Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 4/8 maq. 25-27
  • Ho Hlahlobisisa Moriri oa Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlahlobisisa Moriri oa Hao
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hōla le ho Hlotheha ha Moriri
  • Ho Boloka Letlalo la Hao le Moriri li Matlafetse
  • Ho Etsa Setaele sa Moriri
  • Se Senoloang ke Moriri oa Hao
  • Jesu o ne a Shebahala Joang?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Tsoha!—2001
g01 4/8 maq. 25-27

Ho Hlahlobisisa Moriri oa Hao

BUKA e ’ngoe ea litšupiso e re: “Lilemong tse ling le tse ling tseo motho a leng ho tsona, le litsong tsohle, moriri o hlalosa se itseng ka mong’a oona.” Ka hona, ha ho makatse hore ebe batho ba bangata ba thahasella haholo ho boloka moriri oa bona o matlafetse o bile o le motle.

Tsoha! e ile ea botsa batho ba bane ba nang le phihlelo ea ho sebetsana le moriri tse ling tsa lipotso tse tloaelehileng ka boleng ba moriri le tlhokomelo ea oona. Ho fumanoe hore moriri o rarahane ho feta kamoo o bonahalang kateng.

Ho Hōla le ho Hlotheha ha Moriri

P: Moriri o entsoe ka eng?

K: Moriri o entsoe ka keratin, protheine e thata. Moriri o mong le o mong o hlaha masobeng a teng letlalong la hlooho. Botlaaseng ba lesoba le leng le le leng ho na le ho bitsoang papilla ho nang le mali a mangata. Papilla e hlahisa lisele tsa moriri tse ipetelletsang ho tsoa masobeng a letlalo ’me li tiee ebe li fetoha moriri.

P: Ho atile taba ea hore moriri o hōla kapele ha o ka kutoa. Na see ke ’nete?

K: Che. Batho ba bang ba nahana hore moriri o fepeloa ke ’mele feela joalokaha makala a lifate a fepeloa ke kutu. Empa hang ha moriri o tsoela ka ntle ho letlalo, e se e le ntho e shoeleng. Ka hona, ho kuta moriri ha ho ame ho hōla ha oona.

P: Ke hobane’ng ha moriri o e-ba moputsoa?

K: Ka har’a moriri ho na le ntho e fang moriri ’mala. Ha lisele tsa ntho ena li e-shoa, moriri o ba moputsoa, ’me ena ke karolo ea ho tsofala. Moriri o bang moputsoa pele ho nako o ka ’na oa bakoa ke liphatsa tsa lefutso kapa bokuli. Leha ho le joalo, taba ea hore moriri o tla ba moputsoa ka bosiu bo le bong ke tšōmo. Ntho e fang moriri ’mala e ka tlas’a letlalo. Ka hona, ho hlokahala nako hore moriri o moputsoa o hōle (lisenthimithara tse ka bang 1,25 ka khoeli) ’me o hlahelle hloohong.

P: Moriri o hlothoa ke eng?

K: Ho hlotheha ha moriri ke karolo ea potoloho ea bophelo ba moriri. Ka ho tloaelehileng, e mong le e mong o lahleheloa ke liqoba tsa moriri tse hakanyetsoang ho tse 50 ho ea ho 80 letsatsi le leng le le leng. Empa ho ba lefatla ha banna ho amana le lefutso ’me ho bonahala ho bakoa ke ho se leka-lekane ha li-hormone, e leng ho etsang hore moriri o hlothehele ruri. Ho hlotheha ha moriri ka tsela e sa tloaelehang ho bitsoa alopecia.a

P: Ba bang ba re moriri ke seipone sa hore na motho o phela hantle hakae. Na u hlokometse see?

K: E. Ka tlas’a letlalo la hlooho, mali a fepela moriri. Ka hona, moriri o matlafetseng o ka ’na oa bontša hore mali a fepehile hantle. Leha ho le joalo, motho ea jang ka tsela e sa nepahalang kapa ea noang lino tse nang le tahi ho tlōla a ka ’na a bona moriri oa hae o fefoha ’me o robeha habonolo, lebaka e le hobane mali a hae a sitoa ho fepa moriri ka tsela e nepahetseng. Ho hlotheha ha moriri kapa moriri o fefohang e ka ’na ea e-ba lipontšo tsa qalong tsa bokuli kapa ho ima.

Ho Boloka Letlalo la Hao le Moriri li Matlafetse

P: Hlalosa kamoo moriri le letlalo li ka hlatsuoang kateng.

K: Phihlelo e bontšitse hore boholo ba batho ba nang le bothata ba letlalo la hlooho le omeletseng ba hlatsoa letlalo la bona hangata haholo. Ke ’nete hore mafura a moriri oa hao a hohela litšila le letlalo le shoeleng ’me a ka kiba masoba a letlalong la hlooho. Ka hona, ho hlokahala hore moriri o hlatsuoe kamehla. Empa mafura ana a tlhaho a boetse a sireletsa letlalo la hao baktherieng e kotsi ’me a fana ka mongobo o hlokahalang. Ha u o hlatsoa hangata haholo, u tima letlalo la hao lera lena le le sireletsang ’me ho baka mathata a kang a letlalo le omeletseng. Litsebi tse ngata li buella hore moriri kapa letlalo o hlatsuoe ha o se o le litšila. Batho ba nang le moriri o mafura ba tlameha ho o hlatsoa hangata ho feta ba nang le moriri o tloaelehileng kapa o omeletseng.

Ha u hlatsoa hlooho, silila letlalo. Sena se tlosa lisele tse shoeleng letlalong ’me se etsa hore mali a phalle hantle, e leng ’ona a fepang moriri oa hao. Hopola ho o pulutsa hantle! Haeba u sa pulutsa matsoho ha u qeta ho a hlatsoa ka sesepa, letlalo la hao le ne le tla omella ebe lea peperana. Ka ho tšoanang, haeba hlooho e sa pulutsoa hantle ka mor’a hore e hlatsuoe, letlalo le ka ’na la omella ’me la khakhapheha.

P: Letlalo le omeletseng le ka hlokomeloa joang?

K: Noa metsi a mangata ’me u je lijo tse hahang ’mele. Sena se fa letlalo metsi le ho fepa mali. Sebelisa sesepa (shampoo) se seng matla haholo, ’me u silile letlalo la hao kamehla. Batho ba bang ba boetse ba sebelisa litlolo tse sa pulutsoeng le tse ngobetsang letlalo.

Ho Etsa Setaele sa Moriri

P: Motho o lokela ho hopola eng ha a e-ea ho motho ea lokisang moriri?

K: Haeba u batla ho fetola setaele sa hao sa moriri, tloo le setšoantšo sa setaele seo u se batlang, mohlomong le sa seo u sa se batleng. Hlalosa seo u se batlang u sa tsilatsile hammoho le nako eo u batlang ho e qeta ha u hlokomela moriri letsatsi ka leng, kaha litaele tse ling tsa moriri li hloka tlhokomelo e eketsehileng ho feta tse ling. Hopola hore hangata ho hlokahala makhetlo a mabeli kapa a mararo hore motho ea u lokisang moriri a tsebe moriri oa hao le hore a be le puisano e ntle le uena. Ka hona, u se ke ua phakisa ua mo fella pelo!

Se Senoloang ke Moriri oa Hao

Tlhokomelo ea moriri le setaele sa oona ke litsela tse ling tsa ho itlhalosa. Moriri o ’nile oa kutoa, oa atolosoa, oa otlolloa, oa hareloa, oa fetoloa ’mala le ho kangoa litaele tse fapa-fapaneng e le ho khema le lifeshene, litumelo tsa bolumeli haesita le likhopolo tsa sechaba le tsa lipolotiki. Hlahlobisisa moriri oa hao. O senola eng ka uena? Moriri o matlafetseng o kangoang setaele se setle o khabisa mong’a oona ’me o ratoa le ke ba bang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona sehlooho “Alopecia—Living in Silence With Hair Loss,” tokollong ea Tsoha! (ea Senyesemane) ea April 22, 1991.

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Ho ja lijo tse hahang ’mele le ho noa metsi a mangata ho ka u thusa ho phekola letlalo la hlooho le omeletseng

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ho ba le moriri o moputsoa ke karolo ea tlhaho ea ho tsofala

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ho hlatsoa moriri khafetsa ho ka tima letlalo mafura a le sireletsang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela