 8, 2005, li tšohla hore na moroetsana a ka atamela mohlankana joang ka litaba tsa lerato.
[Litšoantšo tse leqepheng la 29]
Haeba u hlile u se na thahasello, e-ba hlokolosi hore u se ke ua fana ka maikutlo a fosahetseng