Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 12/8 maq. 22-25
  • Jesu o ne a Sheba Hala Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o ne a Sheba Hala Joang?
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Boleloang ke Histori ea Lefatše
  • Bibele le Ponahalo ea Jesu
  • Jesu o ne a sa Fokole
  • Na Ponahalo ea Hae ke ea Bohlokoa?
  • Jesu e ne e le Motho ea Joang ka Litšobotsi?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Jesu o ne a Shebahala Joang?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Jesu Kreste e ne e le Mang?
    Tsoha!—1998
  • “Bonang, Motho ke Enoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 12/8 maq. 22-25

Jesu o ne a Sheba Hala Joang?

BOPAKI ba histori ea lefatše mabapi le hore na Jesu o ne a shebahala joang bo susumetsoa haholo ke mabaka a ’maloa. Sena ke sona se hlalosang phapang e khōlō tseleng eo litšoantšo tsa hae li ’nileng tsa etsoa ka eona.

Mabaka a mabeli a bakang sena ke setso sa naha le nako eo setšoantšo se entsoeng ka eona. Ho phaella moo, litumelo tsa bolumeli tsa baetsi ba litšoantšo le tsa ba ba fileng mosebetsi oo li ile tsa ama tsela eo litšoantšo tsa Jesu li ’nileng tsa etsoa ka eona.

Ka makholo a lilemo, baetsi ba litšoantšo ba tummeng ba kang Michelangelo, Rembrandt le Rubens ba ’nile ba lebisa tlhokomelo e khōlō ponahalong ea Kreste. Hangata li khabisitsoe ka matšoao le mehlolo, litšoantšo tsa bona li bile le tšusumetso e khōlō kutloisisong e akaretsang ea hore na Jesu o ne a shebahala joang. Empa litlhaloso tsa bona li ne li thehiloe hokae?

Se Boleloang ke Histori ea Lefatše

Litšoantšo tse bileng teng pele ho Moemphera Constantine oa Roma, ea phetseng hoo e ka bang 280 ho ea ho 337 C.E., hangata li tšoantšitse Jesu e le “Molisa ea Molemo” e monyenyane, a le moriri o harelaneng o mokhutšoanyane, kapa o molelele. Empa mabapi le sena, buka ea Art Through the Ages e re: “E le sehlooho, Molisa ea Molemo a ka latellisoa ho tloha Linthong tsa Khale [tsa bohetene] tsa Magerike ho fihlela litšoantšong tsa Baegepeta, empa mona o emela mosireletsi ea tšepahalang oa mohlape oa Bakreste.”

Ha nako e ntse e feta, tšusumetso ena ea bohetene e ile ea hlahella ka ho eketsehileng. Buka eo ea phaella: “Ho ne ho ka ba bonolo hore Jesu a tšoantšoe le melimo e meng e tloaelehileng ea sebakeng sa Mediterranean, haholo-holo Helios (Apollo), molimo oa letsatsi [eo hamorao selikalikoe sa hae sa khanya se ileng sa fuoa Jesu, ka mor’a hae sa fuoa “bahalaleli”], kapa tšobotsi ea hae ea bochabela e boroma, Sol Invictus (Letsatsi le sa Hlōloeng).” Lebitleng le leholo le ileng la sibolloa ka tlas’a St. Peter’s Roma, ha e le hantle moo ho entsoe setšoantšo sa Jesu se mo hlahisang e le Apollo “a qhoba lipere tsa koloi ea letsatsi ho pholletsa le maholimo.”

Leha ho le joalo, setšoantšo sena se mo bontšang e le mocha ha sea ka sa nka nako e telele. Bukeng ea hae e reng Christian Iconography, Adolphe Didron o bolela se ileng sa etsahala: “Setšoantšo sa Kreste seo qalong e neng e le sa mocha, se ntse se hōla ha makholo a lilemo a ntse a feta . . . ha lilemo tsa Bokreste li ntse li tsoela pele.”

Buka ea lekholong la bo13 la lilemo e ngotsoeng joalokaha eka ke lengolo le neng le tsoa ho motho e mong ea bitsoang Publius Lentulus le ea ho Senate sa Roma, e fana ka tlhaloso ea ponahalo ea Jesu, e bolela hore o ne a e-na le “moriri o ’mala oa makotomane a e-song ho butsoe [bosootho bo sa loeang], ’me o otlolohile ho ea fihla litsebeng, empa ho tloha litsebeng o harelane ’me ’mala oa oona o batla o loile o bile o benya haholoanyane, o harelane ’me o lepellela mahetleng; o butsoe tsela har’a hlooho . . . , sefahleho sa hae se tletse litelu tse ’mala oa moriri oa hae, li se telele, empa li batla li qalikane selelung; . . . mahlo a le maputsoa . . . ’me a hlakile.” Setšoantšo sena seo eseng sa sebele se qeteletse se susumelitse baetsi ba litšoantšo ba bangata. New Catholic Encyclopedia e re: “Batho ba mehla e fapaneng ba ile ba iqapela setšoantšo sa Kreste seo ba se ratang.”

Ka tsela e tšoanang, merabeng e fapaneng le malumeling a fapaneng setšoantšo sa Kreste se ne se etsoa ka litsela tse sa tšoaneng. Litšoantšo tsa bolumeli tse tsoang libakeng tseo baromuoa ba neng ba le ho tsona Afrika, Linaheng tsa Amerika le Asia li bontša Kreste oa Bophirimela ea moriri o molelele; empa encyclopedia e hlokometse hore ka linako tse ling ho ’nile ha kenyelletsoa le “litšobotsi tsa batho ba sebaka ka seng” ponahalong ea hae.

Maprostanta le ’ona a ’nile a e-ba le baetsi ba ’ona ba litšoantšo, ’me ba ’nile ba etsa litšoantšo tsa Kreste ka tsela ea bona. Bukeng ea hae ea Christ and the Apostles—The Changing Forms of Religious Imagery, F. M. Godfrey o re: “Kreste oa Rembrandt ea mahlomoleng o simoloha khopolong ea Maprostanta, [ea Kreste] ea hlomohileng, ea mamaraneng, ea se nang botsoalle, . . . ea emelang botho bo ka hare ba ho itšoara ka thata ha Moprostanta.” O re sena se bonoa “ho fokoleng ha ’mele oa Hae, ho itšoareng ka thata [ho itima tse ngata], ‘boikokobetsong, ho hlomoleng le ho sithabeleng’ tseo [Rembrandt] a neng a nahana hore ke lineano tsa Bokreste.”

Leha ho le joalo, joalokaha re tla bona hona joale, setšoantšo sa Kreste ea fokotseng, ea nang le selikalikoe sa khanya ho potoloha hlooho, ea tletseng bosali, ea hlonameng, ea moriri o molelele, seo hangata se hlahang litšoantšong tsa Bokreste-’mōtoana, ha sea nepahala. Bonneteng, se fapane hōle le Jesu ea ka Bibeleng.

Bibele le Ponahalo ea Jesu

E le “Konyana ea Molimo,” Jesu o ne a se na sekoli, kahoo, ha ho pelaelo hore e ne e le monna ea shebahalang hantle. (Johanne 1:29; Baheberu 7:26) ’Me ka sebele o ne a ke ke a ba le ponahalo ea ho hlonama kamehla eo litšoantšo tse tloaelehileng li mo bontšang a e-na le eona. Ke ’nete hore o ile a feta liketsahalong tse ngata tse utloisang bohloko bophelong ba hae, empa bothong ba hae bo tloaelehileng, o ne a bonahatsa hantle seo Ntate oa hae a leng sona, “Molimo ea thabileng.”—1 Timothea 1:11; Luka 10:21; Baheberu 1:3.

Na moriri oa Jesu o ne o le molelele? Ke Banazari feela ba neng ba sa tlameha ho kuta moriri oa bona leha e le ho noa veine, ’me Jesu e ne e se Monazari. Kahoo, ha ho pelaelo hore o ne a kuta moriri oa hae ka makhethe joaloka monna leha e le ofe oa Mojuda. (Numere 6:2-7) O ne a boetse a thabela ho noa veine ka boitekanelo ha a e-na le ba bang, ’me sena se tiisa maikutlo a hore e ne e le motho ea thabileng. (Luka 7:34) Ka sebele, o ile a etsa veine ka mohlolo moketeng oa lechato o neng o le Kana, Galilea. (Johanne 2:1-11) ’Me ho hlakile hore o ne a e-na le litelu, e leng se tiisoang ke boprofeta bo mabapi le mahlomola a hae.—Esaia 50:6.

Ho thoe’ng ka lebala la Jesu le litšobotsi tsa hae? Li ne li tšoana le tsa Bajuda. Ho ka etsahala hore ebe o ne a futsitse litšobotsi tsena ho ’mè oa hae, Maria, eo e neng e le Mojuda. Baholo-holo ba hae e ne e le Bajuda, lelokong la Baheberu. Kahoo, mohlomong Jesu o ne a e-na le lebala le litšobotsi tse tloaelehileng tsa Bajuda.

Kamoo ho bonahalang kateng, esita le ka har’a baapostola ba hae, Jesu o ne a sa shebahale ka tsela e fapaneng, kaha Judase o ile a tlameha ho mo eka ho lira tsa hae ka hore a mo ake e le ho mo khetholla. Ka hona, Jesu o ne a ka tsoakana habonolo feela le letšoele. ’Me o ile a etsa joalo hobane bonyane ketsahalong e ’ngoe, o ile a tloha Galilea, a ea Jerusalema ho se motho ea mo lemohang.—Mareka 14:44; Johanne 7:10, 11.

Leha ho le joalo, ba bang ba etsa qeto ea hore e tlameha ebe Jesu o ne a fokotse. Ke hobane’ng ha ba bua joalo? Hobane o ile a hloka thuso ho jareng thupa ea hae ea tlhokofatso. Hape, ke eena ea ileng a shoa pele banneng ba bararo ba neng ba khokhothetsoe thupeng.—Luka 23:26; Johanne 19:17, 32, 33.

Jesu o ne a sa Fokole

Ho fapana le neano, Bibele ha e hlalose Jesu e le ea neng a fokotse kapa a le bosali. Ho e-na le hoo, e bolela hore esita leha a sa le mocha, o ile “a tsoela pele ho hatela pele bohlaleng le khōlong ea ’mele le ho amoheleheng ho Molimo le batho.” (Luka 2:52) Ka lilemo tse ka bang 30, e ne e le ’metli. Ho bonahala mosebetsi oo e se oa motho ea ’mele o fokolang kapa ea tetemang, haholo-holo mehleng eo ea ha ho ne ho se na mechine e tsoetseng pele, e fokotsang mosebetsi. (Mareka 6:3) Hape, Jesu o ile a leleka likhomo, linku le ba ananyang ka chelete ka tempeleng, ’me a phethola litafole tsa ba ananyang chelete. (Johanne 2:14, 15) Sena le sona se bontša motho ea bonna, ea matla ’meleng.

Lilemong tse tharo le halofo tsa ho qetela tsa bophelo ba hae lefatšeng, Jesu o ile a tsamaea lik’hilomithara tse makholo maetong a hae a boboleli. Leha ho le joalo, ha ho mohla barutuoa ba kileng ba etsa tlhahiso ea hore a “phomole hanyenyane.” Ho e-na le hoo, Jesu o ile a re ho barutuoa bana, bao ba bang ba bona e neng e le batšoasi ba matla ba litlhapi: “Tloong, lōna ka bolōna, boinotšing sebakeng se ka thōko ’me le phomole hanyenyane.”—Mareka 6:31.

Ka sebele, Cyclopædia ea M’Clintock le Strong e bolela hore “tlaleho eohle ea boevangeli e bontša hore [Jesu o ne a] phetse hantle a bile a le matla ’meleng.” Joale ke hobane’ng ha a ne a hloka thuso hore a jare thupa ea hae ea tlhokofatso, hona ke hobane’ng ha a ile a shoa pele ho ba bang ba neng ba khokhothetsoe le eena?

Lebaka le leng le ka sehloohong ke mahlomola a feteletseng. Ha nako ea ho bolaoa ha Jesu e atamela, o ile a re: “Ka sebele, ke na le kolobetso eo ke lokelang ho kolobetsoa ka eona, ’me ke mahlomoleng hakaakang ho fihlela e qetoa!” (Luka 12:50) Mahlomola ana a ile a hōla ho fihlela e le ‘bohloko bo otlang pelo’ bosiung ba hae ba ho qetela: “Ha a e-ba bohlokong bo otlang pelo a tsoela pele ho rapela ka tieo haholoanyane; ’me mofufutso oa hae oa e-ba joaloka marotholi a mali a rothelang fatše.” (Luka 22:44) Jesu o ne a tseba hore monyetla oa hore moloko oa batho o phele ka ho sa feleng o ne o itšetlehile ka ho tšepahala ha hae ho fihlela lefung. O ne a imetsoe hakaakang! (Matheu 20:18, 19, 28) O ne a boetse a tseba hore batho ba Molimo ba ne ba tla mo bolaea joaloka senokoane se “malimabe.” Kahoo, o ne a amehile ka hore seo se ne se ka tlisetsa Ntate oa hae thohako.—Bagalata 3:13; Pesaleme ea 40:6,7; Liketso 8:32.

Ka mor’a ho ekoa, o ile a mamella bokhopo bo bongata. Nyeoeng ea bohata e ileng ea tšoaroa nako e telele ka mor’a khitla, ba boholong naheng eo ba ile ba mo soma, ba mo tšoela ka mathe, ’me ba mo otla ka litebele. Ho ile ha e-ba le nyeoe e ’ngoe ka meso letsatsing le latelang moo ho neng ho fanoa ka ponahalo ea bohata ea hore nyeoe ea bosiu e ne e le tumellanong le molao. Teng, Jesu o ile a hlongoa lipotso ke Pilato; joale ha latela Heroda eo eena le masole a hae ba ileng ba mo soma; joale Pilato a mo hloma lipotso hape. Qetellong, Pilato o ile a nehelana ka eena hore a shapuoe. ’Me ena e ne e se chapo e tloaelehileng. The Journal of the American Medical Association e boletse tjena ka tsela eo Baroma ba neng ba shapa ka eona:

“Hangata ntho e sebelisoang e ne e e-ba sephali se sekhutšoanyane . . . se nang le marapo a letlalo a ’maloa a arohaneng kapa a lohiloeng a bolelele bo fapa-fapaneng, ao ho ’ona ho neng ho tlamelloa libolo tse nyenyane tsa tšepe kapa likotoana tse bohale tsa masapo a linku ka ho sieana. . . . Ha masole a Roma a ne a shapa motho ka mokokotlong ka makhetlo-khetlo ka matla a maholo, libolo tsa tšepe li ne li baka matetetso a tebileng, ’me marapo a letlalo le masapo a linku a ne a seha letlalo le linama tse ka tlas’a letlalo. Joale, ha chapo ena e ntse e tsoela pele, maqeba ana a ne a hlenhlana ho ea fihla mesifeng e koahetseng masapo ’me a hlahisa linama tse leketlileng tse ntseng li thothomela tse lutlang mali.”

Ka ho hlakileng, ho ka etsahala hore ebe matla a Jesu a ile a fokotseha nako e telele pele a ka lihuoa ke boima ba thupa eo a neng a e jarile. Ha e le hantle, The Journal of the American Medical Association e itse: “Tlhokofatso ea ’mele le ea maikutlo eo Bajuda le Baroma ba ileng ba mo hlokofatsa ka eona, hammoho le ho se je, ho se noe le ho se robale, le tsona li ile tsa tlatsetsa boemong ba hae ba ho fokola. Ka lebaka leo, le pele a ka thakhisoa, boemo ba Jesu ba ’mele bo ne bo hlile bo le bobe hoo mohlomong a neng a ka ’na a shoa.”

Na Ponahalo ea Hae ke ea Bohlokoa?

Ho tloha tlhalosong ea bohata ea setšoantšo sa Lentulus ho fihlela libukeng tsa baetsi ba litšoantšo ba hloahloa ba tummeng le ho fihlela lifensetereng tsa kajeno tse nang le litšoantšo, ho bonahala Bokreste-’mōtoana bo hoheloa ke se hapang leihlo. Moarekabishopo e mong oa Turin eo e leng mohlokomeli oa Shroud of Turin e tsosang khang, o re: “Matla a khethehileng a nang le tšusumetso a setšoantšo sa Jesu Kreste a lokela ho bolokoa.”

Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo ha le hlahise ka boomo makolopetso a joalo a “susumetsang” a ponahalo ea Jesu. Hobane’ng? A ne a ka ’na a fifatsa se boleloang ke bophelo bo sa feleng—e leng tsebo ea Bibele. (Johanne 17:3) Jesu ka boeena—mohlala oa rōna—‘ha a talime’ kapa ho nka “ponahalo ea ka ntle ea batho” e le ea bohlokoa. (Matheu 22:16; bapisa le Bagalata 2:6.) Ho hatisa ponahalo ea Jesu eo ho seng moo ho builoeng ka eona Likosepeleng tse bululetsoeng ke ho hanyetsa seo li se bolelang. Ha e le hantle, joalokaha re tla bona sehloohong se latelang, Jesu ha a sa le boemong ba motho oa nama.a

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ha e le hantle, ho sebelisa litšoantšo tse kopanyelletsang le Jesu thutong ea Bibele ha ho na kotsi. Tsena li hlaha hangata likhatisong tsa Mokhatlo oa Watch Tower. Leha ho le joalo, ha ho na moo ho etsoang boiteko ba ho sebelisa mehlolo, ba ho etsa hore ea shebelletseng a hlolloe kapa ba ho buella likhopolo tseo e seng tsa Mangolo, litšoantšo kapa tlhompho ea borapeli.

[Litšoantšo tse leqepheng la 25]

Kreste ea fokotseng, ea pulufetseng eo baetsi ba litšoantšo ba Bokreste-’mōtoana ba entseng setšoantšo sa hae se fapaneng le setšoantšo sa Jesu se thehiloeng litlalehong tsa Bibele

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Jesus Preaching at the Sea of Galilee by Gustave Doré

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela