Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 6/8 maq. 15-18
  • Nairobi National Park—Moo Liphoofolo li Sollang ka Bolokolohi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nairobi National Park—Moo Liphoofolo li Sollang ka Bolokolohi
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hula ka Falese ho Tloha Sethathong
  • Moo Baeti ba ka Khatholohang Teng
  • Serapa Sena Sea Sokeloa
  • Leqephe la Bobeli
    Tsoha!—2003
  • Ke Mang ea Sireletsang Liphoofolo tse Hlaha tsa Afrika?
    Tsoha!—1993
  • “Lefatše le sa Tsejoeng” la Bolivia
    Tsoha!—2009
  • Na ho na le Sebaka se Lekaneng Bakeng sa Batho le Liphoofolo?
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 6/8 maq. 15-18

Nairobi National Park—Moo Liphoofolo li Sollang ka Bolokolohi

KA MONGOLI OA TSOHA! KENYA

KE METSOTSO e mashome a mararo ka mor’a hora ea botšelela hoseng. Ha letsatsi le hlaha bochabela, le hlaha ekare ke lehakoe le leholo, le lefubelu le khanyang ka tsela e tsotehang. Mafube a hlaha ho bontša ho chaba ha letsatsi le leng, mahlaseli a lona a phunyelletsa likhalaseng tsa lifensetere tsa mehaho e melelele ea liofisi, a etsa bosehla bo kang ba khauta bo khahlehang. Thōkonyana le mehaho ena ea liofisi, bophelo bo itsoella pele ka tsela e babatsehang.

Haesale tau e ntse e laletse impala, e ipatile ka har’a joang bo bolelele. Ha impala eo e nyenyane e nkhella kotsi, ke eo e khisa ka sekaja, tau e e behile merebele. Joale ho qaleha lengoanyangoanya. Ebang e atleha, tau ena e tla sebelisa molao oa naheng oa hore ea se nang sekaja ’m’ae a tele ka ho robokela phofu ena e malimabe.

Lengoanyangoanya lena ke la kamehla mona Nairobi National Park, e mathōkong a motse-moholo oa Kenya, Nairobi. Liphoofolo tsa moo li phela haufi haholo le batho. Ke ka hona ka 1962 ho ileng ha bonoa tau e ntse e solla ka ntle ho hotele e ’ngoe ea boemo bo phahameng, mohlomong e le hobane e ne e batla ho boela sebakeng se bulehileng seo e kileng ea e-ba lehae la eona. Ho tlile joang hore liphoofolo tse hlaha le baahi ba motse ba lule nģa e le ’ngoe?

Ho Hula ka Falese ho Tloha Sethathong

Ha hoa ba bonolo ho theha serapa sena sa liphoofolo tse hlaha. Ho ile ha lokela hore ho hlōloe litšitiso tse ’maloa pele liphoofolo li ka khona ho ba le lehae le sireletsehileng. Ho fihlela qalong ea lekholo la bo20 la lilemo, liphoofolo li ne li solla libakeng tse sabaletseng Afrika Bochabela. Mona batho ba ’nile ba e-ba le kamano e haufi-ufi le liphoofolo tse hlaha, ba fulisa mehlape ea bona haufi le tsona. Ba bang ba ne ba bile ba talima liphoofolo tse itseng e le leruo la bona leo ba tla le sebelisa ha ho se ho le hobe!

Leha ho le joalo, litsomi tsa liphoofolo tse khōlō tse hlometseng ka lithunya li ile tsa kena ka bongata naheng eo, boholo ba tsona li batla ho bokella likhau tse ngata ka hohle kamoo li ka khonang. Li bile tsa akha Mopresidente oa mehleng oa United States, Theodore Roosevelt, ea ileng a tla Kenya ka 1909 ho tla bokella mehlala ea lintho tsa tlhaho bakeng sa limusiamo. A e-na le batho ba 600 bao e neng e le mahlahana a hae hammoho le litsomi tse koetlisitsoeng, o ile a bolaea liphoofolo tse fetang 500 eaba o romela matlalo a tsona hae. Hoo e ka bang ka eona nako eo, ho ne ho boetse ho e-na le setsomi se seng se tummeng, Edward, Khosana ea Wales. Liketso tsa bona li ile tsa etsa hore matšolo a ho tsoma liphoofolo tse khōlō a ate. Ho hlakile hore kulo e ne e potlaka haholo e bile e khona ho korola ka nepo ho feta seqha le motsu tse neng li tloaelehile.

Ha ho qetoa Lunatic Line, kamoo Seporo se kopanyang Kenya le Uganda se neng se tsejoa kateng, hoo ho ile ha etsa hore batho ba khone ho haha mathōkong a Nairobi, e leng ho ileng ha tsoela pele ho sitisa liphoofolo ho itsamaela ka bolokolohi. Ho ne ho bonahala li se li le makhatheng a ho hlokisoa tjako ka ho feletseng.

