Molimo e ’Nile ea E-ba Mothusi oa Rōna
JOALOKAHA HO BOLETSE FRANCISCO COANA
Moholoane oa ka o ile a ntemosa: “Haeba u hana ho mamela ba boholong, u tla bolaoa!”
Ka tieo ke ile ka re: “Ho ka ba molemo ho feta ho phela tlas’a maemo ana a tšabehang.”
EO E bile puisano e bileng pakeng tsa ka le moholoane oa ka ka September 1975. O ne a ntliselitse lijo teronkong Maputo (nakong e neng e bitsoa Lourenço Marques), ka boroa ho Mozambique. Re ne re koaletsoe ka seleng e le ’ngoe re le batho ba fetang 180, ’me boholo e le Lipaki tsa Jehova. Moholoane oa ka o ile a teneha hoo a ileng a ba a khutla le lijo tseo a neng a ntliselitse tsona!
Ho u thusa ho utloisisa ketsahalo ena e amang maikutlo, e-re ke khutlele morao ’me ke u hlalosetse hore na ho tlile joang hore ke be teronkong.
Ho Hōlisetsoa Bolumeling
Ke hlahetse lelapeng la Mapresbitheri ka 1955 motsaneng oa Calanga, Seterekeng sa Manica. Oona ha o hōle hakaalo le motse-moholo Maputo. Le hoja Ntate a ne a sa kene kereke, ’Mè eena o ne a e kena, ’me o ne a ee a nke bana ba hae ba bahlano a ee le bona kerekeng ka Lisontaha. Ha re sa le banyenyane, o ile a re ruta Thapelo ea Morena, ’me ke ne ke atisa ho e pheta ka hlooho. (Matheu 6:9-12) Joaloka moshemane e monyenyane, ke ile ka botsa ’Mè lipotso tse kang “Ke hobane’ng ha re e-shoa?” le hore “Na e tla be esale batho ba tlameha ho shoa?”
’Mè o ile a bolela hore lefu ke karolo ea morero oa Molimo—hore batho ba etsang hampe ba tla ea liheleng ’me ba etsang hantle ba tla ea leholimong. Le hoja ke ile ka ithōlela, karabo ea hae e ile ea nkutloisa bohloko. ’Nete e bohloko ea lefu e ile ea mpherekanya, haholo-holo ka mor’a hore ntate oa rōna ea ratehang a shoe ha ke ne ke le lilemo li leshome feela. Ka mor’a seo takatso ea ka ea ho tseba ka boemo ba bafu le hore na ho na le tšepo efe ka bona e ile ea hōla.
Ho Ithuta le ho Sebelisa ’Nete
Nakoana ka mor’a hore Ntate a shoe, tichere e ’ngoe sekolong e ile ea sebelisa buka ea Ho Tloha Paradeising e Lahlehileng ho ea Paradeising e Fumanehileng Hape ha e re ruta ka tlelaseng. Buka eo, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society, e ne e le ea Sezulu, e ’ngoe ea lipuo tse buuoang Afrika Boroa. Tichere eo e ile ea lumela ho nkalima eona, ’me le hoja ke ne ke sa tsebe Sezulu hantle, ke ile ka thabela seo ke neng ke ithuta sona litemaneng tsa Bibele tse qotsitsoeng ho eona.
Ha ke le lilemo li 16, moholoane oa ka e leng eena ea neng a phelisa lelapa o ile a bitsetsoa tšebeletsong ea sesole. Ke nakong eo ke ileng ka qala ho sebetsa k’hamphaning e ’ngoe ea litlolo tse nkhisang hamonate Maputo le ho kena sekolo sa mosebetsi oa matsoho bosiu. Nakong ea khefu ea lijo tsa motšehare mosebetsing, ke ne ke ee ke bone Teófilo Chiulele, e mong oa Lipaki tsa Jehova—a bala Bibele kamehla. Ha Teófilo a hlokomela thahasello ea ka, o ile a qala ho buisana le ’na.
Hamorao, Paki e ’ngoe, Luis Bila, e ile ea qala ho nkhannela thuto ea Bibele. Ke ile ka imoloha ho tseba hore bafu ha ba tsebe letho leha le le leng le hore ba na le tšepo ea ho khutlisetsoa bophelong ka tsoho. (Moeklesia 9:5, 10; Johanne 5:28, 29) Kapele-pele ke ile ka ngolla ’Mè ’me ka mo fa likarabo tsa Bibele lipotsong tseo nkileng ka mo botsa tsona. O ile a thabisoa ke ho tseba hore qetellong ke fumane likarabo tsa ’nete.
Ke susumelitsoe ke cheseho ka seo ke ithutang sona, ke ile ka itokisetsa ho abelana lintho tsena le ba bang. Ke ile ka lumelloa ho fana ka lipuo tsa Bibele sekolong empa eseng kerekeng. Ka mor’a nakoana ke ne ke se ke sa amohelehe kerekeng. Esita le litho tsa lelapa leso li ile tsa qala ho ntlhorisa, ho sa tsotellehe ’nete ea hore ’Mè o ne a thabetse tumelo ea ka eo ke sa tsoa e fumana. Moholoane oa ka o ile a nkhakhatha. Ha khanyetso e joalo e sa nketse letho, litho tsa lelapa li ile tsa qala ho ntšoma, haholo-holo ha li mpona ke rapella lijo. Kahoo, ke ne ke ee ke rapelle kamoreng ea ho hlapela pele ke e-tla tafoleng ho tla ja. Ke ile ka hlokomela hore ‘Molimo e ne e le mothusi oa ka.’—Pesaleme ea 54:4.
Eaba Luis o thibeloa ho tla lapeng ho tla ithuta Bibele le ’na. Ka mor’a moo, re ile ra ithutela ha hae. Ha ke ne ke qala ho ea libokeng tsa phutheho le ho kopanela mosebetsing oa boboleli, ke ne ke ee ke fumane ke notlelletsoe ka ntle ha ke khutlela lapeng. Ka hona, ke ne ke qetella ke robala malapeng a Lipaki tse fapa-fapaneng.
Qetellong, ka la 13 May, 1973, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova Molimo ka kolobetso ea metsing. Ka nako eo, Mozambique e ne e le tlas’a puso ea bokolone ea Portugal, e neng e thibetse Lipaki tsa Jehova Portugal le likoloneng tsohle tsa eona. Ka la 1 October, 1974, ke ile ka ba pula-maliboho, e leng kamoo Lipaki tsa Jehova li bitsang baevangeli ba nako e tletseng kateng. Kaha pakane ea ka e ne e le ho ba moromuoa, ke ile ka qala ho ithuta Senyesemane e le hore nka tšoanelehela ho kena Sekolong sa Bibele sa Gileade sa WatchTower se United States, bakeng sa ho koetlisetsoa boromuoa.
Ho Sebelisa Bohlale Boboleling
Nakong ea lilemo tseo tsa thibelo, sepolesa sa bokolone sa Portugal, PIDE, se ile sa kenya Lipaki tse ngata teronkong ka lebaka la boboleli. Kahoo, re ne re sebelisa bohlale hore re qobe ho tšoaroa. Ka mohlala, re ne re ee re bue ntlong e le ’ngoe ebe re fetela ho e ’ngoe e sebakeng se sele. Hape, re ne re ee re ee re le babeli serapeng sa motse sa boikhathollo ka nako ea khefu ea lijo tsa motšehare kapa ea mantsiboea. E mong o ne a ee a fihle a lule pel’a motho ebe o qala ho bala koranta. Ka mor’a nakoana, e mong oa rōna o ne a e-tla a lule fatše, a shebe koranta, ’me mohlomong a re: “Banna! ak’u bone feela hore na ho shoa batho ba bangata hakaakang! Empa na u ne u tseba hore tlas’a puso ea Molimo see ha se sa tla hlola se etsahala?”
Moqoqo o ne o qalisa ’me ha o ntse o tsoela pele ea neng a ntse a bala koranta o ne a ee a kōpe bopaki bo tsoang ka Bibeleng ba seo e mong a se buang. Joale ebe re lokisetsa ho kopana ka le hlahlamang ho ntšetsa pele puisano ea rōna. Hangata ka tsela ena re ne re khona ho kenyelletsa motho ea lutseng pel’a rōna moqoqong oa rōna o mabapi le boprofeta ba Bibele, ’me ho ile ha qalisoa lithuto tse ngata tsa Bibele. Re ne re ee re lebohe Molimo ka ho re thusa.
Nako ea Teko e Matla
Ka la 25 April, 1974, puso ea khatello ea Portugal e ile ea fela, ’me ho ile ha e-ba le liphetoho tse ngata tsa bopolotiki likoloneng tsa Portugal. Batšoaruoa ba lipolotiki Mozambique, hammoho le Lipaki tse neng li tšoaroe ka lebaka la ho se nke lehlakore ha tsona lipolotiking, ba ile ba lokolloa. Empa joale ka la 25 June, 1975, likhoeli tse 14 feela hamorao, Mozambique e ile ea phatlalatsa boipuso ba eona ho Portugal. Matsatsinyana ka mor’a moo, ho ile ha qaleha leqhubu le lecha la mahloriso ho Lipaki. Lihlopha tsa metse li ile tsa ikopanya ho tsoa letšolo la ho tšoara Lipaki tsohle tse neng li ka fumanoa. Re ne re nkoa re le “mahlahana a siuoeng ke Puso ea Bokolone ea Portugal.”
Ka September, ke ile ka qobelloa ho ba teng sebokeng sa sehlopha sa motse. Ha ke fihla, ke ile ka fumana hore bohle ba setsing sa ka sa thuto ea Bibele ba teng moo. Re ile ra laeloa hore re hooe mapetjo a bopolotiki a neng a phahamisa mokha o busang. Ha ka tlhompho re hana, re ile ra isoa teronkong ’me ra kenngoa seleng e tletseng haholo eo ke buileng ka eona qalong.
Sele eo e ne e tletse hoo re neng re sitoa le ho sisinyeha feela. E le hore ba seng bakae ba fumane sebaka sa ho robala fatše, ba bang ba ne ba tlameha ho lula kapa ho ema. Ho ne ho e-na le ntloana e le ’ngoe feela, ’me e ne e atisa ho thibana, e leng ho neng ho e etsa hore e pepetehe, e ntše monkho o tšabehang. Lijo tsa rōna e ne e e-ba spaghetti se mafura a mangata se nang le masapo a tlhapi le lintsintsi tse khōlō tse tala, ’me re ne re tlameha ho ja lijo tseo ka matsoho a sa hlapuoang. Rōna ba fetang 180 re ile ra tlameha ho mamella maemo ana a tšabehang ka matsatsi a 19. Ka mor’a moo re ile ra isoa sebakeng seo ho koaletsoeng Lipaki feela ho sona, ho kopanyelletsa banna, basali le bana. Likhoeling tse seng kae tse ileng tsa latela, ho ile ha e-shoa bana ba bangata ka lebaka la maemo a tepelletsang a teronko.
Qetellong, ’muso o ile oa etsa qeto ea ho isa Lipaki Carico, e leng sebaka se ka thōko ho elella ka leboea. Sepheo e ne e le ho re arola ho batho ba bang. Ka nako eo ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 7 000 Mozambique, boholo ba tsona e le tse kolobelitsoeng ka 1974 le 1975. Ha ke hlokomela hore re tla hloka lingoliloeng tsa Bibele nakong ea ha re arotsoe bathong ba bang, ke ile ka kōpa tumello ea ho khutlela hae ho ea nka lijo le thepa e ’ngoe bakeng sa leeto. Ha ke ne ke le moo ke siretseng ofisiri e mphelehelitseng, ke ile ka fokotsa likuku tse ling ka mabokoseng ’me ka tšela lingoliloeng tsa Bibele ka tlaase mabokoseng. Linakong tse joalo, re ne re sa tšabe. Re ne re tšepetse ho Molimo ho re thusa.—Baheberu 13:6.
Bophelo Kampong
Re ile ra fihla Carico ka January 1976 ’me ra fumana Lipaki tse ngata tse tsoang naheng ea boahisani ea Malawi li phela likampong tseo li ikahetseng tsona. Ho tloha ka 1972 ho ea ho 1975, batho ba fetang 30 000, ho kenyelletsa le bana, ba ile ba baleha mahloriso a sehlōhō a bolumeli Malawi. Ba ile ba lumelloa ho kena Mozambique e ka leboea e le baphaphathehi, ’me ha re fihla, ba ile ba lula le rōna mahaeng a bona ’me ba arolelana le rōna lijo tsa bona tse fokolang.
