Ho Hlahloba Liphororo Tse Hlollang ka Botle
KA MONGOLI OA TSOHA! ZAMBIA
KA 1855, David Livingstone, moromuoa ea tsoang Scotland ebile e le mohahlauli, o ne a se a qetile lilemo-lemo a hahlaula le Afrika—k’honthinente eo ka nako eo lefatše lohle le neng le sa tsebe haholo ka eona. Leetong la hae ho leba bochabela ha a ntse a iphaphathile le Nōka e khōlō ea Zambezi, batho ba morabe oa moo ba ne ba sa ome mathe ha ba bua ka liphororo tse khōlōhali tse larileng ka pele. Ka lebaka la lerata le neng le bakoa ke liphororo tsena le moholi oa tsona, batho ba moo ba ne ba re ke Mosi-oa-Thunya.
Livingstone o ile a etsa qeto ea hore o batla ho ea bonela liphororo tsena haufi, tseo hona joale li bitsoang Liphororo Tsa Victoria. Ha a ne a hlalosa mohla a qalang ho li bona, o ile a ngola: “Ke khasa ka matsoho ho leba lintšing tsa selomo, ke ile ka nyarela maphaong a maholo a mabōpong a nōka ena e sephara ea Zambezi, eaba ke hlokomela hore nōka ena e bophara ba limithara tse sekete e phorosela ka limithara tse 30 ho leba tlaase, ebe ka tšohanyetso e e se e koropela ho ba bophara ba limithara tse leshome le metso e mehlano ho ea ho tse mashome a mabeli.”
Nakong eo nōka e jeleng litlhokoa, Liphororo tsena Tsa Victoria tseo Zambia le Zimbabwe li li arolelanang, hona joale li tsejoa e le tsona tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng! Linakong tse joalo metsi a phallela ka bongata ba lilithara tse 545 000 000 ka motsotso khohlohaling ena e limithara li 108 ho ea tlaase. Ebe joale metsi ana a mangata a Zambezi a phallela khohlong e tebileng e matsoelintsoeke, e bophara ba limithara tse ka tlaase ho 65. Pono ena e makatsang ea tlhaho e etsa hore Liphororo Tsa Victoria li ipiletse ka tsela e hlollang.
Sebaka se potolohileng liphororo tsena le sona se botle bo hlollang. Kaha se tšoailoe e le sebaka sa boikhathollo sa sechaba, se na le lifate le limela tse ntle tsa mefuta-futa, ho sa boleloe letho ka liphoofolo tse hlollang—ho akarelletsa likubu, litlou, lithuhlo, lipulumo, liqoaha esita le litau. Linonyana tse ntle tse kang ntsu le mofuta oa phakoe o bonoang seoelo li itulela lilomong tsa sebaka sena.
Ho latela mantsoe a Livingstone, “ha ho letho le ka bonoang Engelane le ka bapisoang le botle bo bokana. Ha ho motho oa Europe ea kileng a bona botle bo bokana le ka mohla; empa e tlameha ebe mangeloi ha a ntse a fofa sebakeng a ile a bona libaka tsena tse ntle.” Kajeno, hoo e batlang e le lilemo tse 150 ho tloha ha Livingstone a ne a qala ho bona sebaka sena ’me a se rehella ka Mofumahali Victoria oa Engelane, a re ke Liphororo Tsa Victoria, selemo le selemo batho ba likete tse makholo ba tsoang lefatšeng ka bophara ba tla sebakeng sena ho tla iponela mohlolo ona ka bobona.
Ke ho loketseng hore ebe Liphororo Tsa Victoria li tsebahala e le o mong oa mehlolo ea lintho tsa tlhaho tse hlollang lefatšeng.
Empa liphororo tse ngata tse sa tsejoeng tse etsoang ke linōka tse ngata tse khōlō tsa Zambia le tsona li ntle ka tsela e hlollang. Ka kōpo, tsamaisana le rōna ha re ntse re lekola tse ling tsa tsona.
Liphororo Tsa Ngonye
Letsatsing le bataolang la khoeli ea November, hoo e ka bang lilemo tse peli pele Livingstone a bona Liphororo Tsa Victoria ka lekhetlo la pele, o ile a fihla Liphororong Tsa Ngonye, tseo hape li tsejoang e le Liphororo Tsa Sioma. O ile a ngola: “Lihlekehleke tse ka holim’a liphororo li koahetsoe ke makhasi a lifate le a limela ka botle bo ka bonoang hohle. Ke li shebile ke le holim’a lefika le leholo le okametseng phororo ena, ke ile ka bona botle bo hlollang ka ho fetisisa ho feta boo nkileng ka bo bona.” Baeti ba etelang Liphororo tsena Tsa Ngonye kajeno, ba lumellana ka botlalo le tlhaloso ea Livingstone.
Livingstone o ile a hlalosa: “Ho theosa le nōka ena ka lik’hilomithara tse ngata, ho ba le moo e koropelang e bang limithara tse ka tlaase ho lekholo ka bophara. Metsi a theosa le nōka a ntse a biloha, ’me sena se bontša kamoo a leng mangata kateng ha a ntse a loebehlana joalo, hoo le setsebi sa ho sesa se ka thatafalloang ke ho ipoloka se le ka holim’a metsi.”
Liphororo Tsa Lumangwe
Liphororo tse ngata tsa Zambia li libakeng tse thōko moo li sa angoang ke liphetoho tsa ho hlabolla naha. Li fapana haholo ho ea ka boholo ba tsona. Liphororo Tsa Lumangwe ekare ke Liphororo Tsa Victoria tse nyenyefalitsoeng. Leha ho le joalo, hase hore li hlile li nyenyane hakaalo. Phororo e ’ngoe moo e phorosela limithara tse ka bang 30 ho ea tlaase ’me e bophara ba limithara tse fetang tse 100. Moholi o nyolohang liphororong tsena o natlafatsa esita le meru e menyenyane ea tropike.
Liphororo Tsa Kalambo
Liphororo Tsa Kalambo, tseo e leng tsona tse phahameng ka ho fetisisa Zambia, li phorosela ho tloha sehlabeng se phahameng ho theosetsa Great Rift Valley e Afrika. Metsi a tsona a theoha selomong ho ea otla tlaase mafikeng limithara tse fetang 200, ke hona mona moo mekotatsie e moholo e bonoang seoelo e qhotsetsang teng linakong tsa komello.
Sengoliloeng se bitsoang National Monuments of Zambia, se re: “Kahoo, Afrika, Liphororo Tsa Kalambo ke tsona tsa bobeli ka bophahamo [tse latelang tsa Tugela, Afrika Boroa], ’me ke tsa leshome le metso e ’meli tse phahameng ka ho fetisisa lefatšeng—li feta Liphororo Tsa Victoria ka makhetlo a mabeli ka bophahamo.”
Le hoja ho le boima ho fihla phororong ena, mongoli oa sebakeng seo, C. A. Quarmby, o hlalosa Kalambo e le “se seng sa libaka tse sa lebaleheng tsa Afrika.” Oa hakanya: “Ho tla nka nako e telele pele e e-ba sebaka se eteloang ke bahahlauli ka bongata. . . . Ke ba seng bakae feela ba bang le monyetla oa ho etela Kalambo.”
Ha e le hantle, liphororo tse ngata le libaka tse ling tse ntle tsa tlhaho Zambia, li thōko-thōko ho tsela e tloaelehileng ea bohahlauli. National Monuments of Zambia e bontša hore tse ling tsa libaka tsena “ho ka fihloa ho tsona feela haeba ho tsamauoa ka Land-rover, ha tse ling tsona ho ka fihloa ho tsona ka maoto feela.” Bonneteng, eo ke eona ntho e etsang hore libaka tsena e be tse ikhethang. Leha ho le joalo, baeti baa amoheloa. Monghali Kagosi Mwamulowe, setsebi paballong ea lintho tsa tlhaho, oa Setsi sa Lefa la Sechaba la Tsa Paballo ea Lintho Tsa Tlhaho, Zambia, o hlalosa hore pakane ea bona ke ho nolofalletsa batho hore ba thabele ho boha libaka tsena tse tsotehang ka botle ha ka lehlakoreng le leng ba ntse ba sirelelitse botle ba tsona bo ipabolang ka bohloeki.
Letlotlo le Leholohali la Zambia
Mongoli Richard Vaughan, bukeng ea hae e bitsoang Zambia, o re: “Zambia e lutse e ntse e le naha e hlollang ka botle ba eona ba tlhaho, karolo e khōlō ea eona ha e tsejoe ke bahahlauli le ke bona baahi ba Zambia ka ho tšoanang. . . Naha ena e hlohonolofalitsoe ka matša, linōka, meru le lithaba tsa litonanahali tsa mefuta-futa.” Empa leruo la eona le leholohali le nģ’e ’ngoe.
Vaughan o re: “Batho ba naha ena ba tsebahala ka ho ba mofuthu, ho thaba le ho ba matla.” Joalokaha mongoli e mong, David Bristow, a bolela, “pelo ea Zambia ke batho ba eona, ba mofuthu joaloka letsatsi la Afrika.” Haeba ka le leng u ka etela sekhutlo sena sa lefatše, ka sebele re kholoa hore u tla lumellana le sena.
[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 26]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
TANZANIA
DEMOCRATIC REPUBLIC OF CONGO
ANGOLA
ZAMBIA
LIPHORORO TSA KALAMBO
LIPHORORO TSA LUMANGWE
Lusaka
LIPHORORO TSA NGONYE
LIPHORORO TSA VICTORIA
ZIMBABWE
MOZAMBIQUE
LEOATLE LA INDIAN
[Litšoantšo]
Liphororo Tsa Lumangwe—ekare Liphororo Tsa Victoria tse nyenyefalitsoeng
Liphororo Tsa Kalambo—li phahame ho feta Liphororo Tsa Victoria ka makhetlo a mabeli
Liphororo Tsa Ngonye—“boholo ba nako e ba uena feela moeti moo”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Lumangwe and Ngonye Falls: Marek Patzer/www.zambiatourism.com; map: Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
Liphororo Tsa Victoria—Mosi-oa-Thunya
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Marek Patzer/www.zambiatourism.com