“Ke Tšepa Hore U Dr. Livingstone?”
Ka Mongoli oa Tsoha! Tanzania
“Tlas’a sefate sa mango se neng se le mona ka nako eo, Henry M. Stanley o ile a kopana le David Livingstone, ka la 10 November, 1871.”—Mongolo Sefikeng sa Livingstone se Ujiji, Letšeng la Tanganyika, Tanzania.
EBILE lilemong tse fetang lekholo tse fetileng ha Stanley a ne a lumelisa ka tsela ena e tummeng: “Ke Tšepa hore u Dr. Livingstone?” Ho batho ba sa luleng Tanzania, e ka ’na ea e-ba batho ba fokolang feela ba ka utloisisang bohlokoa ba ho kopana ha batho bana.
Ka hona, ho etela ha rōna Musiamong oa Sehopotso sa Livingstone ho tla re beha leseling. Motho ea re bontšang sebaka sena, Monghali Mbingo, o re amohela ka mofuthu. Oa hlalosa: “Sebakeng seo seemahale se hlongoeng ho sona, ke moo ho neng ho e-na le sefate se seholo sa mango, e leng moo Stanley a ileng a kopana le Livingstone teng.” Hona joale ho na le lifate tse peli tse khōlōhali tsa mango sebakeng sena. O tsoela pele: “Se ileng sa etsahala ke hore, ka bo-1920 ho ile ha hlaka hore sefate sa pele sa mango se ne se e-shoa. Boiteko bo entsoeng ba ho se pholosa bo ile ba hlōleha. Ka hona, ho ile ha lengoa mahlomela a mabeli haufi le seemahale.”
Livingstone e ne e le Mang?
Ha re lutse tlas’a moriti oa sefate se seng sa mango, Monghali Mbingo o hlalosa hore David Livingstone o hlahile ka 1813 motsaneng o bitsoang Blantyre, Scotland. “Le hoja a hōletse bofutsaneng, o ile a sebetsa ka thata ho ikenya sekolo ’me a koetlisetsoa bongaka le boromuoa.” Re bolelloa hore Mokhatlo oa Baromuoa oa London o ile oa rōmela Livingstone Afrika, moo a ileng a qeta lilemo tse 30 tsa bophelo ba hae, a tsebahala e le mofuputsi le moromuoa.
Motho ea re bontšang sebaka o re: “Dr. Livingstone o ile a tla Afrika ka makhetlo a mararo. Pele, o ile a ea Afrika Boroa ka 1841. Ka 1845, Livingstone o ile a nyala moroetsana ea bitsoang Mary Moffat, morali oa Robert Moffat eo le eena e neng e le moromuoa.” Livingstone o ile a ba le bana ba bane le Mary. ’Me le hoja Mary a ile a tsamaea le eena maetong a hae a mangata, cheseho ea Livingstone ea ho etsa lipatlisiso e ile ea etsa hore a hloke nako e lekaneng ea ho ba le lelapa la hae. Mary Livingstone o ile a bolaoa ke malaria ka 1862 ha a ne a tsamaile le monna oa hae ho le leng la maeto a hae a ho etsa lipatlisiso.
The New Encyclopædia Britannica e re: “Livingstone o ne a ikemiselitse ho ntšetsa pele Bokreste, khoebo le tsoelo-pele—e leng lintho tse tharo tseo a neng a lumela hore li tla bula menyetla ea hore linaha tse ling li tsebe ho fihla Afrika—ka leboea ho meeli ea Afrika Boroa, le ho kenella hare-hare ho k’honthinente ea Afrika. Polelong ea hae e tummeng eo a ileng a e bua ka 1853, o ile a hlakisa sepheo sa hae: ‘Ke tla bula tsela e kenellang hare-hare, ho seng joalo, nka mpa ka shoa.’” Ka hona, maeto a Livingstone e ne e se feela bakeng sa ho bolela evangeli. O ile a ba le tšusumetso e matla ea hore ho felisoe khoebo ea makhoba. Hape o ile a thahasella ho etsa lipatlisiso ’me a iketsetsa pakane ea ho fumana mohloli oa Nōka ea Nile.
Leha ho le joalo, Livingstone o ile a elelloa hore mosebetsi oo o ne o le moholo haholo hore a ka o phetha a le mong. Ka 1857, o ile a re ho sehlopha sa bahlankana ba neng ba le Univesithing ea Cambridge: “Kea tseba hore ka mor’a lilemo tse seng kae ke tla shoa naheng eo, eo hona joale le ka khonang ho kena ho eona; le se ke la e lumella hore e koalehe hape! Ke khutlela Afrika ho ea leka ho bula tsela ea khoebo le ea Bokreste; [na] le tla qetela mosebetsi oo ke o qalileng? Seo ke se siela lōna.”
Leha ho le joalo, Livingstone o ile a hahlaula ho pholletsa le Afrika bohareng. Har’a tse ling, o ile a sibolla liphororo tse khōlōhali tsa Nōka ea Zambezi, tseo a ileng a li reha Liphororo Tsa Victoria, a li rehella ka Mofumahali Victoria. Hamorao o ile a hlalosa liphororo tseo e le ‘botle bo tsotoang ka ho fetisisa boo a kileng a bo bona Afrika.’
Ho Tsoa Letšolo
Motho ea re bontšang sebaka o re: “Leeto la ho qetela la Livingstone le qalile ka 1866. Leha ho le joalo, ho ile ha ba le liqabang har’a batho bao a sebetsang le bona. Ba bang ba balateli ba hae ba ile ba mo furalla ’me ba khutlela Zanzibar, moo ba ileng ba fihla ba jala leshano la hore Livingstone o shoele. Empa Livingstone o ile a tsoela pele. Ujiji, lebōpong le ka bochabela Letšeng la Tanganyika, ke moo a ileng a theha setsi bakeng sa ho etsa lipatlisiso tsa hae teng.
“Leha ho le joalo, e ne e se e le lilemo tse tharo Europe e e-s’o utloe letho ka Livingstone. E ne e nahana hore o shoele. Ka hona, mohatisi oa koranta ea New York Herald o ile a romela moqolotsi oa litaba ea bitsoang Henry Morton Stanley hore a e’o batla Livingstone a be a mo fumane—ebang o shoele kapa oa phela. Ho hlakile hore ho hang Livingstone o ne a sa lahleha. Empa o ne a hloka lisebelisoa ’me a kula haholo. Ka November 1871, e mong oa basebeletsi ba Livingstone o ile a tla ntlong ea hae a hoeletsa: ‘Mzungu anakuja! Mzungu anakuja!’” Seo ke Seswahili ha ho thoe “Ho na le lekhooa le tlang!”
Ha e le hantle, Stanley o ne a qetile likhoeli tse ka bang robeli a ntse a batla Livingstone. Pele o ile a pota le India hore a kene Afrika, a fihla sehlekehlekeng sa Zanzibar ka la 6 January, 1871. Ka la 21 March, 1871, o ile a tloha motseng oa Bagamoyo, o lebōpong le ka bochabela, ’me a tsamaea a nkile lisebelisoa tse boima ba lithane tse tšeletseng le banna ba 200 bao a ba hirileng. Leeto la lik’hilomithara tse 1 500 sebakeng seo ba se nang ’mapa oa sona le ne le tla ba kotsi! Lipula tse matla li ile tsa tlatsa linōka hore li je litlhokoa. Stanley le banna ba hae ba ile ba tšoaroa ke malaria, maloetse a mang hammoho le ke mokhathala o matla. Linōka tsohle li ne li tletse likoena; Stanley o bile a haroha letsoalo ka le leng ha a shebeletse ha e ’ngoe ea litonki tsa hae tsa ho qetela e ne e huleloa ka metsing ke koena ’me e e bolaea. Ka lekhetlo le leng, eena Stanley o ile a pholoha ka sobana la nale ha koena e ne e re e ea mo qhautsa! Ho ntse ho le joalo, Stanley o ne a ikemiselitse ho atleha ka hohle-hohle. O ne a khothalitsoe ke litlaleho tsa hore ho na le monna-moholo e mong oa lekhooa ea lulang sebakeng sa Ujiji.
Ha Stanley a atamela Ujiji, o ile a itokisetsa ho kopana le eena. Buka e reng Stanley, ea Richard Hall, e re: “Stanley o ne a otile haholo ’me a khathetse, empa o ile a etsa qeto ea ho kena motseng a hatela holimo joaloka motho ea sebete ho feta [babatlisisi ba tlileng pele ho eena]. Etsoe oo e ne e tla ba motsotso o ke keng oa lebaleha historing—eseng feela hore o ne a tl’o roba rekoto ea hore ba kopane, empa o ne a boetse a tl’o e ngola fatše. E mong le e mong ho ba neng ba le leetong leo o ile a khetha liaparo tse ntlenyana ho tse neng li setse. Stanley o ile a tlama katiba ea hae ea letsatsi ka lebanta le lecha, a tena borikhoe bo hloekileng bo bosoeu ’me a bentša lieta tsa hae haholo ka oli.”
Stanley o hlalosa se ileng sa latela: “Qetellong ra fihla moo re eang . . . Ho na le sehlopha sa Maarabia a hlomphehang haholo; ’me ha ke ntse ke atamela, ke bona sefahleho sa monna-moholo oa lekhooa har’a sona. . . . Re phahamisetsana likatiba ’me ’na ke re, ‘Ke tšepa hore u Dr. Livingstone? ’me eena o re, ‘E, u nepile.’”
Ka Mor’a Moo
Qalong Stanley o ne a rerile ho lula nako e lekaneng feela hore a botse lipotso le ho ngola pale ea hae. Leha ho le joalo, ka potlako Livingstone le Stanley e ile ea e-ba metsoalle. Motho ea re bontšang sebaka o re: “Stanley o ile a lula le Livingstone libeke tse ’maloa, ’me ka bobeli ba ile ba ea bona Letša la Tanganyika. Stanley o ile a leka ho kholisa Livingstone hore a khutlele Europe, empa Livingstone o ne a ikemiselitse ho sala a be a fumane mohloli oa Nile. Kahoo, ka la 14 March, 1872, Stanley le Livingstone ba ile ba arohana ka lipelo tse bohloko. Stanley o ile a khutlela lebōpong la leoatle, moo a ileng a reka lisebelisoa ’me a li rōmela ho Livingstone. Ka mor’a moo, Stanley a khutlela Europe.”
Ho ile ha etsahala eng ka Livingstone? Motho ea re bontšang sebaka o re: “Ka August 1872, Livingstone o ile a qalella leeto la hae la ho batla mohloli oa Nile. O ile a leba ka boroa, Zambia. Leha ho le joalo, o ne a shoele ke mokhathala o matla a bile a kula. Ka la 1 May, 1873, o ile a fumanoa a shoele. Bahlanka ba hae . . . ba ile ba tlotsa setopo sa hae ka linoko hore se se ke sa bola, ba pata pelo ea hae le mala mobung oa Afrika. Setopo sa Livingstone se ile sa isoa Bagamoyo, sebaka se bohōle ba lik’hilomithara tse 2 000, moo se ileng sa amoheloa ke baromuoa. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore se isoe Zanzibar ka sekepe, ebe se fetisetsoa Brithani. Setopo sa hae se ile sa fihla London ka la 15 April, 1874, ’me sa patoa Westminster Abbey matsatsi a mararo hamorao. Ho batlile ho nka selemo hore setopo sa Livingstone se fihle moo se neng se tla patoa teng.”
Stanley o ile a khutlela Afrika ho ea ntšetsa pele moo Livingstone a neng a khaolitse teng. Stanley o ile a nka maeto a hlahlobang libaka tse haufi le Letša la Victoria le Letša la Tanganyika, hammoho le nōka e khōlō ea Congo.
Motho o tlameha ho tsota sebete le boikemisetso ba banna ba kang Livingstone le Stanley. Britannica e re ka Livingstone: “Seo a se sibolotseng—ho tsa jeokrafi, theknoloji, bongaka le maemo a bophelo—se fane ka boitsebiso bo bongata bo rarahaneng bo ntseng bo hlahlojoa le kajeno.” ’Me le hoja kajeno Livingstone le Stanley ba hopoloa e le babatlisisi ho e-na le ho ba ’moleli le moqolotsi oa litaba, mosebetsi oa bona o thusitse ho bula monyako oa ho tsebahatsa Bibele hohle lilemo tse mashome hamorao.
Ka hona, baromuoa ba Lipaki Tsa Jehova ba khonne ho thusa batho ba likete tse makholo ba Maafrika hore ba tsebe linnete tsa Bibele. Ha e le hantle, Ujiji, moo Stanley a ileng a kopana le Livingstone teng, mosebetsi oa Lipaki oa ho bolella ba bang linnete tsa Bibele o se o tsebahala hoo ha moahi oa moo a ba bona ba eme ka pel’a ntlo, e seng mohlolo hore e mong oa bona a botse, “Ke tšepa hore le Lipaki Tsa Jehova?”
[’Mapa o leqepheng la 15]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Letša la Victoria
Moo Livingstone a tsamaileng teng
Cape Town
Port Elizabeth
Kuruman
Letša la Ngami
Linyanti
Luanda
Liphororo Tsa Victoria
Quelimane
Mozambique
Mikindani
Zanzibar
Chitambo
Letša la Tanganyika
Nyangwe
Ujiji, moo banna ba babeli ba kopaneng teng
Leeto la Stanley la ho batla Livingstone ka 1871
Zanzibar
Bagamoyo
Ujiji, moo banna ba babeli ba kopaneng teng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Map: Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 14, 15]
David Livingstone
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Livingstone: From the book Missionary Travels and Researches in South Africa, 1858
[Setšoantšo se leqepheng la 14, 15]
Henry M. Stanley
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Liphororo Tsa Victoria
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
E mong oa Lipaki Tsa Jehova o bolella ba bang ’nete ea Bibele Ujiji