Phororo ea Murchison—Karolo e Ikhethang ea Nōka ea Nile, Uganda
“Ena ke phororo e khōlō ka ho fetisisa, Nōkeng ea Nile.”—Mofuputsi oa Lenyesemane ea bitsoang Sir Samuel White Baker.
KE KHALE liphororo li hohela thahasello ea batho le ho ba khahla. Baeti ba bangata ba etelang liphororong ba qeta lihora ba hlasimolloa ke molumo o khathollang oa metsi a khatlamanang majoeng a tlaase le mouoane o pholileng o atisang ho nyoloha liphororong.
Phororo ea Murchisona e Uganda ke e ’ngoe ea tsona. Nōka ea Nile e bolelele ba lik’hilomithara tse fetang 6 400, ’me ba bang ba ’nile ba re phororo ena ke karolo e ntle ka ho fetisisa ea nōka eo. Ke ’nete hore ha e telele joaloka Phororo ea Angel e Amerika Boroa ebile ha e na metsi a mangata joaloka Phororo ea Victoria e Afrika kapa Phororo ea Niagara e Amerika Leboea. Empa botle ba Phororo ea Murchison le sekhahla seo e phoroselang ka sona li etsa hore ebe e sa lebaleheng.
Nalane ea Phororo ea Murchison
Phororo ena ke karolo e ’ngoe ea Phaka ea Sechaba ea Phororo ea Murchison e boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 3 841. Phaka ena e karolong e ka leboea-bophirimela ho Uganda, e bile teng ka 1952. Baker o ile a etela phororong eo mathoasong a lilemo tsa bo-1860. Bukeng ea hae e bitsoang The Albert N’yanza, o hlalosa tsela eo a ileng a ikutloa ka eona ha a qala ho bona phororo eo.
O ile a ngola a re: “Ha re hlahella, re ile ra khahlametsoa ke botle bo hlollang. . . . Phororo eo e ne e entse lekoeba le lesoeu, metsi a eona a entse botle bo tsotoang ha a kopana le ’mala o lefifi oa mafika a ka nōkeng, ’me lifate tse ntle tsa palema tse melang libakeng tsa tropike le lifate tsa tholoana e kang banana li tlatselitse botleng ba eona. Ena ke phororo e khōlō ka ho fetisisa, Nōkeng ea Nile.” Qalong, Baker o ile a rehella Phororo ea Murchison ka mopresidente oa Mokhatlo oa Royal Geographical, e le tsela ea ho mo hlompha.
Litsela Tsa ho e Bona
Tsela e ntle ea ho bona phororo ena ke ka ho tsamaea ka seketsoana. Se palameloa koung ea Paraa, ’me se fa baeti monyetla oa hore ba thabele ho tsamaea ka seketsoana Nōkeng ea Nile ha ka nako e tšoanang ba khona ho bona liphoofolo tse hlaha ba le sebakeng se sireletsehileng. Baeti ba atisa ho bona likubu le litlou tse khōlō tsa Afrika, likoena hammoho le linare. Liphoofolo tse ntle tse hlaha tse Nōkeng ea Nile li ka ba tsa lebatsa moeti ka nakoana hore sepheo sa hae ke ho ea bona phororo. Empa hang ha a fihla metsing a entseng lekoeba le lesoeu a bonahalang eka a tsoa pakeng tsa mafika, oa utloisisa hore na ke hobane’ng ha Baker a ile a khahloa ke phororo ena hakana.
Le hoja baeti ba bangata ba thabela ho bona phororo ena ba tsamaea ka seketsoana, hoa thabisa ha motho a e bona a le ka sefofaneng. Ba bang ba re ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho e bona. Ha motho a le ka sefofaneng o khona ho bona metsi a Nōka ea Nile e bophara ba limithara tse 49 a kena mochophorong oa limithara tse ka bang tšelela pele a theoha phororong e bolelele ba limithara tse 40. Ho ’nile ha boleloa hore metsi a phororo ena “a phorosela ka matla ho feta a phororo leha e le efe e ’ngoe lefatšeng.” Ka linako tse ling, baeti ba utloa lefatše le thothomela ha metsi ao a khatlamana fatše ka lehlakoreng le leng.
Baker o hlalosa seo a ileng a se utloa nakoana pele a bona phororo eo. O re o ile a utloa molumo o thoathoaretsang ha a ntse a otlolla maoto hoseng. O ne a nahana hore molumo oo ke oa sealuma empa o ile a makala ha a elelloa hore e ne e le oa phororo eo.
Joaloka Baker, selemo le selemo, batho ba likete ba thabisoa ke botle bo hlollang le matla a phororo ena e babatsehang. Ho bona sekhahla seo metsi a phororo ena a phoroselang ka eona hase ntho eo motho a ka e lebalang habonolo. Ka sebele, Phororo ea Murchison ke karolo e ikhethang ea Nōka ea Nile.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E boetse e tsebahala ka hore ke Phororo ea Kabalega kapa ea Kabarega.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 17]
Phaka ea Sechaba ea Phororo ea Murchison
Ka 1969 ho ile ha fumanoa hore ho na le likubu tse 14 000, litlou tse 14 500 le linare tse 26 500 phakeng eo. Lilemong tse mashome tse ileng tsa latela, lenane la tsona le ile la fokotseha ka sekhahla. Ka lebaka la boiteko ba ho li sireletsa, li boetse lia eketseha morao tjena. Hona joale merung eo, ho na le mefuta e sa tšoaneng ea litšoene, tse kang lichimpanzi le libabune, ha lesabasabeng la moo ho na le makhulo ao liphoofolo tse kang lithuhlo le lipulumo li fulang ho ’ona. Ha e le hantle, ho fumanoe hore ho na le mefuta e fetang 70 ea liphoofolo tse anyesang le e fetang 450 ea linonyana phakeng eo.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]
All photos pages 16 and 17: Courtesy of the Uganda Wildlife Authority