Kamoo Bolumeli bo Ileng ba Pholoha
NAKONG ea ha Jeremane ea Bonazi e ne e hlasela Russia ka June 1941, baeta-pele ba Soviet Union ba ne ba batla ba felisitse Kereke ea Orthodox ea Russia. Empa ka mor’a tlhaselo ea Manazi, baeta-pele ba Soviet Union ba ile ba qala ho fetola boikutlo ba bona ka bolumeli. See se bakiloe ke eng?
Richard Overy, moprofesa oa histori ea mehleng ena oa King’s College, London, o ile a hlalosa bukeng ea hae ea Russia’s War—Blood Upon the Snow: “Mobishopo Sergei [Sergius], hlooho ea Kereke, o ile a ipiletsa ho litho tsa kereke letsatsing lona leo Jeremane e neng e hlasetse ka lona hore li etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe hore naha e hlōle. O ile a hatisa mangolo a fetang mashome a mabeli a metso e meraro lilemong tse peli tse latelang, a ipiletsa mohlapeng oa hae hore o loanele naha e sa lumeleng ho Molimo eo ba phelang ho eona.” Ka hona, joalokaha Overy a tsoela pele, ‘Stalin o ile a lumella bolumeli hore bo atlehe hape.’
Ka 1943, Stalin o ile a qetella a lumetse ho amohela Kereke ea Orthodox ka ho khetha Sergius e le mopatriareka oa eona e mocha. Overy o itse: “Ba boholong Kerekeng ba ile ba arabela ka ho bokella chelete lithong tsa kereke e le ho tšehetsa lebotho la ntoa la Soviet Union. Baprista le babishopo ba ile ba khothalletsa liphutheho tsa bona hore li sebetse tumellanong le tumelo ea tsona, tumellanong le Molimo le tumellanong le Stalin.”
Ha a hlalosa mehla ena ea histori ea Russia, setsebi sa bolumeli sa Russia, Sergei Ivanenko, o ile a ngola: ‘Sengoliloeng sa molao sa Kereke ea Orthodox ea Russia, The Journal of the Moscow Patriarchate, se ile sa thoholetsa Stalin e le moeta-pele le mosuoe ea ikhethang oa lichaba tsohle, ea rometsoeng ke Molimo hore a tl’o pholosa sechaba khatellong, ho beng ba litša le ho ba buellang bokapitale. Se ile sa khothalletsa balumeli hore ba tele lerotholi la ho qetela la mali a bona moo ba sireletsang USSR lireng tsa eona le ho fana ka sohle seo ba nang le sona ho haha Bokomonisi.’
“KGB e ne e ba Nka e le ba Bohlokoa Haholo”
Esita le ka mor’a hore Ntoa ea II ea Lefatše e lale ka 1945, Kereke ea Orthodox e ile ea sala e le molemo ho Makomonisi. The Soviet Union: The Fifty Years, e hlophisitsoeng ke Harrison Salisbury, e senotse hore na sena se etsahetse joang: “Ha ntoa e lala, baeta-pele ba kereke ba ile ba chaela monoana Ntoa ea Mantsoe eo e neng e le leano la Stalin mabapi le linaha tse ling.”
Buka ea morao tjena ea The Sword and the Shield e hlalosa kamoo baeta-pele ba kereke ba ileng ba khotsofatsa lithahasello tsa Soviet Union kateng. E hlalosa hore Mopatriareka Alexis I ea neng a ile a hlahlama Sergius bopatriarekeng ka 1945, “o ile a kena Lekhotleng la Khotso ea Lefatše, mokhatlo oa boikhakanyo oa Soviet Union o thehiloeng ka 1949.” Buka eo e ile ea boela ea bontša hore eena le Mobishopo Nikolai ea neng a phela motse-moholo, “KGB [Komiti ea Tšireletso ea ’Muso oa Soviet Union] e ne e ba nka e le ba bohlokoa haholo kaha e ne e le bona ba fanang ka tšusumetso.”
Ka ho makatsang, ka 1955 Mopatriareka Alexis I o ile a phatlalatsa: “Kereke ea Orthodox ea Russia e tšehetsa leano le feletseng la khotso la ’muso oa rōna mabapi le linaha lisele , eseng hobane Kereke e hloka tokoloho, empa hobane tsamaiso ea Soviet Union e lokile ’me e lumellana le likhopolo tsa Bokreste tseo Kereke e li rutang.”
Tokollong ea la 22 January, 2000, The Guardian ea London, Engelane, e qotsa moprista oa Orthodox ea hanyetsang, Georgi Edelshtein a re: “Babishopo bohle ba ne ba khethoa ka hloko e le hore ba ka sebelisana le ’muso oa Soviet Union. Babishopo bohle e ne e le baemeli ba KGB. Ho tsebahala hantle hore Mopatriareka Alexy o ile a ngolisoa ke KGB, ka lebitso le mo khethollang la Drozdov. Kajeno, ba ntse ba sebelisa lipolotiki tse tšoanang le tseo ba neng ba le ho tsona lilemong tse 20 kapa tse 30 tse fetileng.”
Lekhabunyane la ’Muso oa Soviet Union
Makasine ea la 14 September, 1959, ea Life e ile ea hlokomela sena ka kamano e teng lipakeng tsa Kereke ea Orthodox le baeta-pele ba Soviet Union: “Stalin o ile a lumella bolumeli ka menyetla e itseng, ’me kereke eona e ile ea mo tšoara joaloka moemphera. Tšebelisano ea Orthodox e tiisitsoe ka hore e fuoe lefapha le itseng la ’muso ’me haesale ho tloha ka nako eo, Makomonisi a ’nile a sebelisa kereke e le sesebelisoa sa ’muso oa Soviet Union.”
Matthew Spinka, motsamaisi litabeng tsa kereke ea Russia, o tiisitse hore ho na le likamano tse haufi lipakeng tsa Kereke le ’Muso bukeng ea hae ea 1956, The Church in Soviet Russia. O ngotse: “Mopatriareka oa hona joale, Alexei, o fetotse ka boomo Kereke ea hae hore e be sesebelisoa sa ’muso.” Ka sebele, ha e le hantle Kereke ea Orthodox e ile ea pholoha ka ho ba lekhabunyane la ’Muso. Empa u ka ’na ua botsa: ‘Joale na ho na le phoso?’ Hlahloba kamoo Molimo le Kreste ba talimang taba ena kateng.
Jesu Kreste o itse ka barutuoa ba hae ba ’nete: “Ha le karolo ea lefatše, empa ke le khethile lefatšeng.” Hape Lentsoe la Molimo le botsa ka ho toba: “Basali ba bafebi, na ha le tsebe hore setsoalle le lefatše ke bora ho Molimo?” (Johanne 15:19; Jakobo 4:4) Ka hona, joalokaha Bibele e hlalosa, kereke e ikentse seotsoa sa bolumeli seo “marena a lefatše a ileng a etsa bohlola le sona.” E ipakile e le karolo ea seo Bibele e se bitsang “Babylona e Moholo, ’mè oa liotsoa le oa lintho tse nyonyehang tsa lefatše.”—Tšenolo 17:1-6.
Kamoo Lipaki li Ileng Tsa Pholoha
Ho fapana le hoo, Jesu Kreste o ile a senola hore na balateli ba hae ba ’nete ba ne ba tla tsebahala ka eng, a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Lerato lena e bile lebaka le ka sehloohong la ho pholoha ha Lipaki moo e kileng ea e-ba Soviet Union, joalokaha ho bontšitsoe tlalehong e latelang ho The Sword and the Shield. “Ma-Jehova a fana ka thuso ho mefuta eohle ea batho bao e leng balumeli-’moho le ’ona ba leng likampong [tsa ho sebetsa ka thata] kapa ba isitsoeng botlamuoeng, a ba fa chelete, lijo le liaparo.”
Har’a “lijo” tse neng li fuoa ba likampong tsa chankana, ho ne ho e-na le lijo tsa moea—Libibele le lingoliloeng tsa Bibele. Bibele e na le ‘lipolelo tsa Molimo’ tseo Jesu a itseng rea li hloka hore re ipoloke re phela moeeng. (Matheu 4:4) Lingoliloeng li ne li kenngoa ka sekhukhu likampong ’me e le ka ho ipeha kotsing e khōlō kaha leha e le mang ea neng a ka fumanoa a etsa sena o ne a fuoa kotlo e boima.
Helene Celmina, letsoalloa la Latvia, o ile a kenngoa chankaneng kampong ea kahlolo ea Potma, Russia, ho tloha ka 1962 ho fihlela ka 1966. O ile a ngola buka e bitsoang Women in Soviet Prisons, moo a ileng a hlalosa: “Lipaki tse ngata tsa Jehova li ahloleloa lilemo tse leshome li sebetsa ka thata hobane feela ho fumanoe makasine ea Molula-Qhooa moo li lulang teng. Kaha batho baa tšoaroa ha ba e-na le lingoliloeng tsena, hoa utloahala hore ba botsamaising ba tšoenyehe le ho halefa ha lingoliloeng tsena li fumanoa kampong.”
Ka sebele, ho beha tokoloho le polokeho ea motho kotsing e le hore a fane ka thuso ea moea ke bopaki ba lerato la Bokreste! Empa le hoja lena e ne e le lebaka la bohlokoa le ileng la pholosa Lipaki, ho ne ho boetse ho e-na le le leng la bohlokoa le ho feta. Helene Celmina o itse: “Ho ne ho se ea ka utloisisang hore na lingoliloeng tsena tse hanetsoeng li ne li ka kena joang sebakeng sena se neng se sirelelitsoe ka terata e metsu ’me batho ba sa lumelloa ho kopana ka bolokolohi.” Ho ne ho bonahala e se ntho e ka etsahalang kaha motho e mong le e mong ea kenang chankaneng o ne a phenyekolloa ka ho feletseng. Mohlophisi enoa o ngotse: “E ne eka mangeloi a fofa ka holim’a sebaka seo bosiu ebe aa li lahlela.”
Ka sebele, Molimo o tšepisitse hore o ne a ke ke a tlohela, kapa a lahla batho ba hae. Ka hona, li sa tsilatsile, Lipaki tsa Jehova tsa moo e kileng ea e-ba Soviet Union li lumela joalokaha mopesaleme oa Bibele a ile a lumela: “Bonang! Molimo ke mothusi oa ka.” (Pesaleme ea 54:4; Joshua 1:5) Ka sebele, thuso ea hae e ne e le ea bohlokoa ho pholoheng ha Lipaki moo pele e neng e le Soviet Union!
Kamoo Maemo a Ileng a Fetoha Kateng
Ka la 27 March, 1991, Lipaki tsa Jehova li ile tsa e-ba mokhatlo o lumeletsoeng ka molao Soviet Union ka ho saenoa ha tokomane ea molao e akarelletsang phatlalatso e latelang: “Morero oa Mokhatlo ona oa Bolumeli ke ho ntšetsa pele mosebetsi oa bolumeli oa ho tsebahatsa lebitso la Jehova Molimo le litokisetso tsa hae tse lerato bakeng sa batho ka ’Muso oa hae oa leholimo ka Jesu Kreste.”
Har’a litsela tse thathamisitsoeng tokomaneng ena bakeng sa ho ntšetsa pele mosebetsi ona oa bolumeli ke ho bolela phatlalatsa le ho etela mahae a batho, ho ruta ’nete ea Bibele ho ba ikemiselitseng ho mamela, ho ruta batho Bibele ntle ho tefo ka thuso ea lingoliloeng tsa Bibele le ho aba Libibele.
Ho tloha ha tokomane eo e ne e saenoa lilemong tse leshome tse fetileng, Soviet Union e felisitsoe, ’me boemo ba bolumeli bo fetohile haholo lirephabliking tse 15 tsa moo pele e neng e le Soviet Union. Ho ka thoe’ng ka bokamoso ba bolumeli sebakeng seo hammoho le likarolong tsohle tsa lefatše?
[Lebokose le leqepheng la 19]
Ho Sebelisana ha Kereke le Baeta-pele ba Soviet Union
Bukeng ea hae ea 1945 ea Russia Is No Riddle, Edmund Stevens o ngotse: “Kereke e ile ea etsa bonnete ba hore ha e lome letsoho le neng le e fepa. E ne e utloisisa hantle hore bakeng sa melemo eo e neng e e fuoa, ’Muso o ne o lebelletse hore Kereke e tšehetse tsamaiso ea oona ka tieo le ho sebetsa tlas’a meeli e itseng.”
Stevens o tsoela pele ho hlalosa: “Tloaelo e bileng teng ka makholo a lilemo ea hore Kereke ea Orthodox e ne e le bolumeli ba molao ba ’Muso e ne e metse ka metso, ka hona, e ile ea fetela habonolo feela tsamaisong e ncha ea ho sebelisana haufi-ufi le ’Muso oa Soviet Union.”
Keston Institute e ile ea etsa patlisiso e feletseng ka tšebelisano ea nako e fetileng e neng e le teng lipakeng tsa baeta-pele ba Soviet Union le Alexis II, eo kajeno e leng mopatriareka oa Kereke ea Orthodox ea Russia. Tlaleho ea eona ea phetha: “Tšebelisano le Aleksi e ne e se mohlolo—hoo e ka bang baeta-pele bohle ba ka sehloohong ba malumeli a amohetsoeng ka molao—ho kopanyelletsa le Mak’hatholike, Mabaptiste, Masabatha, Mamosleme le Mabuddha—e ne e le baemeli ba thaothuoeng ba KGB. Ka sebele, tlaleho ea selemo le selemo e hlalosang ho thaothoa ha Aleksi e boetse e akarelletsa le baemeli ba bang ba bangata, bao ba bang ba bona e neng e le ba Kereke ea Lutere ea Estonia.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20]
Ho Finyella ba Likampong
Viktors Kalnins, moqolotsi oa litaba oa Latvia, o ile a qeta boholo ba kahlolo ea hae ea lilemo tse leshome (ho tloha ka 1962 ho ea ho 1972) a le kampong ea Mordovian Republic, lik’hilomithara tse ka bang 400 ka boroa-bochabela ho Moscow. Puisanong le mongoli oa Tsoha! ka March 1979, Kalnins o ile a botsoa: “Na Lipaki tse ka hare ka moo li tseba se etsahalang United States moo kapa linaheng tse ling mabapi le mokhatlo oa tsona?”
Kalnins o ile a araba: “Lia tseba, ebile ke ka lingoliloeng tseo li li fumanang. . . . Li bile tsa mpontša le limakasine tsa tsona. Ha ho mohla ke neng ke tseba hore na lingoliloeng li patiloe hokae; nako le nako e ne e e-ba sebaka sesele. Empa e mong le e mong o ne a tseba hore ho na le lingoliloeng kampong. . . . Balebeli le Lipaki tsa Jehova ba ne ba ngoanyapisana sa katse le toeba, li leka ho pata lingoliloeng ’me balebeli ba leka ho li fumana!”
Potsong e reng “Na Lipaki li ile tsa leka ho bua le uena ka tumelo ea tsona?” Kalnins o ile a arabela tjena: “Hantle haholo! Li tsebahala hohle. Re tseba sohle ka Armagedone . . . Li ne li bua haholo ka hore bokuli bo tla fela.”
[Setšoantšo]
Lipaki li ile tsa bolela ’nete ea Bibele ka sebete likampong tsa Mordovian
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Ba ha Vovchuks ba ile ba lelekeloa Irkutsk, Siberia, ka 1951, ’me le kajeno ba ntse ba tsoela pele e le Bakreste ba tšepahalang
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ka lebaka la tšehetso ea kereke nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Stalin o ile a lumella bolumeli hore bo atlehe ka nakoana
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
U.S. Army photo
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Mopatriareka Alexis I (1945-70) o itse: ‘Leano la Soviet Union le lumellana le likhopolo tsa Bokreste tseo Kereke e li rutang’
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Central State Archive regarding the film/photo/phono documents of Saint-Petersburg