Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/09 maq. 15-17
  • “Lefatše le sa Tsejoeng” la Bolivia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Lefatše le sa Tsejoeng” la Bolivia
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Leeto la Rōna le Thahasellisang Lea Qala
  • Ho Tletse Liphoofolo
  • Re Tsamaea Sekhoeng ha re ea Phororong ea El Encanto
  • Paballo ea Lintho Tsa Tlhaho—Lefa le Siiloeng ke Noel Kempff Mercado
  • Nairobi National Park—Moo Liphoofolo li Sollang ka Bolokolohi
    Tsoha!—2003
  • Phororo ea Murchison—Karolo e Ikhethang ea Nōka ea Nile, Uganda
    Tsoha!—2011
  • Ho Hlahloba Liphororo Tse Hlollang ka Botle
    Tsoha!—2004
  • Leeto la Rōna Ghana
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 11/09 maq. 15-17

“Lefatše le sa Tsejoeng” la Bolivia

KA 1906, mopresidente oa Mokhatlo oa Brithani oa Royal Geographical o ile a buisana le Mokoronele Percy Harrison Fawcett ka hore Amerika Boroa e na le monyetla o moholo oa hore e hōle moruong. O ile a bontša Fawcett ’mapa ’me a re: “Ak’u bone mona! Ho na le libaka tse ngata tse itjang feela hobane ha ho tsejoe hakaalo ka tsona.” A ntan’o fa mokoronele mosebetsi oa ho hlahloba sebaka seo. Fawcett o ile a o amohela.

Litlalehong tsa hae Fawcett o ile a bua ka matsoapo a tletseng lifate a sebakeng seo hona joale se tsebahalang ka hore ke Sehlaba sa Huanchaca, Bolivia. O ile a re sebaka seo ke “lefatše le sa tsejoeng.”a Ba bang ba lumela hore litlaleho tseo Fawcett a li ngotseng le lifoto tseo a li nkileng li ile tsa susumelletsa mongoli ea tummeng oa Brithani ea bitsoang Sir Arthur Conan Doyle ho ngola buka e reng The Lost World, e hlalosang lefatše la tšōmong la “batho ba kang litšoene” le la li-dinosaur tse tšosang tseo ho lumeloang hore li ntse li phela le mehleng ea kajeno. Kajeno, sebaka sena se ntseng se batla se le boemong ba sona ba tlhaho ke karolo ea Amazonia e akarelletsang phaka e ntle ea Bolivia, e bitsoang Phaka ea Sechaba ea Noel Kempff Mercado, eo ka selemo sa 2000 e ileng ea kenyelletsoa lethathamong la Libaka Tsa Bohlokoahali Lefatšeng.b

Phaka ena e ntlheng e ka leboea-bochabela ea Bolivia, ho iphaphatha le moeli oa Brazil, ke hlathe ea tlhaho e boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse ka fetang 15 000. Moo ho na le mefuta e mehlano ea moru: moru oa lifate tse lulang li le tala tse melang sehlabeng, oa lifate tse foforehang makhasi, oa lifate tse melang lesabasabeng le sehlabeng se omeletseng, oa lifate tse lesabasabeng le mokhoabo le oa lifate tse melang sebakeng se mokhoabo. Sehlaba sa Huanchaca se boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 5 180, ke leralla la lejoe la lesehloa le bophahamo ba limithara tse 550 le bolelele ba lik’hilomithara tse 150, ’me se iphaphathile ka moeli o ka bochabela oa sebaka seo. Linōka tse ’maloa tse phallang sehlabeng seo le libakeng tse haufi le sona li hlahisa liphororo tse ka bang 20, tse akarelletsang Phororo ea Salto Susana, Phororo ea Arco Iris, Phororo ea Federico Ahlfeld, Phororo ea Gemelas le Phororo ea El Encanto.

