Liphofu Tse ka Sehloohong Tsa Soviet Union
HO SA tsotellehe menyetla eo Soviet Union e ileng ea e etsetsa Kereke ea Orthodox ea Russia e le hore e tle e hlōle Ntoa ea II ea Lefatše, e ile ea ’na ea tsoela pele ho khina mesebetsi ea kereke. Ka hona, joalokaha buka ea The Sword and the Shield, e ngotsoeng ka 1999 ka histori ea KGB (Komiti ea Tšireletso ea ’Muso oa Soviet Union) e ile ea hlokomela, “KGB e ne e amehile haholo ka mosebetsi oa ‘bofetoheli’ oa Bakreste bao e sa ba laoleng ka ho toba.” Lihlopha tsee tsa bolumeli e ne e le life?
Se seholo ka ho fetisisa e ne e le Kereke e K’hatholike ea Bagerike ea Ukraine, eo hona joale e leng Kereke e K’hatholike ea Ukraine. E ne e e-na le balateli ba 4 000 000. Ho latela The Sword and the Shield, “babishopo ba eona ba robeli ho ba leshome, hammoho le baprista ba likete-kete le balumeli, ba ile ba shoela tumelo ea bona gulag ea Siberia [likampong tsa mosebetsi o boima].” KGB e ne e boetse e shebile likereke tse sa ngolisoang tsa Prostanta, tseo le tsona li neng li sa laoloe ka ho toba ke ’Muso. Mafelong a bo-1950, KGB e ile ea hakanyetsa hore lihlopha tsena tsa Maprostanta li ne li e-na le palo ea litho tse ka bang 100 000.
KGB e ne e nka Lipaki tsa Jehova e le sehlopha sa Maprostanta, tseo ba neng ba hakanyetsa hore li ne li le 20 000 Soviet Union ka 1968. Ho fihlela ha Ntoa ea II ea Lefatše e qhoma ka 1939, Lipaki li ne li fokola ka palo. Ka hona, li ne li sa natsoe. Empa boemo bo ile ba fetoha ha Lipaki tse likete li e-ba teng ka tšohanyetso Soviet Union. See se etsahetse joang?
Ho Qaleha ha Keketseho e Hapang Tlhokomelo
Bukeng ea hae ea Religion in the Soviet Union, e hatisitsoeng ka 1961, Walter Kolarz o ile a hlokomela mabaka a mabeli a entseng hore ho be le keketseho ena e hapang tlhokomelo. O hlokometse hore la pele ke hobane “libaka tse ileng tsa kopanngoa le Soviet Union ka 1939 ho ea ho 1940”—Latvia, Lithuania, Estonia le Moldavia—li ne li e-na le “lihlopha [tse ngata] tse mafolofolo tsa Lipaki tsa Jehova.” Ho phaella moo, likarolo tsa Poland e ka bochabela le Czechoslovakia, tseo le tsona li neng li e-na le Lipaki tse fetang sekete, li ile tsa kopanngoa le Soviet Union, ea e-ba karolo ea Ukraine. Ka hona, ka tšohanyetso Lipaki tsena tsohle li ile tsa iphumana li se li lula Soviet Union.
Kolarz o ngotse hore mokhoa o mong oa keketseho ea tsona “le hoja o ka ’na oa se kholoe,” o hlahile “likampong tsa mahloriso tsa Majeremane.” Manazi a ne a koaletse Lipaki tse likete chankaneng ka lebaka la ho hana ha tsona ho tšehetsa Hitler le ntoa ea hae e mabifi. Kolarz o hlalositse hore batšoaruoa ba Russia likampong tsena “ba ile ba khahloa ke sebete le ho tiea ha ‘Lipaki’ ’me ka lebaka leo, mohlomong ba khahloa ke thuto ea tsona ea bolumeli.” Ka lebaka leo, Marussia a mangata a macha a ile a khutla likampong tseo ’me a tla Soviet Union a se a e-na le tumelo e ncha ho Jehova Molimo le morero oa hae o babatsehang ka lefatše.—Pesaleme ea 37:29; Tšenolo 21:3, 4.
Ka mabaka a kang ao, ho ile ha e-ba le Lipaki tse likete ka potlako Soviet Union. Mathoasong a 1946, bonyane ho ne ho e-na le tse 1 600 ’me ha selemo sa 1950 se se se tla qala, ho ne ho e-na le tse fetang 8 000. Khōlo ena e ile ea lemohuoa ka tšabo ke KGB, eo joalokaha re bone pejana, e neng e amehile ka ho khetheha ka “mesebetsi ea Bakreste bao e neng e sa ba laole ka ho toba.”
Ho Qaloa Litlhaselo
Ho sa tsotellehe palo e nyenyane ea Lipaki Soviet Union, mosebetsi oa tsona oa ho bolela ka cheseho o ile oa hlaseloa ka potlako ke balaoli ba Soviet Union. Estonia, tlhaselo e ile ea qala ka August 1948 ha batho ba bahlano ba etellang pele mosebetsi ba ne ba tšoaroa ’me ba kenngoa chankaneng. Lembit Toom, Paki e ’ngoe ea Estonia e ile ea re: “Ho ile ha hlaka hang hore KGB e ne e batla ho tšoara e mong le e mong.” Ho ile ha fela ha e-ba joalo kae kapa kae moo Lipaki li neng li fumanoa teng Soviet Union.
Baeta-pele ba Soviet Union ba ile ba hlalosa Lipaki e le linokoane tse mpe ka ho fetisisa ’me ebile e le tšokelo e khōlō ’Musong oa Soviet Union o neng o latola boteng ba Molimo. Ka hona, li ne li tsongoa hohle, li tšoaroa le ho koalloa chankaneng. The Sword and the Shield e itse: “Mohlomong boikutlo bo fosahetseng ba liofisiri tse ka sehloohong tsa KGB ka Ma-Jehova e ne e le mohlala o feletseng oa ho hloka ha tsona ho leka-lekana ha li sebetsana le lintho esita le tseo e seng tsa bohlokoa hakaalo.”
Boikutlo bona bo fosahetseng bo ile ba bonahala ka ho hlakileng ka tlhaselo e neng e reriloe hantle e ileng ea e-ba khahlanong le Lipaki ka April 1951. Lilemong tse peli feela tse fetileng, ka 1999, Moprofesa Sergei Ivanenko, setsebi sa Lerussia se hlomphehang, o ile a hlokomela bukeng ea hae ea The People Who Are Never Without Their Bibles, hore mathoasong a April 1951, “malapa a fetang 5 000 a Lipaki tsa Jehova a tsoang lirephabliking tsa Soviet Union tsa Ukraine, Byelorussia, Moldavia le tsa Baltic a ile a romeloa ‘sebakeng se tsitsitseng sa bolulo’ Siberia, Bochabela bo Hōle le Kazakhstan.”
Li Tšoanela ho Hopoloa
Na u ka nahana boiteko bo neng bo entsoe tlhaselong eo—ho bokella malapa a likete a Lipaki sebakeng se seholo joalo ka letsatsi le le leng? Nahana ka mosebetsi oa ho kopanya batho ba makholo, haeba ba se likete, hore ba qale pele ka ho khetholla Lipaki, ebe joale bosiu, ba tsometsa malapa a tsona ka nako e le ’ngoe. Ka mor’a moo, ho ne ho e-na le mosebetsi oa ho palamisa batho likosekara, likariki le likoloi tse ling; ho ba isa liteisheneng tsa terene; ebe ba kenngoa ka matorokong.
Nahana hape ka mahlomola a bahlaseluoa. U nahana hore ho ne ho le joang ho qobelloa ho tsamaea lik’hilomithara tse likete—matsatsi a ka etsang libeke tse tharo kapa ho feta—ka makarecheng a tletseng tsoete! a bileng a sa hloekang ao ntloana e neng e le bakete? Hape nahana u lahleloa lefeelleng la Siberia, u tseba hantle hore u tla tlameha ho ikhoantlella tikolohong eo e letsoatlare hore u phele.
Khoeli ena e tšoaea selemo sa bo50 sa ho isoa botlamuoeng ha Lipaki tsa Jehova ka April 1951. Ho nkiloe video bakeng sa liphihlelo tsa ba ileng ba pholoha moo e le ho pheta pale ea botšepehi ba bona ho sa tsotellehe lilemo-lemo tsa mahloriso. Tsena li senola hore—feela joalokaha ho bile joalo ho Bakreste ba lekholong la pele la lilemo—boiteko ba ho thibela batho ho rapela Molimo qetellong bo ke ke ba atleha.
Seo ho Isoa Botlamuoeng ho se Finyeletseng
Baeta-pele ba Soviet Union ba ile ba hlokomela kapele hore ho thibela Lipaki ho rapela Jehova ho ne ho tla ba thata ho feta kamoo ba neng ba nahanne kateng. Ho sa tsotellehe khanyetso ea baholehi ba tsona, Lipaki li ile tsa bina lithoriso tsa Jehova ha li ne li qobelloa ho ea botlamuoeng ’me tsa maneha litereneng tseo li neng li li palame mengolo e reng: “Ho Palame Lipaki Tsa Jehova.” Paki e ’ngoe e ile ea hlalosa: “Liteisheneng tsa terene ha re le tseleng, re ile ra kopana le literene tse ling tse nkileng ba isoang botlamuoeng, ’me re ile ra bona mengolo e neng e manehuoe ho tsona.” See se ile sa fana ka khothatso e kaakang!
Ka hona, ho e-na le ho nyahama, ba neng ba isoa botlamuoeng ba ile ba bontša moea o tšoanang le oa baapostola ba Jesu. Bibele e re ka mor’a hore bana ba shapuoe le ho laeloa hore ba emise ho bolela, ba ile ba “tsoela pele ba sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo mabapi le Kreste.” (Liketso 5:40-42) Ka sebele, joalokaha Kolarz a ile a bolela ka ho isoa botlamuoeng hoo, “ena e ne e se pheliso ea ‘Lipaki’ Russia, e ne e mpa e le qalo ea khaolo e ncha mosebetsing oa tsona oa ho sokolla. Li bile tsa leka le ho buella tumelo ea tsona ha li ne li ema liteisheneng tseleng ha li e-ea botlamuoeng.”
Ha Lipaki li fihla libakeng tse fapa-fapaneng tseo li neng li isoa ho tsona ’me li theoloa, li ile tsa ba le botumo bo botle ba ho ba basebetsi ba mamelang, ba sebetsang ka thata. Empa ka nako e tšoanang, li etsisa baapostola ba Kreste, ha e le hantle li ne li bolella bahatelli ba tsona: ‘Re ke ke ra khaotsa ho bua ka Molimo oa rōna.’ (Liketso 4:20) Ba bangata ba ile ba mamela seo Lipaki li se rutang ’me ba kopanela le tsona ho sebeletseng Molimo.
Phello e bile joalokaha Kolarz a ile a hlalosa: “’Muso oa Soviet Union o ile oa li thusa hore tumelo ea tsona e jalehe ka ho li isa botlamuoeng. Li ntšitsoe motseng oabo tsona o neng o le ka thōko [lirephabliking tse ka bophirimela tsa Soviet Union], ‘Lipaki’ li ile tsa tlisoa lefatšeng le leholoanyane, le hoja lena e ne e le lefatše la mahlomola la likampo tsa mahloriso le la mosebetsi oa bokhoba.”
Boiteko ba ho Sebetsana le Keketseho
Ka mor’a nako, baeta-pele ba Soviet Union ba ile ba leka mefuta e fapaneng ea ho thibela Lipaki tsa Jehova. Kaha mahloriso a mabifi a ne a sitiloe ho hlahisa litholoana tseo ba neng ba li batla, ho ile ha etsoa ’momori o reriloeng hantle oa ho hasa mashano ka tsona. Libuka, lifilimi le mananeo a seea-le-moea—hammoho le ho khukhuneloa ha liphutheho ke baemeli ba koetlisitsoeng ba KGB—li ile tsa lekoa kaofela.
Ho ata ha boitsebiso bo fosahetseng ho ile ha etsa hore ka phoso batho ba bangata ba tšabe Lipaki ’me ba se ke ba li tšepa, e leng se pakoang ke sehlooho se seng se hlahileng ho Reader’s Digest ea August 1982, Khatiso ea Canada. Se ne se ngotsoe ke Vladimir Bukovsky, Lerussia le ileng la lumelloa hore le fallele Engelane ka 1976. O ngotse: “Mantsiboeeng a mang ha ke le London, ke ile ka bona mongolo mohahong o neng o baleha tjena: LIPAKI TSA JEHOVA . . . Ha kea ka ka bala ho ea pele, ke ne ke thotofalitsoe ho ea bohōleng boo ke neng ke tšaba.”
Vladimir o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a ne a ile a tšoha ho sa hlokahale: “Sena ke sehlotšoana sa borapeli seo ba boholong ba neng ba se sebelisa e le koko ho tšosa bana naheng ea heso . . . U.S.S.R., u kopana le ‘Lipaki’ ka nama lichankaneng le likampong tsa mahloriso feela. Joale mona ke ne ke le ka pel’a mohaho, ka pel’a mongolo.” O ile a botsa: “Na motho a ka hla a kena ’me a noa tee le tsona?” E le ho hatisa lebaka leo ka lona a neng a qoaile, Vladimir o ile a phetha ka ho re: “Naheng ea rōna, ‘Lipaki’ li ngoanyapisoa ka bohale bo boholo joalokaha Mafia e ngoanyapisoa linaheng tseo e leng ho tsona, ’me ka ho tšoanang ho na le ntho e sa utloisiseheng ka tsona ka bobeli.”
Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mahloriso a sehlōhō le mashano a neng a hasanngoa, Lipaki li ile tsa mamella ’me palo ea tsona ea eketseha. Libuka tsa Soviet Union tse kang The Truths About Jehovah’s Witnesses, tseo ho ileng ha hatisoa likopi tsa tsona tse 100 000 Russia ka 1978, li ile tsa buella tlhokahalo ea ho eketsa mashano a khahlanong le Lipaki. Sengoli V. V. Konik, ea hlalositseng kamoo Lipaki li neng li tsoela pele ka mosebetsi oa tsona tlas’a lithibelo tse matla, o ile a eletsa: “Babatlisisi ba bolumeli ba Soviet Union ba tlameha ho ithuta mekhoa e ka sebetsang haholoanyane ea ho hlōla lithuto tsa Lipaki tsa Jehova.”
Ke Hobane’ng ha e ne e le Tsona Liphofu Tse ka Sehloohong?
Ha e le hantle, Lipaki tsa Jehova e ne e le tsona liphofu tse ka sehloohong tsa tlhaselo ea Soviet Union hobane li ne li etsisa balateli ba pele ba Jesu. Lekholong la pele la lilemo, baapostola ba ile ba laeloa hore ‘ba se ke ba ’na ba ruta ka lebitso la Jesu.’ Leha ho le joalo, hamorao baqosi ba bona ba ile ba tletleba: “Bonang! le tlatsitse Jerusalema thuto ea lōna.” Baapostola ha baa ka ba hana hore ba ile ba bolela ho sa tsotellehe taelo eo ba neng ba e filoe ea hore ba se ke ba bolela, empa ho e-na le hoo, ba ile a arabela ka tlhompho: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:27-29.
Lipaki tsa Jehova kajeno li boetse li nka ka ho teba taelo ea Jesu ho balateli ba hae ea hore ba “bolelle batho le ho fana ka bopaki bo phethahetseng.” (Liketso 10:42) Bukeng ea hae ea The Kremlin’s Human Dilemma, Maurice Hindus o ile a hlalosa hore e ne e le “cheseho [ea Lipaki] e ke keng ea thijoa ea ho bolela evangeli” e ileng ea etsa hore “ka ho khetheha li be le khathatso Moscow le ho etsa hore li hohlane nako le nako le mapolesa a Soviet Union.” O ile a phaella: “U ke ke ua li thiba. Ha li hateletsoe sebakeng se itseng, li hlaha hape sebakeng se seng.”
Rahistori oa Lerussia Sergei Ivanenko o ngotse: “Kamoo ke tsebang kateng, mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova e ne e le oona feela mokhatlo oa bolumeli USSR oo palo ea oona e ileng ea eketseha ho sa tsotellehe thibelo le mahloriso tse neng li le teng.” Ke ’nete hore malumeli a mang le ’ona a ile a ’na a sebetsa, ho akarelletsa bo hlahelletseng haholo, e leng Kereke ea Orthodox ea Russia. U tla fumana e le ho thahasellisang ho tseba hore na kereke hammoho le Lipaki li ile tsa khona ho pholoha tlhaselo ea Soviet Union joang.
[Lebokose le leqepheng la 14]
“Ba Ileng ba Hlorisoa ka Sehlōhō ka ho Fetisisa”
A Concise Encyclopaedia of Russia ea 1964 e boletse hore Lipaki tsa Jehova li ne li le “mafolofolo haholo ho sokolleng” batho ’me ke tsona tseo e bileng “balumeli ba ileng ba hlorisoa ka sehlōhō ka ho fetisisa Soviet Union.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 15]
E Mong Oa Ba Likete Fyodor Kalin o Hlalosa ho Isoa ha Lelapa Labo Botlamuoeng
Lelapa leso le ne le lula motseng oa Vilshanitsa, Ukraine e ka bophirimela. Lefifing la ka meso ea la 8 April, 1951, liofisiri tse tsamaeang le lintja li ile tsa fihla, tsa re tsosa ’me tsa re bolella hore ho tsoile molao-taelo ’musong oa Moscow hore re isoe Siberia. Empa haeba re ne re ka saena tokomane e reng ha re sa le Lipaki tsa Jehova, re ne re ka lula. Lelapa leso la batho ba supileng, ho kopanyelletsa batsoali ba ka le banab’eso, kaofela re ne re ikemiselitse ho lula re le Lipaki. Ka nako eo ke ne ke le lilemo li 19.
Ofisiri e ’ngoe e ile ea re: “Le nke linaoa, poone, phofo, lijo tse kentsoeng libotlolong le makotikoting, k’habeche—ho seng joalo, le tla fepa bana baa eng?” Re ile ra boela ra lumelloa hore re hlabe likhoho le kolobe ’me re tsamaee le nama ea tsona. Ho ile ha tlisoa likariki tse peli tse huloang ke lipere, ha laeloa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me ra isoa toropong ea Hriplin. Teng, ba ka bang 40 kapa 50 ba rōna ba ile ba hlohleloa ka letorokong ’me lemati la koaloa.
Letoroko leo le ne le e-na le mapolanka a ’maloa ao re neng re ka robala ho ’ona—a sa aneleng bohle—’me ho ne ho e-na le setofo hammoho le mashala le patsi. Re ile ra pheha ka setofo seo, re sebelisa lipitsa tseo re tlileng le tsona. Empa ho ne ho se na ntloana—re ne re sebelisa bakete. Joale re ile ra bula lesoba fatše, ra kenya bakete eo ’me ra thibeletsa ka likobo ho e pota-pota e le hore ea e sebelisang a se bonoe ke ba bang.
Re ile ra lula ka letorokong leo re petetsane ha re ntse re tsamaea butle lik’hilomithara tse likete ho ea sebakeng seo re sa se tsebeng. Pele re ne re batla re nyahame. Empa ha re ntse re bina lipina tsa ’Muso hammoho—re bina ka cheseho hoo hamorao mantsoe a ileng a cha—re ile ra ikutloa re thabile. Molaoli o ne a ee a bule menyako ’me a re bolelle hore re khaotse, empa re ne re sa khaotse ho fihlela ha re qetile. Ha re ema liteisheneng tse ling tseleng, ba bangata ba ile ba tseba hore Lipaki tsa Jehova li ne li isoa botlamuoeng. Qetellong, ka mor’a matsatsi a 17 kapa 18 re le ka letorokong leo, re ile ra siuoa Siberia pela Letša la Baikal.
[Setšoantšo]
Ke eme moleng o ka morao, ka ho le letona
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 16]
Armageddon—Filimi ea Soviet Union ea ho Hasa Leshano
Baeta-pele ba Soviet Union ba ile ba hlahisa filimi e bitsoang Armageddon moo ba lekang ho senya botumo ba Lipaki tsa Jehova. E ne e le pale ea lerato ea mohlankana oa lebotho la Soviet Union le moroetsana ea neng a hoka-hokoa hore e be e mong oa Lipaki. Qetellong ea filimi, ngoananyana oabo moroetsana eo o ile a shoa kotsing e neng e bakiloe ke moeta-pele oa Lipaki, eo a neng a hlahisoa e le mpimpi ea Maamerika.
Ha koranta ea The Red Flag ea Ukraine ea la 14 May, 1963, e bua ka filimi ena e neng e amme maikutlo a bashebelli, e ile ea re: “Ka tsela ena, leshano le hasoang ho latola Molimo lea sebetsa, lea kholisa ’me le ka sebelisoa metseng e meng ea naha moo ho bontšoang lifilimi tse tšoanang.”
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Ba likete ba ile ba isoa Siberia ka matoroko a literene tsa liphahlo