Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 126
  • Jesu o ne a Shebahala Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o ne a Shebahala Joang?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Seo e seng ’nete ka chebahalo ea Jesu
  • Jesu e ne e le Motho ea Joang ka Litšobotsi?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Jesu o ne a Sheba Hala Joang?
    Tsoha!—1998
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ho Hlahlobisisa Moriri oa Hao
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 126
Setšoantšo sa Jesu se nang le khanya ka morao

Jesu o ne a Shebahala Joang?

Karabo ea Bibele

Ha ho na motho ea tsebang hantle hore na Jesu o ne a shebahala joang hobane Bibele ha e bue ka ponahalo ea hae. Sena ke bopaki ba hore ponahalo ea Jesu e ne e se ntho ea bohlokoa. Leha ho le joalo, Bibele e re fa leselinyana la hore na Jesu o ne a shebahala joang.

  • Tsela eo a neng a shebahala ka eona: Jesu e ne e le Mojuda ’me o ne a e-na le litšobotsi tsa Bajuda tseo a li futsitseng ho ’mè oa hae. (Baheberu 7:​14) Ha ho bonahale eka o ne a shebahala ka tsela e fapaneng le ea batho ba bang. Ka linako tse ling, Jesu o ne a khona ho tloha Galilea a ee Jerusalema ho se motho ea elelloang hore ke eena. (Johanne 7:​10, 11) Leha a ne a e-na le barutuoa ba hae o ne a sa bonahale habonolo hobane o ne a tšoana le bona. Ke kahoo ha letšoele le neng le tšoere libetsa le batla Jesu, Judase Iskariota a ileng a tlameha ho ba bontša eena.​—Matheu 26:​47-​49.

  • Bolelele ba moriri oa hae: Ho ka se etsahale hore ebe Jesu o ne a e-na le moriri o molelele, hobane Bibele e re “haeba monna a e-na le moriri o molelele, ke tlhomphollo ho eena.”​—1 Bakorinthe 11:14.

  • Litelu tsa hae: Jesu o ne a e-na le litelu. O ne a latela molao oa Bajuda o neng o sa lumelle banna ba baholo ba Bajuda hore ‘ba senye mathoko a litelu tsa bona.’ (Levitike 19:​27; Bagalata 4:4) Bibele e bua ka litelu tsa Jesu boprofeteng bo buang ka ho hlorisoa ha hae.​—Esaia 50:6.

  • Sebopeho sa ’mele oa hae: Bibele e hlalosa kamoo Jesu a neng a phetse hantle kateng. Ha a ne a etsa tšebeletso ea hae ea ho bolela litaba tse molemo, o ne a tsamaea maeto a malelele. (Matheu 9:​35) Ka makhetlo a mabeli, o ile a etsa bonnete ba hore borapeli ba Bajuda bo lula bo hloekile, a phethola litafole tsa ba neng ba qhekella batho ka chelete, a ba a leleka linku le likhomo a sebelisa sephali. (Luka 19:​45, 46; Johanne 2:​14, 15) Cyclopedia ea McClintock le Strong e re: “Tlaleho ea boevangeli e hlalosa kamoo Jesu a neng a phetse hantle ebile a le matla kateng.”​—Volume IV, leqephe 884.

  • Ponahalo ea sefahleho sa hae: Jesu o ne a le mosa a bile a e-na le kutloelo-bohloko ’me ha ho pelaelo hore sefahleho sa hae se ne se bontša seo. (Matheu 11:​28, 29) Batho ba mefuta eohle ba ne ba ea ho eena bakeng sa ho fumana thuso le matšeliso. (Luka 5:​12, 13; 7:​37, 38) Le bana ka ho tšoanang ba ne ba ikutloa ba sireletsehile ha ba ne ba e-na le eena.​—Matheu 19:​13-​15; Mareka 9:​35-​37.

Seo e seng ’nete ka chebahalo ea Jesu

Seo e seng’nete: Batho ba bang ba lumela hore Jesu e ne e le Moafrika hobane buka ea Tšenolo e tšoantša moriri oa Jesu le boea ba nku le hore maoto a hae a ne a tšoana le “koporo e hloekileng.”​—Tšenolo 1:​14, 15, The New Jerusalem Bible.

Seo e leng ’nete: Lengolo la Tšenolo ke buka ea “lipontšo” kapa lipapiso. (Tšenolo 1:1) Tlhaloso ea moriri le maoto a Jesu ke tšoantšiso e neng e bontša makhabane ao Jesu a neng a tla ba le ’ona ka mor’a hore a tsosoe bafung, eseng ponahalo ea ha a ne a le lefatšeng. Tšenolo 1:​14 e bua ka ’mala eseng ponahalo ha e etsa papiso e reng: “hlooho ea hae le moriri oa hae li ne li le tšoeu joaloka boea bo bosoeu, joaloka lehloa”. Taba ea hore o na le moriri o mosoeu e bontša hore o bohlale ka lebaka la hore khale a le teng. (Tšenolo 3:​14) Temana ena ha e bolele hore moriri oa Jesu o tšoana le ulu kapa hona hore o joaloka lehloa.

Maoto a Jesu a ne a tšoana le “koporo e hloekileng ha e hlenne ka seboping.” (Tšenolo 1:​15) Hape sefahleho sa hae “se ne se le joaloka letsatsi ha le khanya ka matla a lona.” (Tšenolo 1:​16) Joalokaha ho se na morabe o nang le lebala leo , e tlameha hore ebe tšoantšiso ena ke pono e bontšang Jesu e le “ea lulang leseling le sa atameleheng.”​—1 Timothea 6:16.

Seo e seng ’nete: Jesu o ne a se na matla ebile a fokola.

Seo e leng ’nete: Boitšoaro ba Jesu bo ne bo bontša hore ke motho ea holileng ka ho lekaneng. Ka mohlala, o ile a itsebahatsa ho sehlopha se neng se tšoere libetsa se batla ho mo tšoara. (Johanne 18:​4-8) Hape e tlameha ebe Jesu o ne a le matla kaha e ne e le ’metli oa mapolanka a sebelisa lithulusi tsa matsoho.​—Mareka 6:3.

Joale, ke hobane’ng ha Jesu a ile a hloka thuso ea ho jarisoa palo eo a neng a tl’o bolaeloa ho eona? Hona ke hobane’ng ha a ile a hlokahala pele ho batho bao a neng a tl’o bolaoa le bona? (Luka 23:​26; Johanne 19:​31-​33) Pele a bolaoa, o ile a hlorisoa habohloko. O ile a qeta bosiu kaofela a sa robale hobane o ne a saretsoe haholo. (Luka 22:​42-​44) Bajuda ba ile ba hlorisa Jesu bosiu ’me letsatsing le latelang hoseng, Baroma ba ile ba mo hlokofatsa. (Matheu 26:​67, 68; Johanne 19:​1-3) Liketso tsena li ile tsa etsa hore Jesu a shoe kapele.

Seo e seng ’nete: Jesu o ne a lula a hloname.

Seo e leng ’nete: Jesu o ne a bonahatsa botho ba Ntate oa hae ea leholimong e leng Jehova, eo Bibele e mo hlalosang e le “Molimo ea thabileng.” (1 Timothea 1:​11; Johanne 14:9) Ha e le hantle, Jesu o ile a ruta batho hore le bona ba thabe. (Matheu 5:​3-9; Luka 11:​28) Lintlha tsena li bontša hantle hore sefahleho sa Jesu se ne se bontša hore ke motho ea thabileng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela