Likhohola Tsa Mozambique—Kamoo Bakreste ba Ileng ba Hlokomela Mahlatsipa Kateng
KA MONGOLI OA TSOHA! MOZAMBIQUE
MATHOASONG a selemo se fetileng bashebelli ba thelevishene ba ne ba hapiloe ke litšoantšo tsa batho ba Mozambique ba neng ba itšoarelelitse makaleng a lifate hobane ba ne ba hlasetsoe ke metsi a likhohola. Mosali e mong o ile a belehela holim’a sefate ’me o ile a bonoa a isoa sebakeng se sireletsehileng eena hammoho le lesea la hae. Leha ho le joalo, ka matsatsi a mangata ba likete ba ne ba le bothateng—ba bang hammoho le linoha ba le joaloka metsoalle—ho fihlela metsi a kokobela kapa ba pholosoa ka lihelikoptara.
Tlokotsi ena e qalile ka pula ea likhohola motse-moholo oa Mozambique, Maputo. Ka lihora tse seng kae feela metse eohle ea toropo e ne e se e tletse metsi. Libakeng tse ling metsi a ne a fihla marulelong a matlo. Litsela li ile tsa fetoha linōka tse loebehlanang. Ho ile ha e-ba le likhohlo tse khōlō, ’me matlo le likoloi, haesita le hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe, li ile tsa hoholoa ke metsi. Empa likhōlō li ne li sa tla.
Lipula li ile tsa tsoela pele, li aparela karolo eohle e ka boroa ea naha. Lipula li ile tsa boela tsa tšoloha le linaheng tsa boahelani tsa Afrika Boroa, Zimbabwe le Botswana. Kaha linōka tsa Incomati, Limpopo le Zambezi li phalla li tsoa linaheng tsena le ho feta Mozambique ha li ea leoatleng, likarolo tse khōlō tsa Mozambique li ile tsa ripitloa ha linōka tsena li tlōla mabōpo. Ho bona kamoo Bakreste ba ileng ba hlokomelana kateng tlokotsing ena ho matlafatsa tumelo.
Ho Lekanyetsa Tšenyo ea Pele
Selemong se fetileng ka la 9 February, baemeli ba babeli ba ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova Maputo ba ile ba tloha ba etela karolo e ka leboea. Hoo e ka bang ka hora ea borobong hoseng, ba ile ba feta motse oa Xinavane, moo Nōka ea Incoluane e neng e ja litlhokoa. Ba ile ba finyella qeto ea hore ba tla tsoela pele ba ee Xai-Xai, motse-moholo oa profinse ea Gaza. Leha ho le joalo, ba ile ba hlokomela hore haufi le motse oa Chókwè, moo hangata ho eeng ho be le likhohola tse mpe haholo nakong ea lifefo, ho ne ho se na pontšo ea mathata a letho. Kahoo ba ile ba rera ho khutlela Maputo.
Leha ho le joalo, ha ba atamela Xinavane ha ba khutlela morao, ba ile ba emisoa ke thibello ea sepolesa. Mapolesa a ile a ba lemosa: “Metsi a likhohola a tsoang Afrika Boroa a se a fihlile ’me a hohotse tsela. Ebile ha ho libese kapa literaka tse ka khonang ho feta.” Karolo ea tsela eo ba neng ba fetile ho eona hoseng e ne e se e koahetsoe ka ho feletseng ke metsi! Kaha le linōka tse pejana leboea le tsona li ne li se li ja litlhokoa, sebaka seo se ile sa aroloa karolong eohle ea naha.
Ka bobeli ba ile ba rera ho robaletsa Macia e haufi. Bosiung boo, boemo bo ile ba mpefala. Motse oohle oa Xinavane o ile oa koaheloa ke metsi, ’me batho ba bangata ba moo ba ile ba lahleheloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho thusa Lipaki sebakeng seo hore li finyelle Holong ea ’Muso Macia, moo ho neng ho entsoe kampo ea nakoana ea baphaphathehi. Kapele-pele Lipaki li ile tsa ea libakeng tseo ho tsona ho bolokoang thepa e rekisoang eaba li reka lintho tse hlokahalang joaloka raese, linaoa, phofo le oli.
Tlhokomelo e ne e se e lebisitsoe ho Bakreste-’moho ba leng Chókwè le metseng e haufi. Balebeli ba liphutheho ba Chókwè ba ile ba kopana hammoho ’me eaba ba rera ho falla sebakeng seo. Ho ile ha phatlalatsoa molaetsa o reng: “Tlohang hang-hang, ’me le ee Macia!” Leha ho le joalo, kapele ho ile ha lemohuoa hore ba bangata ba tsoang Xinavane ba ne ba e-s’o ka ba fihla. Kahoo ho ile ha romeloa Lipaki hore li e’o ba batla. Ho ile ha lemohuoa hore moholo oa Mokreste o ne a khanngoe ke metsi ka har’a ntlo ea hae. Ho ile ha hlophisoa lepato la hae, ’me Lipaki tse ling tsona, tse ling li le holim’a marulelo, li ile tsa fumanoa ’me tsa thusoa hore li finyelle Macia.
Ka mor’a hore litokisetso tsena li etsoe, baemeli ba tsoang lekaleng ba ile ba ea Bilene, motsaneng o lebōpong, moo ba ileng ba palama sefofane se hiriloeng ho ea Maputo. Hohle moo leihlo la motsamai le neng le ka bona teng, sebaka seo se ne se koahetsoe ke metsi. Ho ile ha tlalehoa hore profinseng ea Gaza feela, ke batho ba 600 000 ba neng ba amehile.
Boemo Boa Mpefala
Matsatsing a seng makae a latelang, lipula li ile tsa eketseha, ’me likarolo tse bohareng tsa Mozambique le tsona li ile tsa ripitloa. Eaba ho hlaha leholiotsoana le leholo le bitsoang Eline. Ka la 20 February le ile la potlela lipula tse matla liprofinseng tsa Inhambane, Sofala le Manica. Ho ile ha e-ba le likhohola tse eketsehileng, ho shoa ha batho le tšenyo.
Kahoo, mafelong a February, motse oa Chókwè le libaka tse potolohileng li ile tsa apareloa ke likhohola ka tsela e neng e e-s’o ka e bonoa le ka mohla. Ka Moqebelo ho elella har’a mp’a bosiu, ka la 26 February, metsi a likhohola a ile a fihla joaloka leqhubu le leholo, a hohola ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tseleng ea ’ona. Luis Chitlango, Paki e lilemo li 32, oa pheta: “Re ile ra tsosoa ke moahelani ea neng a hoeletsa ka fensetere.”
Chitlango oa hlalosa: “Ha re theoha betheng, re ne re utloa molumo oa metsi a etsang lerata. Ha re baleha, re ile ra kopana le linoha tse ngata. Ka hora ea botšelela hoseng, re ile ra fihla sebakeng se phahameng, empa hamorao hoseng, ha metsi a likhohola a se a phahame ka mahlakoreng ’ohle, re ile ra tšoanela ho hloella lifateng. Re ne re le 20 sehlopheng sa rōna.
“Banna ba ile ba hloella lifateng pele. Eaba basali ba ba neheletsa bana, ’me ba tlamelloa makaleng a lifate. Ha latela basali le masea a bona. Nako le nako, re ne re theoha lifateng le ho fata-fata mobung ka tlas’a metsi e le ho fumana matokomane, ao re neng re tseba hore aa jaloa sebakeng seo.
“Ka mor’a matsatsi a mararo ho ile ha etsoa qeto ea hore kaofela re lokela ho ea Chókwè ka maoto. Metsi a ne a re fihla lifubeng, ’me re ne re loantšana le maqhubu a matla. Ha re ntse re le tseleng re ile ra fumana batho ba bangata ba le lifateng le holim’a marulelo. Ka le hlahlamang metsi a likhohola a ne a kokobetse ka ho lekaneng hore literaka li ka fihla motseng le ho isa batho Macia.”
Kampo ea Baphaphathehi ea Lipaki
Ka la 4 March ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e ile ea hira sefofane ’me sa isa baemeli sebakeng sa koluoa. Karolo e khōlō ea baahi e ne e balehetse Macia, e neng e fetotsoe kampo e khōlōhali bakeng sa baphaphathehi. Mahlatsipa a mangata a ne a sutliloe ke ntaramane, khaello ea phepo e nepahetseng, malaria, le mahlomola a mang.
Tulo eohle e ne e tšoana le sebaka sa ntoa. Lihelikoptara tse rometsoeng ke linaha tse sa tšoaneng li ne li tletse sepakapakeng ka holim’a motse oo ’me li lula litselaneng tsa lifofane tse iketselitsoeng e le hore li ka laolla lijo. Ha sehlopha sa liphallelo sa Lipaki se fihla Macia, ha sea ka sa etsa litokisetso tsa ho fepa mahlatsipa feela empa se ile sa hloma le sebaka sa phekolo ea bakuli. Leha ho le joalo, se ile sa kōpa tumello pele ho ba boholong sebakeng seo, ba ileng ba babatsa khato eo ba e nkileng.
Hoseng ho hong le ho hong kampong eo ea Lipaki, eo ho neng ho lula Lipaki tse ka bang 700 haesita le ba bang, ka 6:30 hoseng ho ne ho hlahlojoa temana ea letsatsi. Ka mor’a hore lijo tse phehiloeng ke baralib’abo rōna ba Bakreste li butsoe, ho ne ho hoeletsoa mabitso a lihlooho tsa malapa. E ’ngoe le e ’ngoe e ne e bontša ka menoana hore e hloka lipoleiti tse kae, ’me lijo li ne li isoa.
Karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo kampong e ne e hlophisitsoe hantle. Batho ba bang ba ne ba abetsoe ho ea reka lijo; ba bang, ho sireletsa bohloeki ba metsi a nooang, ho hloekisa matloana, le tse ling. Tlhophiso ena e ntle ha ea ka ea hlokomolohuoa ke ba boholong ba ’muso, ba ileng ba re: ‘Ho monate ho ba mona. Ha ho motho ea lapang, ebile ha ho na qhoebeshano.’ E mong ea ikarabellang pusong sebakeng seo o ile a re: ‘E mong le e mong o lokela ho etela kampong ea Lipaki e le hore a bone hore na lintho li lokela ho etsoa joang.’
Ka letsatsi le leng komiti ea liphallelo e ile ea bitsa baholo ba Bakreste ’me ea ba bolella hore ofisi ea lekala e entse litokisetso tsa ho haha matlo le Liholo tsa ’Muso bocha haesita le ho fana ka lintho tsa motheo bakeng sa mahlatsipa a likhohola. Hoseng ho hlahlamang nakong ea temana ea letsatsi ea Bibele, ho ile ha etsoa tsebiso e mabapi le litokisetso tsena. Ba ile ba opa liatla ka nako e telele.
Le hoja ba boholong ’musong ba ne ba nehelane ka litente tse khōlō tse peli, ba bangata kampong ba ne ba ntse ba robala ka ntle. Kahoo, ho ile ha bokelloa sehlopha har’a ba anngoeng ke likhohola e le hore se ka haha Holo ea ’Muso e khōlō setšeng sa phutheho ea moo. E ne e hahiloe ka lehlaka le masenke—ka mokhoa oa Mozambique—e le hore ho ka lula batho ba 200 ka har’a eona. E ile ea qetoa ka matsatsi a mabeli feela!
Ho Batla ba Libakeng Tse ka Thōko
Ho sa le joalo, ka la 5 March, ka mor’a hore metsi a likhohola a kokobele ka tekanyo e itseng, ho ile ha hlophisoa sehlopha sa liphallelo e le hore se ee toropong ea Aldeia da Barragem, e fumanehang ho tse ling tsa libaka tsa pele tse ileng tsa apareloa ke likhohola. Se ne se e-na le phutheho ea Lipaki tse ka bang 90, ’me ho ne ho sa tsejoe letho ka bona.
Ha se le tseleng e eang moo, sehlopha se ile sa feta Chihaquelane, kampo e khōlō ea baphaphathehi e neng e e-na le batho ba ka bang 100 000. Ka mahlakoreng a mabeli a tsela, e leng libaka tse neng li hohotsoe ke metsi, naha e ne e koahetsoe ke metsi hohle moo motho a ka bonang. Setho se seng sa sehlopha se ile sa re: “Ha re fihla Chókwè, mahlo a rōna a ile a khahlametsoa ke pono e sa thabiseng. Matlo a mangata moo ho kenoang le teng motseng, a ne a ntse a koahetsoe ke metsi ho fihlela marulelong. Boholo ba matlo bo ne bo koahetsoe ke metsi a likhohola. Shoalane e ne e se e tšoara, ’me re ne re sa saletsoe ke lik’hilomithara tse 25 pele re fihla Aldeia da Barragem.”
Sehlopha seo se ile sa qetella se fihlile sebakeng seo se eang ho sona bosiu. Setho se seng sa sehlopha sea hopola: “Re ile ra ema ’me ra ipotsa hore na re lokela ho etsa’ng.” Eaba ho hlaha batho, ba hoeletsa: “Barab’abo rōna!” ’me ho ile ha e-ba le letšeho le leholo, la thabo. Ka mor’a hore ba bone mabone a likoloi tse peli, Lipaki tsa sebakeng seo hang-hang li ile tsa nahana hore e ka ’na eaba ke barab’abo bona, ’me tsa bolella ba bang sena. Ba shebileng ba ne ba khahluoe haholo, ba re: ‘Kannete batho bana ba na le lerato. Ba tlisa lijo ebile ba chakile!’
Ho Fana ka Tlhokomelo e Tsoelang Pele
Barab’abo rōna ba tsoang Aldeia da Barragem ba ile ba thusoa ho fihla kampong e Macia, moo ba ileng ba fumana lijo, marobalo le phekolo ea meriana. Khabareng, boemo Macia bo ne bo ntse bo mpefala. Ho ne ho e-na le khaello ea lijo, meriana, le peterole, kaha li ne li romeloa ka lifofane. Ho ne ho hlokahala hore ho lokisoe tsela e hokahanang le Maputo ka potlako. Sena se ile sa etsoa ka la 8 March.
Motse o moholo oa Xai-Xai o ne o koahetsoe ke metsi ka ho feletseng. Bohareng ba toropo ho ne ho koahetse metsi ho fihlela botebong ba limithara tse tharo libakeng tse ling! Lipaki li ile tsa hlophisa komiti ea liphallelo e le hore e ka hlokomela barab’abo tsona ba moo. Ho phaella moo, ho ile ha hlophisoa likomiti e le hore li ka hlokomela ba hlokang liprofinseng tsa Sofala le Manica.
Litokisetso tsa liphallelo li ne li tsoa ho Lipaki linaheng lisele. Ka mohlala, lekala la Afrika Boroa le ile la hlophisa hore lithane tsa lijo, likobo le lintho tse ling li romelloe moo. ’Me ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova, e Brooklyn, New York, e ile ea fana ka chelete e hlokahalang e le hore ho ka hlokomeloa ba anngoeng ke koluoa ena.
Ha metsi a likhohola a kokobetse ka ho lekaneng ’me ho fumanoe hore na ke bo-mang ba senyehetsoeng ke matlo, ho ile ha qalisoa mosebetsi oa ho tsosolosa matlo le Liholo tsa ’Muso. Ho ile ha thehoa komiti ea tsosoloso ’me e ile ea tšehetsoa ke baithaopi ba bangata ba ileng a qalisa hang-hang ka mosebetsi. Ho tloha ka nako eo, matlo a fetang 270 haesita le bonyane Liholo tsa ’Muso tse hlano li ne li se li hahiloe bocha.
Ha matlo a pele a hahuoeng ke baithaopi ba Lipaki a qala ho bonahala, batho ba ile ba hlokomela seo. Moahelani e mong o ile a re: ‘Le rapela Molimo ea phelang. Baruti ba rōna ba hlōleha ho hopola linku tsa bona tse mahlomoleng. Empa, lōna le fumana matlo ana a matle.’ Libakeng tse joalo ba bangata ba amohetse molaetsa oa ’Muso o boleloang ke Lipaki tsa Jehova, ’me ho se ho qaliloe lithuto tsa Bibele tse ngata.—Matheu 24:14; Tšenolo 21:3, 4.
Le hoja Lipaki tse ngata li ile tsa lahleheloa ke lintho tsohle tsa tsona tse bonahalang, ha ho le e ’ngoe ea tsona e ileng ea lahleheloa ke tumelo ea eona. Ho e-na le hoo, tumelo ea tsona ho Jehova Molimo le botsoalle ba tsona ba lefatšeng ka bophara le balumeli-’moho e ile ea matlafatsoa. Li motlotlo ka lerato le bontšitsoeng ke mokhatlo oa barab’abo bona ba machaba, ba ileng ba arabela ka potlako tlokotsing ena e tšabehang. Ba ile ba iponela ka bobona tlhokomelo e lerato ea Jehova le tšireletso ea hae, ’me kamehla li tla lula li hopola polelo ea Bibele e reng: “Jehova o moholo.”—Pesaleme ea 48:1.
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
Metsi a seretse a aparetse motse oa Xai-Xai
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Thepa ea liphallelo e ile ea tlisoa ka lifofane
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Sehlopha sa liphallelo sa Lipaki se etsa sebaka sa phekolo ea bakuli
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ho hahuoa ha matlo a macha ho tsoela pele
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Kampo e khōlōhali ea baphaphathehi e ne e e-na le batho ba 100 000