Kaha boholo ba rōna re ne re se na phihlelo ea ho haha, barab’abo rōna ba Malawi ba ile ba re bontša mokhoa oa ho haha matlo ka ho etsa litene le ho sebelisa limela tse melang hlatheng moo. Ba ile ba boela ba re bontša mokhoa oa ho jala lijalo le ho etsa lintho tse ling tsa boipheliso. Ka hona, ke ile ka ithuta ho betla lepolanka, temo le moroko. Litsebo tsena tseo re ileng ra ithuta tsona li ile tsa ipaka li le molemo haholo ho ba bangata ba rōna ha hamorao re khutlela metseng ea habo rōna.
Ntho e ka sehloohong eo re neng re amehile ka eona e ne e le ho boloka bomoea ba rōna, ’me ka sebele ha ho mohla re kileng ra haelloa ke lijo tsa moea. See se ne se khoneha joang? Ha e le hantle, joalokaha ho boletsoe pejana, ba bangata ba rōna ba ile ba nka lingoliloeng tsa Bibele hammoho le thepa e ’ngoe ka masene, ha re isoa botlamuoeng. Hape, Lipaki tsa Jehova tsa Afrika Boroa li ile tsa hatisa likopi tse nyenyane tsa Molula-Qhooa. Sena se ile sa etsa hore ho batle ho ba bonojoana ho li kenya kampong.
Ka mor’a ho etsa likōpo tse ngata, ka la 1 December, 1978, ho ile ha lumelloa hore ho be le lenyalo la pele ka kampong. Letsatsing leo ke ile ka nyala Alita Chilaule, eo ntate oa hae e bileng e mong oa batho ba pele ba ho kolobetsoa Maputo morao koo ka 1958. Ha bana ba rōna Dorcas le Samuel ba hlaha, re ile ra ba ruta ho rata Jehova, ’me kamehla re ne re tsamaea le bona ho ea libokeng tsa Bokreste. Hamorao, re ile ra ba le ngoana e mong hape, ea bitsoang Jaimito.
Kamoo re Neng re Bolela Kateng
Lipaki li ne li lumelloa ho tsoa kampong ho ea rekisa lintho, ho akarelletsa le lijo tseo li neng li li lemme. Ba bangata ba rōna re ile ra sebelisa monyetla ona ho etsa boboleli. Ha e le hantle, ke ne ke bitsa theko e holimo bakeng sa letsoai ka boomo e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea le rekang. Leha ho le joalo, batho ba seng bakae bao ke ileng ka kopana le bona ba ile ba mamela molaetsa oa ’Muso, ’me ke ile ka qalisa lithuto tse ’maloa tsa Bibele.
Se seng sa liithuti tsa ka tsa Bibele se ile sa bua le motsamaisi oa k’hamphani e ’ngoe e motseng o haufi oa Milange ea ileng a bontša ho thahasella Bibele. Ha ke utloa sena, ke ile ka ngolla motsamaisi eo. Ha a nkaraba o ile a ’mema hore ke mo etele. Kahoo, ke ile ka khoaela lingoliloeng tsa Bibele ’me ka tsamaea, ke ikhakantse eka ke il’o mo rekisetsa thepa ea ka tlung eo ke e entseng.
Ha ke fihla, ke ile ka fumana ntlo e lebetsoe ke masole; ’me ka sehoa ke letsoalo. Leha ho le joalo, monna eo o ile a tsoa ’me a bolella masole ao hore ha a batle ho khathatsoa. Re ile ra qala thuto ea rōna ea Bibele ka hora ea bohlano mantsiboea, ’me o ile a bontša thahasello e khōlō hoo re ileng ra qeta ka hora ea bohlano hoseng ho latelang! Hamorao, o ile a ithaopela ho re fumanela lingoliloeng tsa rōna tse tsoang Portugal, kaha ho ne ho se na thibelo ea letho e behiloeng mangolong a hae a tlang ka poso. Ha lingoliloeng tseo li fihla o ne a mpha tsona, ’me ’na ke li kenya kampong.
Ke ’nete hore ba bang ba rōna ba ile ba tšoaroa ka makhetlo a ’maloa ka lebaka la mosebetsi oa rōna oa boboleli. Leha ho le joalo, ha ba bangata ba arabela molaetseng oa ’Muso, re ile ra kholiseha hore Molimo oa re thusa, feela joalokaha a ile a thusa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo.—Liketso khaolo ea 3-5.
Ho Lokolloa le ho Khutlela Maputo
Ka September 1985, ka mor’a ho nahanisisa maemo ka thapelo ho ile ha etsoa qeto ea hore re lokela ho itlhophisetsa ho falla kampong moo ka bongata. Le hoja ba bangata ba ile ba sala kampong ea Carico ’me ba lula ba arohile ho Lipaki tse ling tsa Jehova ka lilemo tse supileng, ba bang ba ile ba balehela Malawi ’me ba bang ba ea Zambia. ’Na le mosali oa ka re ile ra etsa qeto ea ho ea le bana ba rōna motseng o haufi oa Milange. Moo ke ile ka fumana mosebetsi le sebaka sa ho lula, ’me ra tsoela pele ka tšebeletso ea rōna. Selemong se latelang re ile ra qetella re khutletse Maputo.
Qalong, re ile ra lula le beng ka rōna. Ho ne ho le thata ho fumana mosebetsi, empa ka mor’a nako ke ile ka khona ho o fumana. Alita o ile a rekisa makotomane a halikiloeng ho tlatselletsa cheletaneng eo re neng re e fumana. Kaha Senyesemane sa ka se ne se se se ntlafetse, ke ile ka kenya kōpo ea mosebetsi Ofising ea Bonģosa ba Brithani. Ke ile ka atleha tlhahlobong ea mosebetsi ’me ka fumana mosebetsi o lefang moputso o fetang oo ke neng ke o etsa pele ka makhetlo a 20! Ka sebele ke ile ka ikutloa hore Jehova o nthusitse, ’me ka mo leboha ka thapelo.
Ho Leka-lekanya Boikarabelo
Qetellong, ka la 11 February, 1991, ’muso oa Mozambique o ile oa lumela ho amohela Lipaki tsa Jehova ka molao. Leo ke letsatsi le sa lebaleheng hakaakang ho rōna! Selemong se latelang seo ke ile ka memeloa ho sebeletsa ke le setho sa komiti e hlokomelang mosebetsi oa boboleli oa Lipaki tsa Jehova, Mozambique. Ka nako eo, bana ba rōna ba ne ba sa le lilemo li 12, 9 le 6 feela. Ke ile ka qeta bosiu ke rapela, ke kōpa bohlale ho Jehova ba ho etsa qeto e tla bontša ho leka-lekana ho loketseng tabeng ea ho hlokomela boikarabelo ba lelapa le ba mokhatlo.
Re ile ra khona ho reka tereilara e nyenyane, eo re ileng ra iteta sefuba ho e sebelisetsa ho qala khoebo. Re ile ra hira bo-pula-maliboho ba ’maloa ho etsa li-sandwich le ho li rekisa, ’me khoebo eo ea atleha. Kahoo, ke ile ka fumana nako ea ho hlokomela litokelo tsa ka tse ncha mokhatlong. Re ne re boetse re hloka ntlo, kaha ho ne ho se ho se bonolo hore re tsoele pele re hirile ntlo eo re neng re phela ho eona. Kahoo, ke ile ka kenya kōpo ho ba boholong, e hlalosang boemo ba lelapa la ka. Ka mor’a nakoana re ile ra fumana tumello ea ho reka ntlo. Sena se ile sa tsebahala haholo, kaha ke ne ke le moahi oa pele oa Mozambique oa ho reka ntlo ’musong.
’Na le Alita re hlohonolofalitsoe ka bana ba arabetseng hantle lenaneong la rōna la taeo ea moea. (Deuteronoma 6:6-9) Tloaelo ea rōna e ’nile ea e-ba ho tšohla temana ea Bibele ea letsatsi ka 5:40 hoseng, ’me ka mor’a moo re bala Bibele hammoho. Kaha bana ba rōna ba kena hoseng sekolong, ba se ba tloaetse kemiso ena ea ka matjeke. Ka Labohlano ka 6:00 mantsiboea, re tšoara thuto ea rōna ea lelapa, e leng nako ea hore re tšohle le bana lihlooho tsa Bibele tseo ba entseng lipatlisiso ka tsona har’a beke. Ena hape ke nako ea hore re itloaetse linehelano tseo re ka li sebelisang tšebeletsong.
Bana ba rōna kaofela ba kolobelitsoe. Ha e le hantle, Dorcas le Samuel ba sebelelitse e le bo-pula-maliboho ho tloha ka 1994, ’me ho tloha ha Jaimito a kolobetsoa, e bile pula-maliboho ea thusang. Bana ba ntse ba le sekolong, ’me e mong le e mong oa bona o na le pakane ea ho eketsa tšebeletso ea hae ha a qeta. Alita o leka-lekanya nako ea hae pakeng tsa bopula-maliboho le ho hlokomela lelapa la rōna. Ka lilemo tse ngata, ho akarelletsa tseo ke li qetileng ke le likampong botlamuoeng, ke sebelelitse ke le pula-maliboho. Leha ho le joalo, ho tloha ka 1993, ke sebelelitse ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova motšehare.
Litlhohonolofatso Tse Tsoang ho Molimo li Tsoela Pele
Ka 1997, ke ile ka fumana tlhohonolofatso e ’ngoe e hlollang ea ho ba teng thupelong ea likhoeli tse peli ea litho tsa Komiti ea Lekala. Thupelo eo e ne e tšoaretsoe United States Setsing sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, New York. Kahoo, boiteko ba ka ba ho ithuta Senyesemane bo ile ba boela ba putsoa. Ha ke le tseleng e khutlelang hae, ke ile ka khona ho etela bahlanka ba Jehova ba libakeng tse ling, ’me sena se ile sa tlatsa pelo ea ka kananelo hakaakang ka mokhatlo oa bara ba motho oa lefatšeng ka bophara!
Lona lerato lena le har’a Bakreste ba ’nete e bile tšobotsi e tlatsetsang ho huleleng ba bang ba likete ba tšepahalang hore ba ikopanye le Lipaki tsa Jehova Mozambique. (Johanne 13:35) Ho tloha ho ba ka bang 7 000 ba neng ba bolela ha re ne re isoa kampong ea botlamuoa, hona joale re ka holimo ho ba 29 000 ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ho pholletsa le Mozambique. Bana ba kopanela liphuthehong tse fetang 665; li ne li le 4 feela ka 1958.
Ka 1993, ho ile ha fumanoa tumello ea ho ba le ofisi ea lekala Maputo e tla lula basebetsi ba lekala ba fetang 75 ’me e hlokomele keketseho e babatsehang ea borapeli bo hloekileng Mozambique. Ka mor’a ho hahoa ka lilemo tse ka bang ’nè, mohaho o ile oa fela. Ka hona, ka la 19 December, 1998, thabo ea rōna e ile ea khaphatseha ha batho ba 1 098 ba tsoang linaheng tse ngata ba tlile nehelanong ea mehaho ena e metle. Lenaneong leo, ke ile ka ba le tokelo ea ho buisana le batho ba bang ba ileng ba qeta lilemo tse ’maloa ba le botlamuoeng Carico. Ke ile ka kōpa hore ba ileng ba ba botlamuoeng ba phahamise matsoho, ’me bamameli ba ile ba ameha ka ho teba ha ba makholo ba phahamisa matsoho.
Letsatsing le hlahlamang letšoele la ba 8 525 le ile la bokana Holong ea Kopano ea Matola ho tla mamela lenaneo le phetoang la nehelano, litlaleho tse khothatsang tse tsoang linaheng tse ling le lipuo tse thehiloeng Bibeleng tse fanoang ke baeti ba tsoang ntlo-khōlō ea lefatšeng ea Lipaki tsa Jehova, Brooklyn, New York.
Ke ’nete hore ho tloha ha ke tseba ’nete ea Bibele ha ke sa le moshemane, ke thulane le khanyetso ea lelapa, litšokelo tsa ho bolaoa le mahloriso a sisimosang hoo ka linako tse ling ke neng ke ee ke nahane hore ho shoa ho molemo ho feta ho phela. Leha ho le joalo, kea thaba hobane ka lebaka la liphihlelo tsena, kamano ea ka le Jehova e ’nile ea ntlafatsoa. Ka sebele, ho joalokaha mopesaleme oa Bibele a ile a re, “Molimo ke mothusi oa ka, [“Jehova,” NW] ke e mong oa ba emelang bophelo ba ka.” (Pesaleme ea 54:4) E bile tokelo e ikhethang ho ’na le ho lelapa la ka ho sebeletsa Jehova hammoho le lelapa la hae la lefatše ka bophara la barapeli.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Lipaki ka pel’a Holo ea ’Muso e ileng ea hahoa ha li ntse li arotsoe ho batho ba bang
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Re thabela thuto ea rōna ea lelapa ea Bibele
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ba ileng ba ba likampong Carico ba ile ba phahamisa matsoho