Joale lilemong tsa bo-1930, ba bang ba ile ba hlahisa maikutlo mabapi le ho sireletsa liphoofolo. Archie Ritchie, eo e neng e le mohlokomeli oa sebaka sa polokelo ea liphoofolo ka nako eo, le Mervyn Cowie, eo e neng e le ’moloki oa libuka tsa khoebo, e ne e le ba bang ba batho bana ba loanelang litokelo tsa liphoofolo. Ka liboka le litlaleho tsa litaba, ba ile ba ipiletsa ho ba boholong koloneng eo hore ba thehe sebaka sa sechaba sa liphoofolo tse hlaha se neng se tla thusa ho fokotsa—kapa hona ho khaotsa—ho bolaea liphoofolo larita. ’Muso o ne o le leqe ho amohela khopolo eo. O ne o sa ikemisetsa ho sebelisa karolo e itseng ea naha ka morero o le mong feela oa ho boloka limela le liphoofolo sebakeng se neng se tla qetella e le motse oa toropo o moholo ka ho fetisisa Afrika Bochabela.

Boiteko ba ho baballa lintho tsa tlhaho bo ile ba boela ba nyopa nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše ha masole a ikoetlisang a senya karolo ea naha eo kajeno e leng serapa sa liphoofolo tse hlaha. Liphoofolo le tsona ha lia ka tsa phonyoha ntoeng eo. Ho lula ha masole sebakeng seo ho ile ha fella ka hore liphoofolo li se hlole li tšaba batho, e leng ho neng ho ka etsa hore li qetelle li ja batho. Ho thibela hore ho qetelle ho le joalo, tse ling tse akarelletsang tau e tummeng eo ho neng ho thoe ke Lulu le sehlopha sa habo eona, li ile tsa bolaoa.

Leha ho le joalo, kaha ba boholong ba ile ba fetola maikutlo, litšitiso tse ngata li ile tsa hlōloa, ’me litsebi tsa paballo ea lintho tsa tlhaho li ile tsa finyella sepheo sa tsona. Qetellong, ka mor’a nako e telele ea ho sokola, Nairobi National Park—eo e neng e le sona sebaka sa pele se joalo Afrika Bochabela—e ile ea thehoa ka la 16 December, 1946, ha Monghali Philip Mitchell, eo ka nako eo e neng e le eena ’musisi oa kolone eo, a saena lengolo la ho thehoa ha eona.

Moo Baeti ba ka Khatholohang Teng

Ha e bapisoa le lirapa tse ling tsa liphoofolo tse hlaha Afrika Bochabela, Nairobi National Park e batla e le nyenyane. Ho hakanngoa hore e boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 117, ’me heke e khōlō e bohōle ba lik’hilomithara tse 10 ho tloha bohareng ba motse oa Nairobi. Leha ho le joalo, e tumme ka bona bonyenyane ba eona. Ke libaka tse seng kae feela lefatšeng tseo ho tsona moeti a ka bonang lintho tse fapa-fapaneng joaloka sebakeng sena sa polokelo ea liphoofolo—e leng ntho e bonoang ngope-setšoha ea hore ebe motse ona oa Nairobi o hōlang ka potlako o har’a sekhoa sa Afrika.

Ho fapana le libakeng tse khōlō tsa polokelo ea liphoofolo kapa tsa tlhokomelo ea tsona, bonyenyane ba sebaka sena bo etsa hore moeti a khone ho bona boholo ba liphoofolo tse khōlō ka bongata, kantle feela ho litlou. Se na le mefuta e 100 ea liphoofolo le e fetang 400 ea linonyana. Serapa sena se haufi le tsela e kenang lebaleng la lifofane la machaba, Nairobi.

Moeti ea etetseng Nairobi a ka tloha mabothobothong a hotele ea sejoalejoale toropong, a feta mehaho e meholohali ea liofisi, eaba ka mor’a metsotso e seng mekae o fihla lithoteng tsa khale, meferong le merung. Mona litau le liphoofolo tse ling tse tsomang li ka bonoa ha li theohetse mosebetsing oa tsona oa ho tsoma. Ho bona ha liphoofolo tse joalo li manakisa phofu, moraonyana mola ho e-na le mehaho e melelele ea motse e majabajaba, ke ntho eo motho a ke keng a e lebala.

Sebaka sena se tletse liphoofolo tse hlaha, tse kang linare, linkoe, lichita, lithuhlo tse tloaelehileng, litšoene, matsa a makholo-kholo, le tšukulu e ntšo e fumanehang seoelo, e kotsing ea ho timela. Boholo ba liphoofolo tsena li phela hona mona. Nakong ea komello pakeng tsa February le March, le pakeng tsa August le September, ho ka bonoa mehlape e meholo ea liphoofolo tse fallang, tse kang lipulumo, li pota-potile matša a serapeng sena.

Matšeng a mang, ao ka nepo a tsejoang e le matša a likubu, lihlopha tsa linatla tsena tse bōpehileng joaloka meqomo li lula ka tlas’a metsi letsatsi lohle, li tsoa bosiu ho ea fula. Ho na le litsela tse bontšitsoeng haufi le matamo ana moo motho a ka sieang koloi teng eaba o tsamaea ka maoto. Leha ho le joalo, tlhokomeliso ke ena: Ho thapolla maoto ka tsela eo ho ka ba kotsi haholo, kaha matamo a mang a na le likoena tse hlaselang, tse ka ’nang tsa lalla mabōpong, moeti ea sa belaelleng letho a sa li bone! Ho qoba ho jeoa ke koena, ho ka ba bohlale hore u tsamaee le balebeli ba koetlisitsoeng ba sebaka sena sa liphoofolo tse hlaha.

Ha motho a bala lethathamo la mefuta ea linonyana ekare ke la bo-matoetoe sechabeng sa mor’a nonyana. Mpshe, e leng nonyana e khōlō ka ho fetisisa e phelang lefatšeng, e bophahamo ba limithara tse peli, le eona mona ke ha habo eona. Lenong le tsejoang le tummeng hampe le lona le fofela holimo sebakeng sena sa toropo le ntse le tsoma litopo. Nonyana ena e bonahalang e le mpe ke thuso e khōlō serapeng sena sa liphoofolo tse hlaha, kaha e hleka litopo leha e le life tseo ho seng joalo li ka ’nang tsa hlahisa libaktheria tse kotsi liphoofolong tse ling.

Ka linako tse ling, u ka ’na ua bona ’mamolangoane. Ka mor’a litsebe e na le motloenya oa masiba a kang a neng a sebelisoa ke bangoli mehleng ea pele. E bonahala e potlakile ka linako tsohle, joalokaha eka ho na le moo e mathelang teng. Linonyana tse ling li akarelletsa bo-’mamasianoke, mahehemu, mekotatsie le maholosiane.

Le hoja e ka ’na eaba serapa sena sa liphoofolo tse hlaha se senyenyane, se na le lintho tsa mefuta-futa tse phelang tse itšetlehileng ka tse ling. Karolong ea sona e ka bophirimela, hoo e ka bang karolo ea 6 lekholong ea sebaka seo ke moru, ’me ho na pula e pakeng tsa lisenthimithara tse 7 ho ea ho tse 10 ka selemo. Mona hase sefate ke tloo u tl’o bona, ’me li akha Cape chestnut le croton e ntle. Karolo e ka boroa le e ka bochabela ke lithota tse nammeng, liphula le likhohlo feela, moo ho nang pula e pakeng tsa lisenthimithara tse 5 le tse 7. Lifate tse khubelu tsa oat grass, desert date, arrow-poison, le mefuta e ’maloa ea maoka kaofela li etsa hore sebaka sena e be lesabasaba la sebele.

Hape u se ke ua lebala lilomo tse khahlehang tse bophahamo ba limithara tse ka bang 100 ho ea fihla tlaase phuleng. Tsena ke tseo batho ba ratang ho hloa lithaba ba ka li ngoangoarelang ba ba ba khathala—le teng haeba e le ba sa ithekeng moroalo!

Serapa Sena Sea Sokeloa

Mathata a mangata a amanang le paballo ea liphoofolo tse hlaha a na le sesosa se le seng—motho. Ka lebaka la ‘mesebetsi ea lintlafatso’ e etsoang ke batho, haufinyane Nairobi National Park e ka ’na ea nyamela. Motse oa Nairobi, o entseng hore sebaka sena e be se tummeng lefatšeng, o tsoela pele ho hōla, e leng ho ntseng ho fokotsa sebaka sena sa liphoofolo. Ha batho ba eketsehileng ba ntse ba fallela libakeng tsa litoropo, ho hlokahala litša tse eketsehileng, ’me ha ho kamoo liphoofolo li ka thibelang sena kateng. Metsoako e litšila e tsoang lifekthering tse haufinyane le eona e sokela mefuta eohle ea lintho tse phelang serapeng sena.

Ntlha e ’ngoe ea bohlokoa e ka etsang hore serapa sena se ’ne se be teng ke hore ho be le tsela eo liphoofolo tse ling li ka tsamaeang ka eona ha li falla. Boholo ba serapa sena bo kampetsoe ho thibela liphoofolo ho kena motseng. Temo e hōlang le ho lisetsa mehlape lehlakoreng le ka boroa la serapa sena ho ka thiba tselana ena eo liphoofolo li ka fallang ka eona. Ho thiba tselana ena ka ho feletseng ho ka ’na ha e-ba le liphello tse bohloko. Liphoofolo tse tsoelang ka ntle ho ea batla makhulo li ka ’na tsa sitoa ho khutla! E le ho boloka tsela ena eo li tsamaeang ka eona ha li falla, Kenya Wildlife Service, e leng mokhatlo o ka sehloohong oa naha oa paballo ea liphoofolo tse hlaha o fumane lisi ea setsiketsi se haufi le serapa sena. Ho sa tsotellehe mathata, Nairobi National Park e sa ntse e hohela baeti ba likete selemo le selemo hore ba tl’o boha lintho tsa mefuta-futa tse khahlang mahlo tseo e nang le tsona.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Thuhlo

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Nkoe

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Sehlopha sa mekotatsie

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Koena

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Tau

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Lehehemu

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Tšukulu e ntšo

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Mpshe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela