Baboleli ba ’Muso baa Tlaleha
Keketseho “Setsing”
LEFAPHENG la mesebetsi e meholo, motse oa Kitwe, Zambia, hangata o bitsoa “setsi” sa Merafo ea Koporo. Hobane Kitwe e bohareng ba setereke sa merafo. Leha ho le joalo, Kitwe ke setsi sa mofuta o mong hape—setsi sa mesebetsi ea puso ea Molimo Zambia. Ofisi ea lekala ebile moo ho tloha ka 1962, ’me ka lilemo tsena tse mashome a mabeli palo ea bahoeletsi Zambia e imenne habeli, ho tloha ho 30 129 ka 1962 ho ea tlhorong ea 58 925 ka 1984. Ba bileng teng Sehopotsong ka 1984 ba bile 393 431, e leng motho a le mong bakeng sa baahi ba bang le ba bang ba 16 ba Zambia.
Ka khōlo e potlakileng hakaalo, meaho ea khale ea lekala ea potlakela ho ba menyenyane. Qalong, mohaho oa hona joale o ile oa eketsoa feela, o eketsoa ka ntlo eo basebeletsi ba ntlo-khōlō ba jellang ho eona le ka setoro sa thepa e teng le e tsoang. Leha ho le joalo, lekala la Zambia la potlakela ho kena tšebeletsong ea ho hatisa lingoliloeng tsa Bibele. ’Me ha hoa nka nako hore sebaka sa khatiso se be senyenyane hoo ho neng ho se sebaka sa ho sisinyeha kapa sa ho bolokela lintho. Hape, kaha ofisi ea lekala e ne e le sebakeng sa bolulo, ho ne ho le thata ho hatisa ho sa tšoenngoe baahelani.
Ka hona baena ba Zambia ba kōpa setša seo ba neng ba ka haha fektri e ncha ho sona. Empa ho fumana setša se joalo ho ne ho se bonolo. Setša sa pele se ileng sa fanoa se ile sa hanoa ke lekhotla la motse ka hore ‘se boloketsoe tšebeliso ea ’muso.’ Leha ho le joalo, moena a tla ’me a fana ka setša sa hae. Hang hoba baena ba fumane tumello, ba hira feme ea machaba ea ba etsang lipolane hore e ba etsetse lipolane ’me ba Ii bea ka pel’a lekhotla la motse hore le imamelle tsona. Litaba tsena tsa tlatsa baena ba Zambia cheseho! Ba bangata ba tla ho tla thusa mohahong, o ileng oa etsoa tlas’a tsamaiso ea moena ea nang le kontraka ea mehaho. Kamorao ho lilemo tse peli feela, ka 1984, mohaho oa phethoa.
Ruri ebile ketsahalo e thabisang, ha lenaneo la ho khakola mohaho le tsoela pele. Le hoja baena ba ile ba bolelloa hore litulo li fokola haholo bakeng sa lenaneo, ba fetang 4 000 ba tsoang likarolong tsohle tsa Zambia ba bile teng sebakeng seo! Ba ile ba hlolloa ha ba utloa mohokahanyi oa lekala a bua ka histori ea mosebetsi Zambia le ho bontša kamoo Jehova a tšehelitseng mosebetsi moo. Kamorao ho moo, hoa mameloa liphihlelo tse ling tsa batho ba khale. Nakong e fetileng ba bang ba sebelelitse e le bopula-maliboho linaheng tse kang Tanzania, Kenya, le Uganda ha mosebetsi oa moo o ne o laoloa ke lekala la Zambia. Hona joale linaha tsena li hlokomeloa ke lekala le ileng la hlongoa Kenya.
Moena John McBrine, ea neng a tlile ka boeti e le molebeli oa libaka ho tsoa Zimbabwe, a phetha lenaneo ka ho khothatsa baena ba Zambia hore ba sebelise mehaho ena e mecha hamolemo. Lingoliloeng tse hlahisoang khatisong ena li tla ntšetsa pele tsela ea borapeli bo hloekileng le ho thusa batho ba pelo Ii ntle hore ba tsebe ’nete! ’Me ha ho pelaelo hore see se tla hlahisa eng? Keketseho e tsoetseng pele “setsing” sa mesebetsi ea puso ea Molimo Zambia!
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Meaho e mecha ea lekala ea Watch Tower e Kitwe, Zambia