Leeto la Rōna le Thahasellisang Lea Qala

Sebaka sena se ka thōko se sireletsehileng, se hohela bahahlauli ba bangata ba ratang lintho tsa tlhaho ’me ba bangata ba bona ba tla ka sefofane ho tsoa Santa Cruz, e Bolivia bohareng. Re ile ra khetha ho tsamaea lik’hilomithara tse 700 ka koloi, e le hore re bohe naha ea Bolivia hantle. Ha re ntse re tsamaea, re ile ra bona lintho tse kang makhasi a mangata a mebala-bala, li fefoloa ke moea ka har’a tsela. Empa ha e le hantle “makhasi” ao e ne e le lirurubele, ’me e ne e se rōna feela ba li shebileng. Mekholutsoane e lapileng e ne e ea holimo le tlaase, e ja liphofu tsena tse malimabe.

Ha re fihla phakeng ea sechaba, re ile ra kopana le motho ea neng a tla re bontša sebaka, e leng Guido, motseng oa La Florida, o haufi le Nōka ea Paragua. Guido o ile a re tšelisa ka seketsoana hammoho le koloi ea rōna, ’me ho tloha moo ra tsamaea ho se hokae ho ea fihla kampong ea Los Fierros. Ha re ntse re tsamaea, re ile ra bona phokojoe le nonyana e ntle e bitsoang scissor-tailed nightjar—e feta ka pel’a rōna tseleng.

Hoseng re ile ra tsosoa ke lerata la lipapakhaie tse ’nè tse ntle tse ’mala o boputsoa bo bosehla, tse neng li le holimo sefateng se pel’a kamore ea rōna. E ne eka li ntse li re, “Rea le amohela motseng oa rōna!” Tsela ena e ntle eo re qalileng letsatsi la rōna la pele ka eona phakeng eo, e ile ea re bontša hore re letetsoe ke likhōlō.

Ho Tletse Liphoofolo

Phakeng ea Sechaba ea Noel Kempff Mercado ho na le mefuta e fetang 600 ea linonyana, e 139 ea liphoofolo tse anyesang (e mengata ho feta e Amerika Leboea kaofela), e 74 ea lihahabi, ’me mohlomong le mefuta e ka bang 3 000 ea lirurubele—re se re sa re letho ka likokoanyana tse ling. Linonyana tseo li akarelletsa mefuta e fetang 20 ea lipapakhaie, hammoho le ntsu e khōlō, hoatzin, le helmeted manakin. Nick Acheson ea lulang moo ’me a bontša batho linonyana ebile e le mohlokomeli oa lintho tsa tlhaho, o ile a re bolella hore “linonyana tse sa tloaelehang tse kang pygmy-tyrant e khubelu ka mahlakoreng le seedeater e ’mala o motšo o kopaneng le bosootho bo khanyang, li hohela batho ba ratang linonyana, ho tsoa likarolong tsohle tsa lefatše.”

Tse ling tsa liphoofolo tse anyesang ke lithakali tsa litonanahali, liphiri tse moetse, mangau, li-peccary, li-tapir le likhama. Ho boetse ho na le lintho tse ngata tse phelang linōkeng tse ngata tse pota-potileng phaka eo le ho e nosetsa, tse akarelletsang mefuta e 62 ea liphoofolo tse phelang metsing le e 254 ea litlhapi, hammoho le li-caiman, liqibi tsa litonanahali, li-capybara le li-dolphin tse ntle tse pinki. Ka sebele, phaka eo ke sebaka se tsotehang ho motho ea ratang lintho tsa tlhaho!

Kaha Amazonia ho na le litau le mangau, baeti ba bangata ba ameha ka hore ba sireletsehe—le rōna re ne re amehile ka hona. Mohlokomeli oa kampo ea Los Fierros o ile a re phetela ka se ileng sa mo etsahalla bosiung ba pele a le phakeng. O re: “Ke ile ka phaphama har’a mp’a bosiu ke utloa eka ho na le ntho e nchebileng. Ke ile ka sheba ka fensetere ea kamore ’me ka bona lengau le ntonetse mahlo, ke ne ke sirelelitsoe feela ke nete e thibelang menoang! Ke ile ka qeta bosiu ke inotleletse ka kamoreng ea ho hlapela, ke tšohile.” Seo se ile sa re tšosa le ho feta!

Empa mohlokomeli eo o ile a tsoela pele, a re: “Ka mor’a nakoana, ke ile ka utloa hore lengau lena le bohelehele le rata ho etela moo bosiu ’me ho nkoa hore ha le kotsi. Ha e le hantle, ha ho chesa mangau a atisa ho kena ka kampong ebe a ithoballa litupung tse pholileng tsa lithaele. Joalokaha u ka inahanela, seo se ne se ka tšosa motho ea qalang ho se bona! Nakong e fetileng, re ne re tsamaea re nkile sethunya, haholo-holo ha re tsamaisa batho bosiu, empa hona joale ha re sa se nka. Liphoofolo ha lia fetoha; ke rōna ba fetotseng tsela eo re ikutloang ka eona ka tsona.” Leha ho le joalo, o ile a re lemosa hore re lokela ho hlompha liphoofolo tsohle tse hlaha.

Re Tsamaea Sekhoeng ha re ea Phororong ea El Encanto

Batho ba bangata ba khahloa ke liphororo tse ngata phakeng eo. Re ile ra tloha esale hoseng le Guido, ea neng a re bontša sebaka, ra leba Phororong ea El Encanto, eo metsi a eona a tsoang Sehlabeng sa Huanchaca a theohelang botlaaseng ba limithara tse 80. Ha re ntse re fohla sebaka sa lik’hilomithara tse tšeletseng, ka morung o lulang o le motala re ile ra lumelisoa ke litšoene tse kang likho le litšoene tse lerata li le holimo makaleng a lifate. Litšoene tsena li rehiloe mabitso ana a li lokelang—kaha litšoene tse kang likho li na le matsoho le maoto a malelele ha litšoene tse lerata tsona li etsa lerata hoo motho a ka li utloang a le lik’hilomithara tse tharo hōle le tsona! Ha re ntse re tsamaea, re ile ra bona nonyana e ’ngoe e kang kalakunu, e tšekalla ka pel’a rōna e sela lijo tsa hoseng. Guido o ile a re bontša mehato e pel’a molatsoana o mong o haufi. Ka leihlo la hae le koetlisitsoeng, o ile a bona hore ke ea mefuta e ’meli ea likhama, hammoho le ea tapir, lengau le cougar. Re ile ra lemoha hore liphoofolo tsa mefuta ena kaofela li re shebile, li le moo li ipatileng ra ba ra hlokomela hore ho tletse liphoofolo sebakeng seo, ebang ke bosiu kapa motšehare.

Ho na le limela tse ngata tseo liphoofolo tsena tse hloahloa li ka ipatang ho tsona, kaha phaka eo e na le libaka tse sa tšoaneng, e leng se thusang hore ho be le limela tsa mefuta ena kaofela. Ha e le hantle, ho na le mefuta e ka bang 4 000 ea limela sebakeng seo, e akarelletsang e fetang e 100 ea ’mametsana, hammoho le lifate tse ngata, limela tsa ’mamauoaneng, li-bromeliad le lifate tsa morara. Re ile ra bona limela tse mebala-bala ka mefuta ea tsona ’me ra fofonela menko e monate ha re ntse re latsoa litholoana tse hlabosehang tse metseng pel’a tsela. E ’ngoe ea litholoana tseo e ne e le mangaba, e melang sefateng ’me e ’ngoe e le passion, e melang sefateng se kang sa morara.

