Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 6/1 maq. 21-25
  • Ho Sebeletsa Jehova Nakong e Tšoanelehang le Nakong e Thata

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebeletsa Jehova Nakong e Tšoanelehang le Nakong e Thata
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha re ne re le Moo Malawi?
  • Molekane oa Bophelo o Kopana le ’na
  • Ho Atolosa Tšebeletso ea Rōna
  • Ke Lumelletse Jehova Hore a Ntataise Bophelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Molimo e ’Nile ea E-ba Mothusi oa Rōna
    Tsoha!—1999
  • Kamehla Jehova oa re Tsotella
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ho Thabela “Bophelo ba Hona Joale” ka ho Feletseng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 6/1 maq. 21-25

Ho Sebeletsa Jehova Nakong e Tšoanelehang le Nakong e Thata

Joalokaha ho boletse Hal Bentley

LITOKISETSO li ne li se li entsoe bakeng sa kopano ea potoloho ea Lipaki tsa Jehova motsaneng o mong oa Nyasaland (eo hona joale e leng Malawi). Molebeli oa potoloho le molebeli oa setereke ba ne ba etsa tlhahlobo ea bona ea ho qetela ea sethala se entsoeng ka joang le leqala le mekhoro ea joang bakeng sa marobalo. Ka tšohanyetso, ba ile ba lika-likoa ke sehlopha se seng sa mahoohoo se neng se ntse se ipatile morung o haufi. Sehlopha seo sa mahoohoo se ile sa chesetsa mekhoro eo le sethala ’me sa kharameletsa baena bao ba babeli matlong ao ba neng ba lula ho ’ona.

Mosali oa molebeli oa setereke, Joyce Bentley, o ile a tla a matha ho tla bona se etsahalang. Le eena o ile a sutumelletsoa morao. Moeta-pele oa sehlopha seo sa mahoohoo o ile a hoeletsa a re mzungu (lekhooa) o tlameha ho tsamaea hang-hang. Sehlopha seo sa mahoohoo ha sea ka sa re lumella hore re nke thepa ea rōna ’me se ile sa re kharameletsa ka har’a Land-Rover ea rōna. Sehlopha seo se ile sa pota-pota sepalangoang seo—banna, basali, le bana—se ntse se hooa “Pitani mzungu” (Tsamaea, lekhooa) ’me se re “Kwacha” (Tokoloho). Re ne re lebelletse hore ba phethole Land-Rover ’me re ile ra rapela Jehova re khutsitse. Empa letšoele leo le ile la fokotseha, ’me re ile ra leba setsing se haufi sa sepolesa, Mzimba, se hōle ka lik’hilomithara tse ka bang 50.

Hamorao re ile ra khutla re tsamaea le ofisiri ea sepolesa e tsamaeang e le ’ngoe. Ka baka la khathatso e neng e le libakeng tse ling, ke eona feela e neng e ka fumaneha. Ha re fihla sebakeng seo re neng re lika-likiloe ke mahoohoo teng, re ile ra fumana ho hlonngoe folaga ea Malawi Congress Party ka ntle ’me ho takiloe litlhaku tsa M.C.P. leboteng le leng la makote. Leha ho le joalo, ka mor’a hore lepolesa leo le bue le batho ba sebaka seo, ba ile ba re lumella hore re laele thepa ea rōna ka har’a Land-Rover.

Re ile ra boela ra fumana molebeli oa potoloho, Rightwell Moses, hammoho le mosali oa hae. O ne a ile a mathela ka morung nakong ea mofere-fere oa sehlopha seo sa mahoohoo. Empa Rightwell o ne a batlile a khangoa ke metsi nōkeng e ’ngoe e haufi. Sehlopha seo sa mahoohoo se ne se boetse se nkile lijo tsohle tsa kopano. Eaba se etsa hore baena ba tsamaee ba entse mokoloko ba lebe ’ng̀a e ’ngoe ’me bo-khaitseli le bana ba lebe ka ’ng̀a e fapaneng lik’hilomithara tse ’maloa ho fihlela sehlopha seo sa mahoohoo se khathala ’me se ba tlohela.

Ketsahalo ena e ne e le e ’ngoe ea tse ngata tse ileng tsa fihla sehlohlolong ka ho thibeloa ha mosebetsi Malawi, tse ileng tsa lebisa ho hlorisoeng ho sehlōhō ha Lipaki tsa Jehova, ho akarelletsa lipolao, ho shapuoa ho mabifi, ho betoa ha basali, le ho koalloa chankaneng.

Ke Hobane’ng ha re ne re le Moo Malawi?

Ka la 28 June, 1916, ke ile ka hlahela motseng oa Leeds, Yorkshire, Engelane, ke le ngoana oa ho fela lelapeng la bana ba bahlano. Lelapa leso e ne e se la bolumeli ’me le ne le sa kene kereke.

Ka 1939, ha Ntoa ea II ea Lefatše e qhoma, batsoali ba ka ba ne ba se ba hlokahetse ka bobeli. Ka June 1940, ha ke ne ke le lilemo li 24 feela, ke ne ke apere seaparo se seng sa sesole, ’me ka lilemo tse hlano tse latelang, ke ile ka sebeletsa litsing tse sa tšoaneng tsa mabotho a hlometseng. Nakong ea lilemo tseo, ha ke ne ke lutse likampong tseo ho sebelisoang merathatha ho tsona lebōpong le ka leboea-bochabela ho Engelane ’me ke talimile sepaka-pakeng se tletseng linaleli, ho ne ho e-ba le linako tseo ka tsona ke neng ke atisa ho nahana ka Molimo le ho ipotsa hore na ke hobane’ng ha Moetsi oa botle bo bokaalo a ne a ka lumella pefo e joalo, tšollo ea mali, le ho sotleha har’a batho. Ebile feela ka mor’a hore ke lokolloe lebothong leo ke ileng ka fumana karabelo lipotsong tsa ka tse ngata tseo ka nako e telele li neng li ntsielitse.

Mantsiboeeng a mang a mariha a batang selemong seo, motho e mong o ile a kokota monyakong oa ka. Eitse ha ke bula ka fumana monna e mong ea hōlileng ea ileng a qala ho bua ka Bibele. Hona ho ile ha lebisa thutong ea Bibele ’me ka mor’a nako ha lebisa ho kolobetsoeng ha ka ka April 1946. Ka 1949 ke ile ka tlohella mosebetsi oa ka ’me ka ba mosebeletsi oa pula-maliboho oa Lipaki tsa Jehova.

Eaba ke sebeletsa Bethele ea London lilemo tse ka holimo ho tse tharo, ’me ka 1953 ka memeloa ho kena sehlopheng sa bo23 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower Lansing Boroa, New York, hore ke koetlisetsoe ho ba moromuoa. Ka mor’a nako e itseng, ke ile ka fumana kabelo ea boromuoa sebakeng seo e neng e le Nyasaland ka nako eo. Hamorao ke ile ka romeloa mosebetsing oa setereke. Ka lilemo tse hlano ke ile ka tsamaea hohle naheng eo e ntle ke le mohlankana oa lesoha. Ke ile ka hōla leratong la ka ho batho, ba neng ba thabile haholo ’me ba amohela baeti le hoja ba bangata ba ne ba e-na le lintho tse bonahalang tse fokolang ka ntle ho lirapa tsa bona tsa poone, likhōhō tse seng kae, le lipōli kapa likolobe. Ba bang e ne e le batšoasi ba litlhapi ba hloahloa. Ke ne ke robala le bona matlong a bona a makote le lipalo a itekanetseng ’me ke ne ke tsamaea le bona mosebetsing oa ho bolela ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong. Ke ne ke boetse ke thabela ho kopanela botsoalle le bona likopanong tsa bona tse leng libakeng tse sa sireletsoang, ha ba ne ba ee ba lule le malapa a bona ba mametse libui ka hloko e khōlō, le hoja ka linako tse ling pula e ne e tšoloha!

Ha ke ne ke lula motseng o itseng, e mong le e mong, ba baholo le ba banyenyane, o ne a ee a tle ho ’na ’me a ntumelise, a re: “Moni, muli bwanji?” (Lumela, u phela joang?) Esita leha ke ne ke tsamaea ke tloha motseng o mong ke ea motseng o mong, batho ba ne ba ee ba khaotse ho hlaola masimo a bona ’me ba ntumelise.

Phutheho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke e etela hammoho le molebeli oa potoloho e ne e ee e hahe ntlo e khethehileng bakeng sa ka. Ka linako tse ling e ne e ee ebe e hahuoeng ka thata e entsoeng ka lipalo e nang le marulelo a joang, eo ke neng ke e ananela haholo. Empa ke ile ka hlokomela hore ho nka nako e teletsana hore marulelo a macha a joang a se ke a nela!

Ka nako e ’ngoe baena ba ile ba nkhahela ntlo e entsoeng ka joang bo botenya ba qokoa ka ho felletseng. E ne e e-na le mahlakore a mararo, Land-Rover ea ka e le eona lehlakore la bone. E ne e le phuleng ea Nōka ea Shire, moo ho chesang selemo sohle, le moo menoang e sebetsang ka lihlopha tse fapaneng, kamoo ho ka boleloang ka teng, hoo e sa feng motho tšoea motšehare kapa bosiu! Ka ntle ho lesela le thibelang monoang le senyanyatsi se thibelang monoang, ho ne ho batla ho le thata ho tsoela pele ka mamello.

Molekane oa Bophelo o Kopana le ’na

Ka 1960 mosali oa ka e mocha o ile a kopana le ’na, Joyce Shaw, ea neng a ntse a sebeletsa e le moromuoa Ecuador. E, ka mor’a ho thabela mpho ea bosoha ka lilemo tse itseng, ke ile ka hlohonolofatsoa ka mpho e ’ngoe hape—lenyalo—eo ke ntseng ke e ananela ka ho teba ka mor’a lilemo tse 30. ’Na le Joyce re ’nile ra hlohonolofatsoa ka liphihlelo tse ngata tse hlollang hammoho.

Ketsahalong e ’ngoe, ba sebelisa lipalo le joang, baena ba ile ba haha borokho bo tšelelang ka ’ng̀ane ho molatsoana o mong. Hona ho ile ha etsoa e le hore nka tšelela motseng oo ho ’ona ba neng ba batla hore ke e’o bontša filimi ea Mokhatlo, “Mokhatlo oa Batho oa Lefatše le Lecha oa Sebetsa.” Empa koloi e nyenyane e nkang liphahlo e huloang ke Land-Rover e ile ea thula palo borokhong. Ba sa tšabe letho, baena ba ile ba hakolla koloi eo e nyenyane e nkang liphahlo, ho ileng ha ntumella hore ke khannele ka thōko ho borokho, joale ba tšelisa koloi e nyenyane e nkang liphahlo. Re ile ra bapalisa filimi eo ka katleho.

Ka linako tse ling linōka li ne li pharalletse haholo hore li ka etsetsoa borokho. Joale baena ba ne ba ee ba ntše ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka har’a Land-Rover—mochine o fehlang motlakase o monyenyane, mochine o bapalisang litšoantšo, lifilimi, bethe—’me ba tšelele ka ’ng̀ane ba tsamaea ka har’a nōka, ha ’na ke ne ke tšelisoa ke jeroe mahetleng a tiileng a moena e mong. Bo-khaitseli ba babeli ba ne ba ee ba tšelise Joyce ba mo jere. Linōka tse ling li ne li tebile haholo. Linōka tsena re ne re li tšela ka borokho ba nakoana feela bo entsoeng ka kalana ea lepolanka le matla le behiloeng holim’a litoromolo tse robeli ho isa ho tse leshome tse khōlō. Joale batšelisi ba bang ba babeli ba ne ba ee ba re hulele ka ’ng̀ane ka ropo.

Baena ba Malawi ba ne ba thusa haholo ebile ba le mosa ’me ba ne ba re tšoara ka tlhompho e tebileng. Sebakeng se seng batho ba moo ba ne ba soketse ka hore ba tla chesetsa ntlo eo re neng re lula ho eona, kahoo baena ba ile ba sesa bosiu bohle ba sa robala hore ba kholisehe ka tšireletseho ea rōna. Esita le pele ho thibeloa ha Lipaki tsa Jehova ho etsoa ka 1967, ho ne ho e-na le maemo a kotsi, ho akarelletsa le bo hlalositsoeng qalong ea pale ena. Baena le bo-khaitseli ba bangata ba Malawi ba ka be ba tetse bophelo ba bona bakeng sa rōna.

Ketsahalong e ’ngoe ke ne ke sebetsa ka ntlo le ntlo le moena e mong ea neng a e-na le kuru e khōlō phatleng ea hae. Matsatsing a seng makae pejana o ne a otliloe ka ho sisimosang. O ile a fana ka bopaki bo botle ntlong e ’ngoe ka botsitso ho mong’a ntlo. Ka mor’a hore re tsamaee, moena eo o ile a re: “Monna eno ke eena ea nkotlileng hampe tjena!” Ke ile ka hopola mantsoe a Pauluse: “Le se ke la busetsa bobe ka bobe, leha e ka ba ho mang le mang . . . U mpe u hlōle bobe ka botle.”—Ba-Roma 12:17-21.

Ho Atolosa Tšebeletso ea Rōna

Ha re ntse re le Malawi, ’na le Joyce re ne re etela naheng e haufi ea Mozambique khafetsa. Tsebo ea hae ea Sepanishe, eo a ileng a e fumana ha a ntse a sebeletsa Ecuador, e ile ea thusa, kaha batho ba Mapotoketsi ba ne ba ka mo utloisisa. Ka mor’a nako re ne re se re khona ho qoqa ka Sepotoketsi. Re ile ra tsoela pele ho etela Mozambique re tloha kabelong ea rōna ea bobeli, Zimbabwe. Kereke ea K’hatholike e ne e hanyetsa mosebetsi oa ho bolela ka matla ’me ea fehla khathatso. Empa nakong ea lilemo tse leshome tse latelang, re ne re atisa ho latsoa tlhokomelo e lerato ea Jehova le tšireletso ha re ntse re batla ba seka linku moo.

Ho le leng la maeto a rōna Mozambique, re ile ra etela mosali e mong ea thahasellang ka leboea ho kou ea Beira. Ngoan’abo ea neng a le Portugal o ne a ile a mo ngolla ’me a mo hlalosetsa ka ho qaqileng tse ling tsa lintho tse babatsehang tseo a neng a ithutile tsona ka ho ithuta le Lipaki tsa Jehova. Mosali eo o ne a ile a hlahloba lintho tsena ka Bibeleng ea hae ’me o ne a se a bile a qalisitse ho bolella baahisani ba hae ka tsona. Aterese eo re neng re e-na le eona feela e ne e le lebitso la karache eo monna oa hae a neng a sebetsa ho eona.

Eitse ha re atamela monyako oa mohaho oo ho sebeletsoang ho oona, monna e mong o ile a botsa hore na o ne a ka re thusa. Re ile ra kōpa ho bona monna oa mosali eo. O ile a re supisa motho e mong ea lokisang makoloi ea neng a ntse a lokisa koloi ’me a re siea hang-hang. Re ile ra itsebisa motho eo ea lokisang makoloi ’me ra re re ne re rata ho etela mosali oa hae. O ne a tšohile haholo. Ha a ntse a tsamaea le rōna ho ea lehaeng la hae, o ile a hlalosa hore monna eo re neng re buile le eena pele o ne a le tseleng hore a tlalehe ho fihla ha rōna ho mookameli oa sebaka seo oa P.I.D.E. (mapolesa a sekhukhu). Re ne re oetse lerabeng! O ile a boela a hlalosa hore mosali oa hae, ka baka la tšebetso ea hae ea ho bolela, o ne a ntse a lisitsoe ke mapolesa ka nako e itseng ka baka la ho belaelloa le hore a ile a tšoara lengolo le neng le ’molella hore re ne re tlil’o mo etela. A ne a nkile Bibele ea hae, empa ka bohlale o ne a patile Bibele e ’ngoe! Hape a ne a ile a tlisa mobishopo e mong oa K’hatholike hore a leke ho mo susumelletsa hore a khaotse ho bua ka Jehova le ka ’Muso!

Ha re teana le mosali eo ea thahasellang, o ne a nyakalletse haholo ’me a kopa Joyce ka matsoho a hae. O ile a kōpa monna oa hae hore a re lumelle ho lula le bona, empa o ile a hana ’me a khutlela mosebetsing. Re ile ra sebelisa leeto leo le lekhutšoaane hamolemohali, re mo fa khothatso e tsoang ka Bibeleng le ho mo babatsa ka hore ebe o ile a nka boemo bo tiileng joalo. E le hore re qobe ho ’makela mathata a eketsehileng, re ile ra tsamaea empa ra mo tšepisa ho khutla hape hamorao ha boemo bo se bo ntlafetse. Eitse ha re tloha ntlong eo ’me re boela re tlatsa tanka ea rōna petrole karacheng e ’ngoe, re ile ra hlokomela hore re ne re talinngoe, empa ha rea ka ra tšoaroa. Eaba re fetela Beira ’me ra etela phutheho e ’ngoe e nyenyane moo pele re khutlela Zimbabwe. Likhoeli tse seng kae hamorao re ile ra fela ra khutla ’me ra khona ho thabela lijo le mosali eo ea thahasellang hammoho le monna oa hae le morali. Qetellong o ile a kolobetsoa nakong ea ha a etetse Portugal ’me a fetoha mohoeletsi ea chesehang oa ’Muso.

Ho elella ka leboea re ne re etela libaka tse kang Quelimane, Nampula, le Nacala, kou e ’ngoe e nyenyane khafetsa. Nacala re ne re atisa ho etela lelapa la Soares. Monghali Soares o ne a ile a utloa ’nete pele Portugal. Empa eitse ha a fallela Mozambique, baena ba Lourenço Marques (eo hona joale e leng Maputo), motse-moholo oa Mozambique, ba ile ba ithuta le eena le lelapa la hae. Ba ile ba ananela ka ho teba hore ebe re ne re ikemiselitse ho tsamaea lik’hilomithara tse makholo-kholo hore re etele lelapa leo le ka thōko. Ba ile ba tsoela pele hantle. Ba ile ba fallela Afrika Boroa hamorao, moo morali oa bona, Manuela, a sebeletsang Bethele e le mofetoleli oa Sepotoketsi teng.

Re ile ra etela phutheho ea Lourenço Marques ka makhetlo a mangata. Hona ho ne ho akarelletsa leeto la lik’hilomithara tse ka holimo ho 1 100 ho tloha Blantyre litseleng tse mpe. Re ile ra ba le mathata a tebileng a sepalangoang habeli ’me ra lokela hore re huleloe Salisbury (eo hona joale e leng Harare). Empa e ne e le thabo e khōlō ho bona sehlopha se senyenyane se Lourenço Marques se hōla hore ebe phutheho e ntle ho sa tsotellehe ho sebetsa ha bona tlas’a thibelo. Likopano tse nyenyane tsa potoloho li ne li tšoaroa ka mehla. Empa li ne li lokela hore li tšoareloe ka morung joalokaha eka baena e ne e mpa e le sehlopha se seholo feela se thabelang pikiniki. Liketsahalong tse ’maloa ho ile ha lokisetsoa hore ho be le kopano ka mose oane ho leliboho Nelspruit Afrika Boroa. Sena se ile sa thusa baena ba Maputo hore ba ananele mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova le hore ba hōle moeeng.

Phutheho ea Beira le eona e ile ea ba matla. Ka baka la mefere-fere ea lipolotiki Mozambique, baena ba tsoang naheng eo hona joale ba hasane Portugal, Afrika Boroa, Canada, Brazil, United States, le libakeng tse ling. Tlotla eohle e ea ho Jehova, ea ileng ‘a etsa hore peō e mele.’ (1 Ba-Korinthe 3:6, 7) E, ka lilemo tse leshome re bile le tokelo ea ho thusa baena Mozambique tlas’a puso ea Mapotoketsi. Ha re hetla morao, re makalla tsela eo ka eona Jehova a ileng a re bulela monyako oa ho etsa sena.

Ketsahalong e ’ngoe, ha re ne re etetse ka leboea Nampula, re ile ra tšoaroa ke setho se seng sa P.I.D.E. Libuka tsohle tsa rōna, ho akarelletsa le Libibele, li ile tsa nkoa, ’me re ile ra bolelloa hore re ne re ke ke ra hlola re lumelloa ho khutlela Mozambique. Ho sa tsotellehe hoo, ka thuso ea Jehova re ile ra khona ho etela naheng eo ka makhetlo a mang a mangata. Nako e ’ngoe le e ’ngoe ha re ne re fihla lelibohong, re ne re atisa ho kōpa thuso ea hae le tataiso e le hore re ne re ka finyella thato ea hae le ho fana ka khothatso le koetliso tse neng li hlokahala ka matla ho baena ba rōna naheng eo.

Ka 1979 re ile ra fallisetsoa Botswana. E na le sebaka se seholo, hoo e ka bang halofo ea Afrika Boroa ka boholo. Kaha boholo ba sebaka seo ke lehoatata, Kalahari, ho na le baahi ba ka tlaasana ho millione o le mong. Mona re bile le litokelo tse kang tsa ho thusa ho haha Holo ea ’Muso le lehae la baromuoa Gaborone, motse-moholo. Tokelo e ’ngoe e bile ho thusa batšabeli ba buang Sepotoketsi ba tsoang Angola le ho ithuta Bibele le bona.

Hape re ile ra khona ho thusa bacha ba ’maloa ba tsoang Zimbabwe. Ho bonahala hore naheng ena ea boahisani, Lipaki tsa Jehova, ka tokisetso e ’ngoe e khethehileng, li ne li lumelletsoe ho ruta Thuto ea Bibele likolong tse ling. Sena se ile sa tsosa thahasello ho bacha bana. Eitse ha ba fallela Botswana hamorao, re ile ra teana le bona, ’me ba ile ba kōpa thuto ea Bibele. Leha ho le joalo, batsoali ba bona ba ne ba hanyetsa, kahoo ba ne ba lokela hore ba tle lehaeng la baromuoa hore ba ithute. Ba ile ba tsoela pele hantle ’me ba fetoha Lipaki tse kolobelitsoeng.

Ha ke hetla morao lilemong tse 41 tsa tšebeletso ea nako e tletseng linaheng tse robeli, ke leboha Jehova ka ho teba ka baka la mahlohonolo a mangata ao ke a thabetseng. Ha hoa ka ha e-ba bonolo, empa e ’nile ea e-ba thabo e khōlō ho ’na le Joyce ho thusa ba bangata hore ba eme ba tiile bakeng sa ’Muso le ho bona tsoelo-pele e ntle ho sa tsotellehe mathata a mangata le khanyetso e matla. Ka sebele e bile taba ea ‘ho bolela lentsoe, le ho le khomarela ka potlako nakong e tšoanelehang le nakong e thata.’ E, tšebeletso ea nako e tletseng ke phihlelo e enneng le tokelo e khōlō eo re e khothalletsang ka pelo eohle ho ba ka etsang hore bophelo ba bona bo lumellane le eona hore ba e thabele.—2 Timothea 4:2 NW.

[’Mapa o leqepheng la 21]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

ANGOLA

ZAMBIA

MALAWI

Mzimba

Blantyre

MOZAMBIQUE

Nacala

Beira

Maputo

ZIMBABWE

Harare

NAMIBIA

BOTSWANA

Gaborone

SOUTH AFRICA

INDIAN OCEAN

600 km

400 mi

[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]

Ha linōka li ne li tebile haholo, batšelisi ba babeli ba ne ba ee ba re hulele ka ’ng̀ane ka ropo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela