Pale ea Bophelo
Ho Thabela “Bophelo ba Hona Joale” ka ho Feletseng!
JOALOKAHA HO BOLETSE TED BUCKINGHAM
Ha ke tšoaroa ke lefu la pholio ka tšohanyetso ke ne ke e-na le lilemo tse tšeletseng ke le mosebeletsi oa nako e tletseng ke bile ke e-na le likhoeli tse tšeletseng ke le lenyalong. Sena se etsahetse ka 1950, ’me ke ne ke e-na le lilemo tse 24 feela. Ha ke ntse ke le sepetlele ka likhoeli tse robong, ke ile ka ba le nako e ngata ea ho nahana ka thata ka bophelo ba ka. Ebe ho kula ha ka ho ne ho tla ama joang bokamoso ba ka le ba mosali oa ka, Joyce?
KA 1938 Ntate, eo e neng e se molumeli, o ile a fumana buka e bitsoang Government.a Mohlomong o ile a batla buka ena ka lebaka la moferefere oa lipolotiki le ka lebaka la ntoa e neng e nkha moeeng. Kamoo ke tsebang kateng, ha aa ka a e bala, empa e ile ea baloa ke Mè, kaha o ne a rata bolumeli haholo. ’Mè o ile a potlakela ho sebelisa molaetsa oa eona. O ile a itokolla Kerekeng ea Chache eaba e ba Paki e tšepahalang ea Jehova ho sa tsotellehe khanyetso ea Ntate, ’me o ile a lula e le Paki ho fihlela a hlokahala ka 1990.
’Mè o ile a ea le ’na sebokeng sa pele sa Bokreste Holong ea ’Muso ea Epsom, karolong e ka boroa ea London. Phutheho eo e ne e kopanela moo e neng e le lebenkele pele, ’me re ile ra mamela puo e rekotiloeng ea J. F. Rutherford, eo e neng e le molebeli oa mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova ka nako eo. E ile ea nkama ka botebo.
Liqhomane tse ngata tse ileng tsa liheloa ha ho ne ho hlasetsoe London ka lifofane tsa ntoa li ile tsa eketsa maemo a kotsi. Kahoo, ka 1940 Ntate o ile a etsa qeto ea ho fallisetsa lelapa sebakeng se batlang se sireletsehile sa Maidenhead, e leng motsana o bohōle ba lik’hilomithara tse 45 ka bophirimela ho London. Sena se ile sa e-ba molemo, kaha litho tse 30 tsa phutheho li ile tsa re khothatsa haholo. Fred Smith, e leng mokaubere oa Mokreste ea kolobelitsoeng ka 1917, o ile a ipha nako ea ka a ba a nkoetlisa hore ke be ’moleli ea atlehang. Ke tjena ka lebaka la mohlala oa hae le thuso ea hae e lerato.
Ho Kenela Tšebeletso ea Nako e Tletseng
Ka letsatsi le leng ka March 1941, ha ke le lilemo li 15, ke ile ka kolobetsoa nōkeng ea Thames ho bata. Nakong eo, moholoane oa ka, Jim, o ne a se a ngoliselitse ho ba moevangeli oa nako e tletseng. Kajeno, eena le mosali oa hae, Madge, ba lula Birmingham, ka mor’a ho qeta nako e telele haholo ba sebeletsa Jehova mosebetsing oa potoloho le oa setereke Brithani. Khaitseli ea ka e nyenyane, Robina, le monna oa hae, Frank, le bona e sa ntse e le bahlanka ba tšepahalang ba Jehova.
Ke ne ke le ’moloki oa libuka femeng e ’ngoe ea mese. Ka letsatsi le leng mookameli o ile a mpitsetsa ofising ea hae eaba o ntšepisa mosebetsi o motle oa ho rekela feme. Leha ho le joalo, ho ne ho fetile nako e itseng ke ntse ke nahana ho latela mohlala oa moholoane oa ka, kahoo, ke ile ka hana tlhahiso ea mohiri oa ka empa e se hampe, ’me ka mo hlalosetsa lebaka. Ke ile ka makala ha a mpabatsa hore ebe ke batla ho etsa mosebetsi oo oa bohlokoa oa Bokreste. Kahoo, ka mor’a kopano ea setereke e neng e le Northampton ka 1944, ke ile ka ba moevangeli oa nako e tletseng.
Kabelo ea ka ea pele e ile ea nkisa Exeter, seterekeng sa Devon. Motse ona o ne o ntse o tsosolosoa butle-butle kaha o ne o ile oa hlaseloa ka libomo nakong ea ntoa. Ke ne ke lula foleteng eo ke fumaneng bo-pula-maliboho ba babeli ho eona, e leng Frank le Ruth Middleton, ba neng ba le mosa haholo ho ’na. Ke ne ke le lilemo li 18 feela, ke e-na le phihlelo e nyenyane ea ho hlatsoa, ho tereka le ho pheha, empa boemo bo ile ba ntlafala ha ke ntse ke ithuta.
Mphato oa ka boboleling e ne e le Victor Gurd oa Leaerishe ea neng a e-na le lilemo tse 50, ’me a qalile ho paka ka bo-1920. O ile a nthuta ho etsa kemiso e molemo ea nako, ho ba le tjantjello e tebileng ea ho bala Bibele le ho ananela bohlokoa ba liphetolelo tse fapa-fapaneng tsa Bibele. Mohlala o tiileng oa Victor ke ntho eo ke neng ke hlile ke e hloka lilemong tseo tsa ha ke ntse ke hōla.
Bothata ba ho se Jele Paate
Ntoa e ne e tla tloha e lala, empa ba boholong ba ne ba sa ntse ba leka ho thaothela banna ba bacha lilemong hore ba kenele sesole. Ke ne ke ile ka hlaha ka pel’a lekhotla ka 1943 Maidenhead, moo ke neng ke ile ka hlalosa ka ho hlaka taba ea hore ke lokolloe hobane ke le ’moleli oa Kosepele. Le hoja ba ne ba hanne boipiletso ba ka, ke ile ka etsa qeto ea ho fallela Exeter e le hore ke tsoele pele ka tšebeletso ea ka. Kahoo, qetellong ke ile ka bitsetsoa ka pel’a lekhotla la Exeter. Ha mastrata a nkahlolela likhoeli tse tšeletseng ke sebetsa ka thata chankaneng, o ile a mpolella hore o masoabi hore ebe a ke ke a nkahlolela nako e telele ho feta eo. Ka mor’a ho sebetsa likhoeli tseo tse tšeletseng, ke ile ka khutlisetsoa chankaneng ka likhoeli tse ling tse ’nè.
Kaha e ne e le ’na Paki ke le mong chankaneng eo, balebeli ba ne ba mpitsa Jehova. Ha ho bitsoa mabitso ’me ke bitsoa ka lebitso leo, ke ne ke sa phutholohe, ke ne ke arabela hobane feela ke ne ke tlameha, empa ho ne ho thabisa ho utloa lebitso la Molimo le phatlalatsoa letsatsi le letsatsi! Le ne le tsebisa batšoaruoa ba bang hore ke behiloe ka har’a bona hobane ke le Paki ea Jehova e tšepahalang. Hamorao, Norman Castro o ile a kenngoa chankaneng eona eo, ’me mabitso a ile a fetoloa. Joale re ile ra bitsoa Moshe le Arone.
Ke ile ka tlosoa Exeter eaba ke isoa Bristol ’me qetellong ka isoa chankaneng ea Winchester. Maemo a ne a se matle kamehla, empa ho itloaetsa ho tšeha ho ne ho thusa. ’Na le Norman re ile ra thabela ho keteka Sehopotso hammoho ha re ntse re le Winchester. Francis Cooke, ea neng a re etela chankaneng, o ile a re behela puo e monate ea Sehopotso.
Liphetoho Lilemong Tsa ka Mor’a Ntoa
Kopanong ea Bristol ka 1946, moo ho ileng ha lokolloa buka ea ho ithuta Bibele ea “’Nete e be ea Molimo,” ke ile ka kopana le pabala ea moroetsana ea bitsoang Joyce Moore, ’me le eena e ne e le pula-maliboho Devon. Setsoalle sa rōna se ile sa tiea, ’me ka mor’a lilemo tse ’nè re ile ra chatela Tiverton, moo ke neng ke bile teng ho tloha ka 1947. Re ile ra lula ntlong e hiriloeng moo re neng re lefa 15 sheleng ka beke. Re ne re phela hamonate haholo!
Selemong seo re nyalaneng ka sona, re ile ra fallela ka boroa toropong ea Brixham, e leng toropo e ntle e koung ea likepe moo ho ileng ha qaptjoa mokhoa oa ho tšoasa litlhapi ka matlooa a huloang ka likepe. Leha ho le joalo, re ne re sa tsoa fihla ha ke hlaseloa ke lefu la pholio ha re le tseleng re e-ea kopanong e ’ngoe London. Ke ile ka ilibana. Joalokaha ke se ke boletse, ke ile ka qetella ke lokolotsoe sepetlele ka mor’a likhoeli tse robong. Ke ile ka holofala letsoho le letona le maoto ka bobeli, ’me le hona joale a ntse a holofetse, ’me ke ile ka tlameha ho tsamaea ka molamu. Mosali oa ka ea ratoang e ne e le motšehetsi oa ka ea thabileng le ea khothatsang kamehla, haholo kaha o ile a tsoela pele tšebeletsong ea nako e tletseng. Ebe joale re ne re tla etsa joang? Ke ne ke tla tloha ke tseba hore letsoho la Jehova ha lea khutsufala.
Selemong se latelang re ile ra ea kopanong Wimbledon, London. Nakong ena ke ne ke sa tsamaee ka molamu. Ke moo re ileng ra kopana le Pryce Hughes, eo e neng e le molebeli oa mosebetsi Brithani. Hang-hang o ile a ntumelisa a re: “Ka tla ka thaba ha ke u bona! Re u batla mosebetsing oa potoloho!” Sena se ile sa nkhothatsa haholo! Na bophelo ba ka bo ne bo tla ntumella? ’Na le Joyce re ile ra ipotsa hore na ho tla khoneha, empa ka mor’a ho nka beke ke koetlisoa le ka lebaka la ho tšepa Jehova ka ho feletseng, re ile ra khutlela karolong ea Engelane e ka boroa-bophirimela, moo ke neng ke abetsoe ho sebeletsa ke le molebeli oa potoloho teng. Nakong eo ke ne ke e-na le lilemo tse 25 feela, empa ka teboho e khōlō ke sa ntse ke hopola mosa le mamello ea Lipaki tseo tse ileng tsa nthusa haholo.
’Na le Joyce re ile ra fumana hore mosebetsi oa puso ea Molimo oa ho etela liphutheho, o re atametsa haholo ho bara le baralib’abo rōna ba Bakreste. Re ne re se na koloi, ka lebaka leo re ne re tsamaea ka terene kapa ka bese. Le hoja e ne e le hona ke ntseng ke tloaela litšitiso tse bakoang ke bokuli ba ka, re ile ra thabela litokelo tsa rōna ho fihlela ka 1957. Re ne re phela hamonate, empa selemong seo ho ile ha hlaha phephetso e ’ngoe.
Ho ea Tšebeletsong ea Boromuoa
Re ile ra thaba haholo ha re fumana memo ea ho ea ba sehlopheng sa bo30 sa Gileade. Ke ne ke tloaela bokuli ba ka, kahoo, ’na le Joyce re ile ra amohela memo eo ka thabo. Phihlelo e ne e re bontšitse hore kamehla Jehova o fana ka matla haeba re batla ho etsa thato ea hae. Likhoeli tse hlano tsa ho koetlisoa ka matla Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, se lutseng botleng South Lansing, New York, U.S.A., li ile tsa feta ka potlako. Boholo ba liithuti e ne e le banyalani ba mosebetsing oa potoloho. Ha ho botsoa sehlopha hore na ho na le ba ka ithaopelang ho ba baromuoa linaheng lisele, re ile ra ba har’a ba ithaopang kapele. Re ne re tla ea hokae? Uganda, Afrika Bochabela!
Kaha ka nako eo mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o ne o thibetsoe Uganda, ke ile ka eletsoa hore ke jake naheng eo ’me ke batle mosebetsi oa boipheliso. Ka mor’a leeto le lelelele la terene le sekepe, re ile ra fihla Kampala, Uganda. Ba ikarabellang lefapheng la bojaki ha baa ka ba thabela ho re bona ’me ba ile ba re lumella ho lula ka likhoeli tse seng kae feela. Ka mor’a moo re ile ra laeloa hore re tsamaee. Re ile ra latela litaelo tse tsoang ntlo-khōlō tsa hore re ee Rhodesia Leboea (hona joale ke Zambia). Re ile ra thaba haholo ha re boetse re bona ba bane bao re neng re le sehlopheng se le seng le bona Gileade—Frank le Carrie Lewis le Hayes le Harriet Hoskins. Ho tloha moo, ka mor’a nakoana re ile ra fuoa kabelo Rhodesia Boroa (hona joale ke Zimbabwe).
Re ile ra tsamaea ka terene ’me ka lekhetlo la pele ra bona Liphororo Tsa Victoria tse ntle haholo pele re fihla Bulawayo. Re ile ra lula nakoana le ba ha McLuckie, e leng ba bang ba Lipaki tsa pele tse ileng tsa lula moo. ’Me ka lilemo tse latelang tse 16 ra ba le monyetla oa ho ba tseba hantle.
Ho Tloaela Liphetoho
Ka mor’a libeke tse peli tsa ho tloaetsoa tšimo ea Afrika, ke ile ka khetheloa ho ba molebeli oa setereke. Motho ea pakang metseng ea mahae ea Afrika o ne a tlameha ho nka metsi, lijo, lintho tsa ho robala, liaparo, mochine oa libaesekopo le jenereithara, lesela le leholo le lesoeu le lintho tse ling tse hlokahalang. Lintho tsena tsohle li ne li laeloa ka terakeng e matla haholo eo re neng re ka tsamaea ka eona litseleng tse mpe.
Ke ne ke sebetsa le balebeli ba potoloho ba Maafrika ha Joyce eena a ntse a thabela ho thusa basali ba bona le bana ba bona ba neng ba tsamaea le rōna. Ho tsamaea masabasabeng a Afrika hoa khathatsa, haholo ha letsatsi le chesa, empa ke ile ka lemoha kapele hore boemong bona ba leholimo ke ne ke sa kule haholo, ’me ke ile ka leboha haholo.
Batho ka kakaretso e ne e le mafutsana. Ba bangata ba ne ba tetebetse meetlong le tumela-khoeleng ba bile ba nyala sethepu; empa ba ne ba hlompha Bibele haholo. Libakeng tse ling, liboka tsa phutheho li ne li tšoareloa tlas’a lifate tse khōlō tse nang le moriti, ’me mantsiboea ho ne ho bonesoa ka mabone a fanyehiloeng a parafine. Re ne re hlolloa kamehla ha re ithutela Lentsoe la Molimo tlas’a leholimo le tletseng linaleli, e leng karolo e babatsehang haholo ea pōpo ea hae.
Ho bontša libaesekopo tsa Mokhatlo oa Watch Tower metseng ea Maafrika e ne e le ketsahalo e ’ngoe e sa lebaleheng. Phuthehong ho ne ho ka ’na ha e-ba le Lipaki tse 30, empa liketsahalong tsena, re ne re ka lebella batho ba 1 000 kapa ho feta!
Ha e le hantle, linaheng tse chesang tse mongobo, ho kula e ka ba bothata, empa ka linako tsohle hoa hlokahala hore motho a be le tšepo. ’Na le Joyce re ile ra ithuta ho ikamahanya le maemo—ka linako tse ling ke ne ke oka malaria, ’me Joyce eena a oka boloetse bo bakoang ke li-amoeba.
Hamorao re ile ra abeloa ho ea sebetsa ofising ea lekala ea Salisbury (hona joale ke Harare), moo e neng e le tokelo ho sebetsa hammoho le bahlanka ba bang ba tšepahalang ba Jehova, ba bang ba bona e ne e le Lester Davey le George le Ruby Bradley. ’Muso o ile oa nkhethela hore ke be monyalisi, e leng se ileng sa ntumella hore ke tiise manyalo a barab’abo rōna ba Maafrika, ’me seo se ne se matlafatsa kamano ea manyalo a Bakreste ka liphuthehong. Lilemo tse seng kae hamorao, ke ile ka fuoa tokelo e ’ngoe. Ke ne ke lokela ho etela liphutheho tsohle tsa Sekhooa ka hare ho naha. Ka nako e fetang lilemo tse leshome, ’na le Joyce re ile ra tseba barab’abo rōna ka tsela ena, ’me ra thabela ho ba bona ba tsoela pele hantle moeeng. Nakong eo, re ne re boetse re etela barab’abo rōna ba Botswana le Mozambique.
Ho ea Sebakeng se Seng Hape
Ka mor’a ho thaba ka lilemo tse ngata Afrika e ka boroa, ka 1975 re ile ra fuoa kabelo e ’ngoe ea ho ea Sierra Leone, Afrika Bophirimela. Re ile ra tloaela kapele ofising ea lekala ’me ra thabela mosebetsi oa rōna o mocha, empa ea e-ba ka nakoana. Ke ile ka kula ka ba ka fokola ka lebaka la boloetse bo matla ba malaria, ’me qetellong ka tlameha ho ea phekoloa London, moo ke ileng ka eletsoa hore ke se ke ka khutlela Afrika. Re ile ra sareloa, empa ’na le Joyce ra amoheloa ka mofuthu lelapeng la Bethele la London. Barab’abo rōna ba bangata ba Maafrika ba liphuthehong tse ’maloa tsa London, ba ile ba etsa hore re ikutloe eka re ntse re le Afrika. Ha bophelo ba ka bo ntse bo ntlafala, re ile ra tloaela tsela e ’ngoe ea bophelo, ’me ka kōptjoa hore ke hlokomele Lefapha la Theko. Ka lebaka la keketseho eohle eo re e boneng lilemong tse latelang, mosebetsi ona e bile o thabisang haholo.
Mathoasong a bo-1990, moratuoa oa ka Joyce o ile a tšoaroa ke boloetse ba methapo e laolang motsamao oa motho, eaba o hlokahala ka 1994. E ne e le mosali ea lerato, ea tšepahalang le ea khabane, kamehla o ne a ikemiselitse ho ikamahanya le maemo a fapa-fapaneng ao re neng re tobana le ’ona hammoho. Ke ithutile hore e le hore ke sebetsane le tahlehelo ea mofuta ona, ke habohlokoa hore ke lule ke hlaphohetsoe moeeng le hore ke tsoele pele ke lebeletse bokamoso. Ke boetse ke thusoa ke ho rapela Jehova hore a nthuse ho khomarela kemiso e ntle ea puso ea Molimo, e akarelletsang boboleli, e le hore kelello ea ka e tšoarehe ka ho feletseng.—Liproverbia 3:5, 6.
Ho sebeletsa Bethele ke tokelo ebile ke tsela e ntle ea ho phela. Re sebetsa le bacha ba bangata hape ho na le lintho tse ngata tse thabeloang hammoho. Molemo o mong oo re o fumanang ke oa lenane la baeti bao re bang le bona mona London. Ka linako tse ling ke bona metsoalle e ratoang e tsoang moo ke neng ke abetsoe teng Afrika, ebe ka thabo ke hopola lintho tse ngata. Sena sohle se nthusa hore ke ’ne ke thabele “bophelo ba hona joale” ka ho feletseng le hore ke nahane ka kholiseho le ka tšepo ka bophelo “bo tlang ho tla.”—1 Timothea 4:8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E ile ea hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova ka 1928, empa ha e sa hatisoa.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
’Na le ’Mè ka 1946
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
’Na le Joyce mohla lechato la rōna ka 1950
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Kopanong ea Bristol ka 1953
[Litšoantšo tse leqepheng la 27]
(Ka holimo) ke sebeletsa sehlopha se ka thōko ’me (ka letsohong le letšehali) ke phuthehong e Rhodesia Boroa, hona joale e bitsoa Zimbabwe