Qetellong, ha re tšela molatsoana re ile ra utloa molumo oa metsi a phoroselang, ’me o ne o utloahala le ho feta ha re ntse re atamela. Joale, ka tšohanyetso re ile ra fihla moo ho phetlehileng, ’me ka pel’a rōna e le Phororo e khōlō ea El Encanto, karolo e ka tlaase ea eona e pupelitsoe ke moholi. Limela tsa ’mamauoaneng le tsa li-bromeliad li khabisitse majoe a pota-potileng letamo la metsi a hloekileng. Guido o re: “Ha ho chesa, litšoene li theohela metsing ao ho ea ipholisa.” Re ile ra li etsisa, le rōna ra ipholisa moo ha ka nako e tšoanang re ntse re thabela khutso e sebakeng seo se setle le molumo oa metsi a phoroselang.

Paballo ea Lintho Tsa Tlhaho—Lefa le Siiloeng ke Noel Kempff Mercado

Noel Kempff Mercado, eo e neng e le mohlokomeli oa lintho tsa tlhaho, o ile a shoa ka 1986. Empa mosebetsi oo a o qalileng oa ho sireletsa karolo ena ea Bolivia o ntse o tsoela pele. Ka 1996, ’muso oa Bolivia o ile oa lumellana le oa United States hore e tla sireletsa lihekthere tse 880 000 tsa moru o lulang o le motala le hore e tla khothalletsa hore ho be le ntlafatso e tšoarellang e le ho leka ho fokotsa likhase tse silafatsang tikoloho likarolong tse ling tsa lefatše. Selemong se latelang seo, ’muso oa Bolivia o ile oa ikopanya le lik’hamphani tse tharo tse fehlang matla, ’me oa qalisa Morero oa Noel Kempff oa ho Nka Khato ka Tlelaemete, oo har’a tse ling o entseng hore ho emisoe mosebetsi oa ho rema lifate morung ona o boholo ba lihekthere tse 880 000. Sebaka sena se ile sa etsoa hore e be karolo ea phaka, e leng ho entseng hore e imene habeli ka boholo.

Ho etela ha rōna sebakeng sena se hlollang ho entse hore re ananele ’Mōpi le ho feta le hore re ananele lintho tse ntle ka mefuta ea tsona tseo a li behileng Lefatšeng hore li phele teng. Pesaleme ea 104:24 e re: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakaakang! Kaofela ha eona u e entse ka bohlale. Lefatše le tletse lihlahisoa tsa hao.” Ha e le hantle, ha re ntse re tsamaea ‘lefatšeng lena le sa tsejoeng’ le hloekileng re ile ra ikutloa re susumelletseha ho tsamaea ka hloko, re boha botle boo le ho qoba ho senya letho moo haese feela ho nka litšoantšo tse neng li tla re hopotsa sebaka seo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka May 1925, Fawcett o ile a ngolla mosali oa hae, a mo bolella ka leeto la hae. Ke ntho ea ho qetela eo a ileng a e bua, ’me le kajeno e ntse e le qaka hore na o nyameletse kae.

b Phaka ena e entsoe ka 1979, ’me qalong e ne e bitsoa Phaka ea Sechaba ea Huanchaca. Ka 1988, e ile ea rehoa lebitso le lecha e le ho tlotla Noel Kempff Mercado, eo e neng e le setsebi sa baeloji sa Bolivia, ea ileng a bolaeloa sehlabeng seo ke batho ba mokolang lithethefatsi ka mor’a hore a oelane le laboratori eo ho etsoang liteko tsa k’hok’heine ho eona, ka tsela e seng molaong.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

’Mametsana e pherese le e khubelu

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

Phororo ea Ahlfeld, e phakeng ea sechaba

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Lipapakhaie

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Phororo ea El Encanto

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]

Aerial: ® 2004 Hermes Justiniano/BoliviaNature.com

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 17]

Orchid, Ahlfeld Falls, and macaws: ® 2004 Hermes Justiniano/BoliviaNature.com

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela