Pale ea Bophelo
Ho Matlafatsoa ke Mokhatlo oa Rōna oa Lefatše Lohle oa Bara ba Motho
JOALOKAHA HO BOLETSE THOMSON KANGALE
Ka la 24 April, 1993, ke ile ka memeloa lenaneong la nehelo ea mehaho ea ofisi e ncha ea lekala, e neng e akarelletsa mehaho e 13, Lusaka, Zambia. Kaha ke ne ke tsamaea ka thata, morali’abo rōna ea neng a re bontša sebaka sena o ile a mpotsa ka mosa, “Na nka u nkela setulo e le hore u tsamaee u phomola?” ’Na ke motho e motšo, eena ke motho e mosoeu, empa seo se ne se sa etse phapang ea letho ho eena. Ke ile ka thaba haholo ’me ka lumela, kaha mosa oa hae o ile oa nthusa hore ke bone mehaho eohle ea lekala.
HO THEOSA le lilemo, liketsahalo tse kang ena li ’nile tsa nthabisa haholo, tsa tiisa kholiseho ea ka ea hore ka mokhatlong oa Bokreste oa Lipaki tsa Jehova, ho na le lerato leo Kreste a itseng le tla khetholla balateli ba hae ba ’nete. (Johanne 13:35; 1 Petrose 2:17) Ha nke ke le phetele hore na ke ile ka tsebana joang le Bakreste bana khale koana ka 1931, e leng selemo seo ka sona ba ileng ba phatlalatsa hore ba lakatsa ho tsejoa ka lebitso le thehiloeng Bibeleng la Lipaki tsa Jehova.—Esaia 43:12.
Ho Qaleha ha Tšebeletso Afrika
Ka November 1931, ke ne ke e-na le lilemo tse 22 ’me ke lula Kitwe, e sebakeng sa Copperbelt Rhodesia Leboea (eo e leng Zambia hona joale). Ke ile ka tsebisoa Lipaki ke motsoalle e mong eo ke neng ke bapala bolo ea maoto le eena. Ke ile ka ea ho tse ling tsa liboka tsa tsona ’me ka ngolla ofisi ea lekala e Cape Town, Afrika Boroa, ke kōpa buka e thusang ho ithuta Bibele e bitsoang The Harp of God.a Buka ena e ne e ngotsoe ka Senyesemane, ’me ke ne ke sa e utloisise hantle, kahobane ke ne ke sa tsebe puo eo hantle.
Sebakeng sa Copperbelt, se ka bang lik’hilomithara tse 240 ka boroa-bophirimela ho Lake Bangweulu, haufi le moo ke hōletseng teng, ho ne ho hiroa batho ba bangata merafong ea koporo ba tsoang liprofinseng tse ling. Lihlopha tse ngata tsa Lipaki li ne li kopana moo kamehla bakeng sa thuto ea Bibele. Ka mor’a nakoana, ke ile ka tloha Kitwe ka ea toropong ea Ndola e haufi le moo ’me ka qala ho kopanela le sehlopha sa Lipaki moo. Nakong eo, ke ne ke le motsamaisi oa sehlopha sa bolo ea maoto se bitsoang Prince of Wales. Hape ke ne ke sebeletsa lelapa la mookameli e mosoeu oa African Lakes Corporation, e leng k’hamphani e neng e e-na le mabenkele a mangata Afrika e bohareng.
Ke ne ke sa ruteha ’me ke ile ka ithuta Senyesemane se fokolang seo ke neng ke se tseba ho batho ba basoeu bao ke neng ke ba sebeletsa. Leha ho le joalo, ke ne ke ntse ke chesehela ho eketsa thuto ea ka ea sekolo ’me ke ile ka kenya kōpo ea ho ithuta sekolong se seng sa Plumtree, Rhodesia Boroa (eo e leng Zimbabwe hona joale). Leha ho le joalo, khabareng ke ile ka ngolla ofisi ea lekala e Cape Town ka lekhetlo la bobeli. Ke ile ka ba tsebisa hore ke fumane The Harp of God le hore ke batla ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng.
Ke ile ka makala ha ke fumana karabo ea bona, e neng e re: “Rea u babatsa ka takatso ea hao ea ho sebeletsa Jehova. Re u khothalletsa hore u e nahane ka thapelo, ’me Jehova o tla u thusa hore u be le kutloisiso e molemo ea ’nete, ’me o tla u fumanela sebaka sa ho mo sebeletsa.” Ka mor’a ho bala lengolo lena ka makhetlo a mangata, ke ile ka botsa Lipaki tse ngata hore na ke etse joang. Li ile tsa re: “Haeba kannete u lakatsa ho sebeletsa Jehova, hl’o qale hona joale.”
Ke ile ka nka beke eohle ke rapella taba ena ’me qetellong ke ile ka etsa qeto ea ho tlohela thuto ea sekolo le ho tsoela pele ke ithuta Bibele le Lipaki. Selemong se latelang, ka January 1932, ke ile ka bontša boinehelo ba ka ho Jehova Molimo ka ho kolobetsoa metsing. Ka mor’a hore ke tlohe Ndola ke ee toropong e haufinyane ea Luanshya, ke ile ka kopana le molumeli-’moho le ’na ea bitsoang Jeanette, ’me re ile ra nyalana ka September 1934. Ha re nyalana, Jeanette o ne a se a ntse a e-na le mora le morali.
Ke ile ka tsoela pele moeeng hanyane ka hanyane ’me ka 1937, ke ile ka kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Nakoana ka mor’a moo ke ile ka khetheloa ho ba mosebeletsi ea tsamaeang, eo hona joale a bitsoang molebeli oa potoloho. Balebeli ba potoloho ba etela liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova ho li matlafatsa moeeng.
Boboleli Lilemong Tse Qalang
Ka January 1938, ke ile ka fuoa taelo ea ho etela morena oa Moafrika ea bitsoang Sokontwe, ea neng a kōpile hore Lipaki tsa Jehova li mo etele. Ke ile ka tsamaea ka baesekele ka matsatsi a mararo ho ea fihla sebakeng sa hae. Ha ke mo bolella hore ke rometsoe ho eena ka lebaka la lengolo leo a le ngoletseng ofisi ea rōna e Cape Town, o ile a ananela hoo haholo.
Ke ile ka ea ka ntlo le ntlo motseng oo oa hae ’me ka memela batho insaka (moreneng). Ha ba se ba bokane, ke ile ka bua le letšoele leo. Ka lebaka leo, lithuto tse ngata tsa Bibele li ile tsa qala. Ramotse enoa le tlelereke ea hae ke bona ba pele bao e ileng ea e-ba balebeli ba liphutheho moo. Kajeno, ho na le liphutheho tse fetang 50 sebakeng seo, seo hona joale se tsejoang e le setereke sa Samfya.
Ho tloha ka 1942 ho ea ho 1947, ke ne ke sebeletsa sebaka se potolohileng Lake Bangweulu. Ke ne ke lula matsatsi a leshome phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe. Kaha basebetsi ba tšoarehileng kotulong ea moea ba ne ba fokola ka palo ka nako eo, re ne re ikutloa joaloka Morena oa rōna Jesu Kreste, ha a ne a re: “E, kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona, le kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Matheu 9:36-38) Matsatsing ao a qalang, ho nka maeto ho ne ho le thata, ka lebaka lena Jeanette o ne a atisa ho sala le bana Luanshya ha ke ntse ke etela liphutheho. Ka nako eo, ’na le Jeanette re ne re e-na le bana ba bang ba babeli, empa e mong oa bona o ile a hlokahala ha a e-na le likhoeli tse leshome.
Likoloi li ne li fokola ka palo matsatsing ao, ’me le litsela tsa likoloi li ne li fokola. Ka letsatsi le leng ke ile ka qala leeto la lik’hilomithara tse fetang 200 ka baesekele ea Jeanette. Ka linako tse ling ha ke ne ke tlameha ho tšela nōkana, ke ne ke jara baesekele mahetleng ka letsoho le le leng, ebe ke sesa ka le leng. Palo ea Lipaki e ile ea eketseha haholo Luanshya, ’me ka 1946, ba 1 850 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste.
Ho Thulana le Khanyetso Mosebetsing oa Rōna
Ketsahalong e ’ngoe ha Ntoa ea II ea Lefatše e ntse e kupa, ’musi oa setereke oa Kawambwa o ile a ntaetsa ’me ha ke fihla a re: “Ke batla hore u khaotse ho sebelisa libuka tsa Mokhatlo oa Watch Tower hobane li se li thibetsoe. Empa nka u fa libuka tse ka u thusang ho ngola libuka tse ling tseo u ka li sebelisang mosebetsing ona oa hao.”
Ka araba: “Lingoliloeng tsa rōna lia nkhotsofatsa. Ha ke hloke tse ling.”
O ile a re ho ’na, “Ha u tsebe Maamerika [lingoliloeng tsa rōna li ne li hatisoa United States ka nako eo]. A tla u khelosa.”
Ka araba: “Che, ao ke sebetsang le ’ona a ke ke a nkhelosa.”
Eaba oa botsa: “Na u ka khothalletsa liphutheho tsa lōna hore li fane ka chelete bakeng sa ntoa joaloka malumeli a mang?”
Eaba ke re: “Mosebetsi ono ke oa manģosa a ’muso.”
A re: “Ke’ng ha u sa ee hae u e’o inahana?”
Ka mo araba: “Ho Exoda 20:13; le 2 Timothea 2:24, Bibele e re laela hore re se ke ra bolaea le hore re se ke ra loana.”
Le hoja ke ile ka lumelloa ho tsamaea, hamorao ke ile ka laetsoa ke ’musi oa setereke oa toropo ea Fort Rosebery, eo hona joale e bitsoang Mansa. O ile a re: “Ke u bitsitse ho tla u tsebisa hore ’muso o thibetse libuka tsa lōna.”
Ke ile ka re: “E. Kea tseba.”
“Kahoo, u lokela ho ea liphuthehong tsohle tsa lōna ’me u bolelle batho bao u rapelang le bona hore ba tlise libuka tseo kaofela mona. Ua nkutloa hore na ke re’ng?”
Ka araba: “Mosebetsi ono hase oa ka. Ke boikarabelo ba manģosa a ’muso.”
Ho Kopana ho sa Reroang ho Beha Litholoana
Hoba ntoa e lale, re ile ra tsoela pele ho bolela. Ka 1947, ke ne ke qeta ho sebeletsa phutheho e motseng oa Mwanza ha ke botsa hore na nka fumana tee hokae. Ke ile ka supisoa ntlo ea Monghali Nkonde, moo ho neng ho e-na le ntlo ea tee teng. Monghali Nkonde le mosali oa hae ba ile ba nkamohela ka mofuthu. Ke ile ka kōpa Monghali Nkonde hore na ha ke ntse ke noa tee a ka bala khaolo e nang le sehlooho se reng, “Lihele, Tulo ea ho Phomola ka Tšepo” bukeng ea “Nete e be ea Molimo.”
Ha ke qetile ho noa tee ke ile ka mo botsa: “U utloisisa hore lihele ke eng?” A hloletsoe ke seo a se balileng, o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki ’me hamorao a kolobetsoa le mosali oa hae. Le hoja a ile a khaotsa ho ba Paki, mosali oa hae le bana ba hae ba ’maloa ba ile ba tsoela pele. E mong oa bana ba hae, Pilney, o sebetsa ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e Zambia. Le hoja ’mè oa Pilney a se a hōlile hona joale, e ntse e le Paki e tšepahalang.
Ke re Qobacha! Afrika Bochabela
Ofisi ea rōna ea lekala ea Rhodesia Leboea, e neng e thehiloe mathoasong a 1948 Lusaka, e ile ea nthomella Tanganyika (eo e leng Tanzania hona joale). ’Na le mosali oa ka re ne re felehelitsoe ke Paki e ’ngoe ha re hloa mekoalaba. Leeto lena le ile la re nka matsatsi a mararo ’me re ne re shoele ke mokhathala. Ke ne ke nkile qubu ea libuka, mosali oa ka a nkile liaparo, ’me Paki ena e ’ngoe e nkile likobo tsa rōna.
Ha re fihla Mbeya ka March 1948, ho ne ho e-na le mosebetsi o mongata oa ho thusa barab’abo rōna hore ba lokise maemo a bona hore a lumellane haholo le lithuto tsa Bibele. Ka mohlala, sebakeng sena re ne re tsejoa re le Ma-watchtower. Le hoja barab’abo rōna ba ne ba amohetse lebitso la Lipaki tsa Jehova, ba ne ba sa ipitse ka lona bathong. Ho phaella moo, ho ne ho hlokahala hore Lipaki tse ling li lahle meetlo e itseng e amanang le ho hlompha bafu. Empa mohlomong ntho e thata ka ho fetisisa ho ba bangata e ne e le ho ngolisa manyalo a bona ka molao, ho a etsa a hlomphehang ka pel’a batho bohle.—Baheberu 13:4.
Hamorao, ke ile ka ba le tokelo ea ho sebeletsa libaka tse ling tsa Afrika Bochabela, ho akarelletsa le Uganda. Ke ile ka lula nako e ka etsang libeke tse tšeletseng Entebbe le Kampala, moo ba bangata ba ileng ba thusoa hore ba tsebe ’nete ea Bibele.
Memo ea ho ea New York City
Ka mor’a ho sebetsa Uganda ka nako e itseng, mathoasong a 1956 ke ile ka fihla Dar es Salaam, motse-moholo oa Tanganyika. Lengolo le tsoang ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova le ne le nkemetse moo. Le ne le ntaela hore ke qale ho lokisetsa ho ea New York kopanong ea machaba e neng e tla tšoaroa ho tloha ka la 27 July ho ea ho la 3 August, 1958. Ha ho pelaelo hore ka thabo ke ne ke chachehela ho ea moo.
Ha nako eo e fihla, ’na le molebeli e mong ea tsamaeang, Luka Mwango, re ile ra tsamaea ka sefofane ho tloha Ndola ho ea Salisbury (eo e leng Harare hona joale), Rhodesia Boroa, eaba re fetela Nairobi, Kenya. Ha re tloha moo re ile ra tsamaea ka sefofane ho ea London, Engelane, moo re ileng ra amoheloa ka mofuthu. Ha re e-ea tlung mohla re fihlileng Engelane, re ne re thabile ’me re sa phetse ho bua ka kamohelo e mofuthu eo batho ba basoeu ba re amohetseng ka eona empa re le Maafrika. Phihlelo ena e ile ea re khothatsa haholo.
Qetellong re ile ra fihla New York, moo kopano e neng e tšoaretsoe teng. Ka letsatsi le leng kopanong, ke ile ka fana ka tlaleho mabapi le mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova Rhodesia Leboea. Letsatsing leo bamameli ba ka bang 200 000 ba ne ba bokane Polo Grounds New York City le Lebaleng la Lipapali la Yankee. Ke ile ka lala ke sa robala ke nahana ka tokelo e hlollang eo ke e thabetseng.
Kopano e ile ea fela kapele ’me re ile ra khutlela hae. Leetong la ho khutlela hae re ile ra boela ra amoheloa ka mofuthu ke bara le barali babo rōna ba Engelane. Leetong lena re ile ra bona ka tsela eo re ke keng ra e lebala hore batho ba Jehova ke ntho e le ’ngoe ho sa tsotellehe morabe kapa bochaba!
Tšebeletso e Tsoelang Pele le Liteko
Ka 1967, ke ile ka khetheloa ho ba mohlanka oa setereke—mosebeletsi ea etelang lipotoloho. Ka nako eo, palo ea Lipaki tsa Zambia e ne e nyolohetse ka holimo ho 35 000. Hamorao, ka lebaka la ho fokolloa ke bophelo, ke ile ka abeloa ho ba molebeli oa potoloho hape Copperbelt. Ka mor’a nako, Jeanette o ile a qala ho kula ’me ka December 1984 o ile a hlokahala a tšepahetse ho Jehova.
Ka mor’a lefu la hae, ke ile ka utloa bohloko haholo ha ba bohoeng ba ka ba sa lumelang ba nqosa ka hore ke mo loile. Empa ba bang ba neng ba tseba boloetse ba Jeanette le ba neng ba buile le ngaka ea hae ba ile ba hlalosetsa seng sena ’nete. Joale ho ile ha tla teko e ’ngoe hape. Ba bang ba seng ba ne ba batla hore ke phethe moetlo o bitsoang ukupyanika. Haeso, moetlo ona o phethoa ka hore ha molekane oa lenyalo a e-shoa, ea setseng a robale le mong ka mofu ea haufi. Ha ho pelaelo hore ke ile ka hana.
Qetellong, seng ha sea ka sa hlola se nkhatella. Ke ile ka leboha hore Jehova o nthusitse hore ke eme ke tiile. Khoeli ka mor’a ho pata mosali oa ka, mor’eso e mong o ile a tla ho ’na ’me a re: “Mor’eso Kangale, u re khothalitse haholo lefung la mosali oa hao hobane ha ho na moetlo leha o le mong oa bohetene oo u ileng ua o boloka. Re u leboha haholo.”
Kotulo e Tsotoang
E se e le lilemo tse 65 ke qalile tšebeletso ea nako e tletseng ke le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ke thaba hakaakang lilemong tsee ha ke bona liphutheho tse makholo li thehoa ’me ho hahoa Liholo tse ngata tsa ’Muso libakeng tseo nkileng ka ba molebeli ea potolohang ho tsona! Re qalile re le Lipaki tse ka bang 2 800 ka 1943, empa hona joale re eketsehile hoo re leng bahoeletsi ba ’Muso ba fetang 122 000 Zambia. Ka sebele, selemong se fetileng ba fetang 514 000 ba bile teng Sehopotsong naheng ena e nang le baahi ba ka tlaasana ho limilione tse 11.
Khabareng, Jehova o ntlhokometse haholo. Ha ho hlokahala hore ke ee ngakeng, mor’eso oa Mokreste o nkisa sepetlele. Liphutheho li sa ntsane li ’mema hore ke e’o fana ka lipuo tsa phatlalatsa, ’me sena se mpha nako e ngata ea ho matlafala. Phutheho eo ke kopanelang le eona e lokisetsa hore baralib’eso ba Bakreste ba hloekise ntlo ea ka ba fapanyetsana linako, ’me barab’eso ba ithaopela ho tsamaea le ’na ho ea libokeng beke le beke. Kea tseba hore ke ne nke ke ka thabela tlhokomelo e lerato hakaalo hoja ke ne ke sa sebeletse Jehova. Kea mo leboha ha a ntse a tsoela pele ho ntšebelisa tšebeletsong ea nako e tletseng le ka boikarabelo bo bongata boo ke ’nileng ka khona ho bo jara ho fihlela joale.
Ke se ke bonela leroothong, ’me ha ke e-ea Holong ea ’Muso, ke tlameha ho phomola ka makhetlo a ’maloa tseleng. Matsatsing ana ke imeloa ke mokotlana oa ka oa libuka, ka lebaka lena ke o fokotsa boima ka ho ntša libuka tsohle tseo nke keng ka li hloka sebokeng. Ke etsa tšebeletso ea tšimo haholo ka ho khanna lithuto tsa Bibele le ba tlang lapeng ha ka. Empa ke thaba haholo ha ke hopola lilemo tse fetileng ’me ke khona ho nahana ka khōlo e tsotehang e etsahetseng! Ke sebelelitse tšimo eo ho eona mantsoe a Jehova a ho Esaia 60:22 a phethahetseng ka tsela e hlollang. E re: “E monyenyane o tla fetoha ba sekete, ’me ea fokolang e be sechaba se matla. ’Na, Jehova, ke tla ho potlakisa ka nako ea teng.” Ha ho pelaelo hore ke phetse hore ke bone ntho eona eo e etsahala Zambia le lefatšeng lohle.b
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E ne e hatisoa ke Lipaki tsa Jehova empa hona joale ha e sa hatisoa.
b Ka masoabi, matla a Mor’abo rōna Kangale a ile a fela, ’me o hlokahetse a tšepahala ha sehlooho sena se ntse se lokisetsoa khatiso.
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Thomson le lekala la Zambia ka morao
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Lekala la Zambia kajeno