Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 12/8 leq. 21
  • Jesu Kreste e ne e le Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu Kreste e ne e le Mang?
  • Tsoha!—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o ne a Sheba Hala Joang?
    Tsoha!—1998
  • Jesu e ne e le Motho ea Joang ka Litšobotsi?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Jesu o ne a Shebahala Joang?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 12/8 leq. 21

Jesu Kreste e ne e le Mang?

Linaheng tse ngata lefatšeng ka bophara, ka nako ena ea selemo ho ba le mekete ea Keresemese. Batho ba limilione tse makholo ba lumela hore Jesu Kreste o ne a tsoaloe ka la 25 December, lilemong tse ka bang 2000 tse fetileng. Litšoantšo tse pentiloeng le tse betliloeng li mo hlahisa ka litsela tse sa tšoaneng e le lesea le ka sejelong. Empa ho hlakile hore o ile a hōla ea e-ba monna ’me a phela lefatšeng ka lilemo tse 33 1/2.

NA U se u kile ua ipotsa hore na ebe Jesu o ne a shebahala joang ha e le motho e moholo? Lebala la hae le ne le le joang? Na o ne a koenne ’me e le tjaka, kapa o ne a fokola ’me a bonahala eka oa kula, joalokaha baetsi ba litšoantšo ba sa tšoaneng ba ’nile ba mo tšoantša ho theosa le makholo a lilemo? Na o ne a se na litelu kapa o ne a e-na le tsona? Na o ne a e-na le moriri o molelele?

Hape, na Jesu o ne a e-na le khanya ea khalalelo e kang selikalikoe sa khanya se potolohang hlooho ea hae, joalokaha baetsi ba bang ba litšoantšo ba tšoantša seo? Kapa o ne a se joalo—e leng hore o ne a se na litšobotsi tse joalo tse mo khethollang empa o ne a tšoana le batho bohle?

Ka lilemo, bo-rahistori le baetsi ba litšoantšo bao e seng balumeli ba ’nile ba hlahisa maikutlo a hanyetsanang mabapi le chebahalo ea Jesu. Ho phaella moo, ho boetse ha fanoa ka boitsebiso bo ka tšeptjoang litlalehong tse ngotsoeng ka eena ke bangoli ba Bibele bao e leng lipaki tse boneng ka mahlo tse phetseng lekholong la pele la lilemo ’me e ne e le metsoalle ea hae.

Leha ho le joalo, lipotso tse latelang ke tsa bohlokoa haholo ho feta tsa hore na o ne a shebahala joang: Ha e le hantle Jesu Kreste e ne e le mang? O phetha karolo efe morerong oa Molimo? Na o phethile karolo eo? Boemo ba hae ke bofe kajeno, ’me o hokae? Na o na le boemo ba bohlokoa hoo bo ka amang moloko oohle oa batho, esita le ba bangata ba shoeleng?

Pele, a re hlahlobeng bopaki bo mabapi le ponahalo ea Jesu. O ne a shebahala joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela