PALE EA BOPHELO
Ke Lumelletse Jehova Hore a Ntataise Bophelong
HA KE ne ke le mocha ke ile ka khetha mosebetsi oa boipheliso oo ke neng ke o thabela haholo. Empa Jehova o ile a nkhethela mosebetsi o fapaneng, e ne eka o re ho ’na: “Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona.” (Pes. 32:8) Ho lumella Jehova hore a ntataise bophelong ho ile ha etsa hore ke qete nako e ngata ke mo sebeletsa ’me sena se ile sa etsa hore ke fumane litlhohonolofatso le menyetla e mengata e akarelletsang ho sebeletsa Afrika ka lilemo tse 52.
HA KE NE KE TLOHA BLACK COUNTRY KE EA AFRIKA
Ke hlahile ka selemo sa 1935 toropong ea Darlaston e karolong ea Black Country e leng sebaka se Engelane. Se ile sa bitsoa joalo hobane ho ne ho e-na le lifeme tse ngata tse neng li ntša mosi o motšo. Ha ke ne ke le lilemo tse ka bang tse ’nè, batsoali ba ka ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ha ke ntse ke hola, ke ile ka qala ho kholiseha hore seo ke ithutang sona Bibeleng ke ’nete ’me ka kolobetsoa ka selemo sa 1952 ke le lilemo li 16.
Ka eona nako eo ke ile ka ithuta mosebetsi ke se ke ntse ke sebetsa femeng e kholo e neng e etsa lithulusi le likarolo tse ling tsa koloi. Ke ile ka koetlisetsoa ho etsa mosebetsi oa ho ba mongoli femeng eo ’me mosebetsi oo o ne o nthabisa haholo.
Ke ile ka lokela ho etsa qeto ea bohlokoa ha molebeli oa potoloho a ne a nkopa hore ke tšoare Thuto ea Bibele ea Phutheho libokeng tsa har’a beke phuthehong ea heso e Willenhall. Ena e ne e le qeto e boima eo ke neng ke lokela ho e etsa. Ka nako eo ke ne ke ea libokeng liphuthehong tse peli tse fapaneng. Har’a beke ke ne ke ea phuthehong e haufi le moo ke neng ke sebetsa teng e Bromsgrove, e leng toropo e ka bang bohole ba lik’hilomithara tse 32 ho tloha moo ke neng ke lula teng. Mafelo-beke ha ke ne ke le hae ho batsoali ba ka ke ne ke ea libokeng tsa phutheho e Willenhall.
Kaha ke ne ke batla ho tšehetsa mokhatlo oa Jehova, ke ile ka amohela kopo ea molebeli oa potoloho le hoja sena se ne se bolela hore ke ne ke tlameha ho tlohela mosebetsi oo ke neng ke o rata haholo. Ho lumella Jehova hore a ntataise boemong boo ho ile ha mpha menyetla e mengata ea hore ke mo sebeletse ’me ha ke ikoahlaele qeto eo ke ileng ka e etsa.
Ha ke ntse ke le phuthehong ea Bromsgrove ke ile ka kopana le Morali oabo rona Anne ea motle haholo ea neng a rata ho sebeletsa Jehova. Re ile ra nyalana ka 1957 ’me ra thabela ho sebeletsa re le bo-pula-maliboho ba kamehla, bo-pula-maliboho ba khethehileng, balebeli ba potoloho le ho sebeletsa Bethele. Anne o ne a etsa hore ke lule ke thabile.
Ka 1966 re ile ra thabela ho ea tlelaseng ea bo42 ea Gileade. Re ile ra abeloa ho e’o sebeletsa Malawi e Afrika moo batho ba teng ba tsebahalang ka ho ba mosa le ho amohela batho ka mofuthu. Re ne re sa lebella hore re ne re sa tl’o lula nako e telele moo.
HO SEBETSA LINAKONG TSE THATA MALAWI
Koloi e bitsoang Kaiser Jeep eo re neng re e sebelisa mosebetsing oa potoloho Malawi
Re fihlile Malawi ka la 1 February, 1967. Re qetile khoeli ea pele re ithuta puo ea moo ’me ka mor’a moo ra qala ho etsa mosebetsi oa rona oa setereke. Re ne re tsamaea ka koloi e bitsoang Kaiser Jeep eo batho ba bangata ba neng ba nahana hore e ka khona ho tsamaea hohle esita le linokeng. Empa taba eo e ne e se ’nete hobane re ne re khona feela ho feta metsing a seng mangata. Ka linako tse ling re ne re lula matlong a entsoeng ka seretse ’me a ruletsoe ka joang ’me ha pula e na re ne re beha seili marulelong e le ho thibela metsi hore a se ke a kena. Qalong ho ne ho nyolosetsa empa re ne re rata mosebetsi oo oa rona oa boromuoa.
Ka April ke ile ka hlokomela hore haufinyane ’muso o ka re bakela mathata. Ke ile ka utloa mopresidente oa Malawi Dr. Hastings Banda a bua radiong. O ile a re Lipaki Tsa Jehova ha li patale lekhetho ebile li bakela ’muso mathata. O ne a sa bue ’nete . Re ne re tseba hore ’muso o ne o sa rate taba ea hore ha re nke karolo lipolotiking ebile re ne re hana ho reka karete ea hore re be litho tsa karolo e itseng ea mokhatlo oa lipolotiki.
Ka September re ile ra bala koranta moo mopresidente a neng a re bara babo rona ba baka mofere-fere hohle. O ile a etsa tsebiso sebokeng se seng sa lipolotiki ea hore haufinyane ’muso o ne o tla lokela hore o thibele Lipaki Tsa Jehova. Ka li 20 tsa October, 1967 Lipaki Tsa Jehova li ile tsa thibeloa. Nakoana ka mor’a moo, mapolesa le liofisiri tsa bajaki li ile tsa koala ofisi ea lekala ’me tsa leleka le baromuoa naheng eo.
Ha re ne re e-na le baromuoa-’moho Jack le Linda Johansson nakong eo re neng re tšoeroe ’me re tsamaisoa Malawi ka 1967
Ka mor’a matsatsi a mararo re le teronkong, re ile ra isoa Mauritius e neng e laoloa ke Brithani. Leha ho le joalo, balaoli ba Mauritius ba ne ba sa re lumelle hore re lule moo re le baromuoa. Kahoo re ile ra romeloa Rhodesia (eo hona joale e leng Zimbabwe). Ha re fihla moo re ile ra kopana le ofisiri e ’ngoe ea bajaki e neng e halefile haholo ’me e ile ea hana ha re kena naheng eo. E ile ea re: “Ha lea lumelloa hore le lule Malawi. Ba ke ke ba le lumella hore le lule Mauritius joale le tla mona hobane linaha tse ling li sa le amohele?” Anne o ile a qala ho lla. Ho ne ho bonahala eka ha ho na motho ea re batlang. Ka eona nako eo ke ne ke batla ho tsamaea, ke khutlele lapeng Engelane. Qetellong balaoli ba bajaki ba ile ba re lumella hore re robale ofising ea lekala empa ba re re lokela ho itlaleha ntlo-kholo ea bona letsatsing le latelang. Re ne re khathetse haholo empa re ile ra tsoela pele re emetse Jehova ho bona hore na o tla re thusa joang. Letsatsi le latelang motšehare re ile ra fumana tumello eo re neng re sa e lebella ea hore re e’o lula re le baeti Zimbabwe. Nke ke ka lebala tsela eo ke neng ke ikutloa ka eona letsatsing leo. Ke ne ke kholisehile hore Jehova oa re tataisa.
MOSEBETSI O MOCHA OA HO SEBELETSA MALAWI KE LE ZIMBABWE
’na le Anne Bethele e Zimbabwe ka 1968
Ke ne ke abetsoe ho sebetsa Lefapheng la Tšebeletso lekaleng la Zimbabwe ke thusa naheng ea Malawi le Mozambique. Bara le barali babo rona ba Malawi ba ne ba hlorisoa haholo. O mong oa mosebetsi oo ke neng ke o etsa e ne e le ho fetolela litlaleho tse neng li romeloa ke molebeli oa potoloho oa Malawi. Mantsiboeeng a mang ha ke ntse ke qetella tlaleho e ’ngoe ke ile ka lla haholo ha ke bala ka lintho tse bohloko tse etsahallang bara le barali babo rona.a Ho ntse ho le joalo, ke ile ka khothatsoa haholo ke ho tšepahala ha bona, tumelo ea bona le ho mamella ha bona.—2 Bakor. 6:4, 5.
Re ile ra etsa sohle seo re ka se khonang ho etsa bonnete ba hore bara babo rona ba neng ba ntse ba setse Malawi le ba ileng ba balehela Mozambique ba e-ba le lingoloa. Bafetoleli ba Sechichewa e leng puo e buuoang haholo Malawi ba ile ba fallela polasing e kholo ea mor’abo rona e mong Zimbabwe. O ile a ba hahela liofisi le matlo ao ba ka lulang ho ’ona. Ha ba le moo ba ile ba tsoela pele ho etsa mosebetsi oa bohlokoa e leng ho fetolela lingoloa.
Re ile ra lokisetsa hore balebeli ba potoloho ba Malawi ba ee kopanong ea setereke ea Sechicheoa selemo le selemo e neng e tšoareloa Zimbabwe. Ha ba le moo ba ile ba fuoa li outline tsa lipuo tsa kopano. Ha ba ne ba khutlela Malawi ba ne ba arolelana le bara le barali babo rona lintlha tsohle tseo ba ithutileng tsona kopanong eo. Selemo se seng ha ba ne ba etetse Zimbabwe, re ile ra hlophisa hore ho be le Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso e le ho khothatsa balebeli bana ba potoloho ba sebete.
Ke fana ka puo ka Sechichewa kopanong ea Sechichewa kapa Seshona Zimbabwe
Ka February 1975 re ile ra etela Lipaki Tsa Jehova tse tsoang Malawi tse neng li balehetse likampong tsa Mozambique. Bara bana babo rona ba ne ba latela tataiso ea morao-rao ea mokhatlo oa Jehova ho akarelletsa le ea hore ho be le sehlopha sa baholo. Baholo bana ba bacha ba ile ba etsa tokisetso ea hore ho be le lintho tse ngata tse akarelletsang hore ho fanoe ka lipuo tsa phatlalatsa, ho buisanoe ka temana ea letsatsi le Molula-Qhooa le hore ho tšoaroe likopano. Ba ile ba lokisetsa hore ho be le likampo tse kang tsa kopano tse nang le mafapha a ho hloekisa, a lijo le a tšireletso. Jehova o ile a thusa bara bana babo rona ba tšepahalang hore ba fihlele lintho tse ngata ’me sena se ile sa nkhothatsa haholo.
Ho elella mafelong a 1970, ofisi ea lekala ea Zambia e ile ea qala ho thusa Malawi. Ho ntse ho le joalo ke ile ka lula ke nahana le ho rapella bara le barali babo rona ba Malawi ’me le batho ba bang ba ne ba etsa se tšoanang. Kaha ke ne ke le e mong oa setho sa Komiti ea Lekala Zimbabwe, ka makhetlo a ’maloa ke ne ke kopana le baemeli ba tsoang ntlo-kholo le bara babo rona ba tsoang Malawi, Afrika Boroa le Zambia. Kamehla ha re ne re kopana re ne re botsana hore na re ka etsang ho thusa bara babo rona ba Malawi.
Ha nako e ntse e e-ea bara babo rona ba ne ba se ba sa hlorisoe haholo. Bara babo rona ba ileng ba baleha Malawi, hanyane hanyane ba ile ba khutlela ’me ba neng ba setse moo ba ne ba se ba sa hlorisoe haholo. Linaha tse haufinyane le moo li ne li lumella Lipaki Tsa Jehova hore li kopane le ho bolela litaba tse molemo hape li ile tsa tlosa lithibelo. Ka 1991 Mozambique e ile ea etsa se tšoanang. Empa re ile ra ipotsa hore na Lipaki Tsa Jehova tse Malawi tsona li tla lokolloa neng.
HA RE KHUTLELA MALAWI
Ha nako e ntse e e-ea, boemo ba lipolotiki ba Malawi bo ile ba fetoha ’me ka 1993 ’muso o ile oa tlosa lithibelo tsa Lipaki Tsa Jehova. Hamorao ke ile ka bua le moromuoa e mong ’me a mpotsa hore na ke tla khutlela Malawi hape. Ka nako eo ke ne ke le lilemo li 59 ’me ke ile ka mo araba ka re: “Che ke se ke holile.” Leha ho le joalo, ka lona letsatsi leo re ile ra fumana molaetsa o tsoang ho Sehlopha se Busang o reng re khutlele Malawi.
Re ne re rata mosebetsi oa rona haholo ha re ne re le Zimbabwe, kahoo ho etsa qeto eo ho ne ho le boima. Re ne re thabile haholo ha re ne re le Zimbabwe ebile re ne re se re e-na le metsoalle. Ka mosa Sehlopha se Busang se ile sa re re ka ’na ra lula Zimbabwe haeba re ntse re batla. Kahoo, ho ne ho ka ba bonolo hore re etse qeto ea hore re lule Zimbabwe. Empa ke ile ka hopola kamoo Abrahama le Sara ba ileng ba tlohela ntlo ea bona e ntle ba se ba holile e le hore ba mamele Jehova.—Gen. 12:1-5.
Re ile ra etsa qeto ea hore re mamele tataiso ea mokhatlo oa Jehova ’me ra khutlela Malawi ka la 1 February, 1995 e leng letsatsi leo re ileng ra fihla ka lona Malawi lilemo tse 28 tse fetileng. Komiti ea Lekala e ile ea thehoa ’me e ne e le ’na le bara babo rona ba bang ba babeli eaba re hlophisa hore ho etsoe mesebetsi e meng e etsoang ke Lipaki Tsa Jehova.
JEHOVA O ETSA HORE MOSEBETSI O ATLEHE
E ne e le tlhohonolofatso e kholo ho bona ha Jehova a etsa hore mosebetsi o hole kapele. Palo ea bahoeletsi e ile ea eketseha ka potlako, ka 1993 ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka bang 30 000 ’me ka 1998 ha e-ba le bahoeletsi ba ka holimo ho 42 000.b Sehlopha se Busang se ile sa lumella hore ho be le ofisi ea lekala e ncha e neng e tla thusa ka mosebetsi oo re neng re tla lokela ho o etsa. Re ile ra fumana sebaka se lihekthere tse 12 Lilongwe ’me ke ile ka koptjoa hore ke sebetse komiting ea kaho.
Ka May 2001 Mor’abo rona Guy Pierce oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo ho nehela moaho ona. Lipaki tsa moo tse ka holimo ho 2 000 li ile tsa tla ha ho fanoa ka puo eo ’me boholo ba tsona e ne e le tse kolobelitsoeng lilemo tse ka holimo ho tse 40. Bara le barali babo rona bana ba tšepahalang ba ile ba mamella ha ba ne ba hlorisoa ka lilemo tse ngata nakong eo ba neng ba thibetsoe. Ba ne ba se na chelete e kaalo empa tumelo ea bona e ne e le matla ebile e le metsoalle ea Jehova. Ba ne ba thabetse ho bona Bethele ea bona e ncha. Hohle moo ba neng ba tsamaea teng ha ba le Bethele ba ne ba bina lipina tsa ’Muso ka tsela ea Afrika. Ena e ne e le ketsahalo e monate le e thabisang eo nkileng ka ba ho eona. E ile ea bontša hore Jehova o hlohonolofatsa batho ba mamellang liteko ka botšepehi.
Ka mor’a hore lekala le qetoe ho hahoa ke ile ka thabela mosebetsi oo ke neng ke o filoe oa hore ke nehele Liholo Tsa ’Muso. Tokisetso eo mokhatlo o neng o e entse ea ho haha Liholo Tsa ’Muso kapele libakeng tseo bara le barali babo rona ba neng ba se na chelete e kaalo, e ile ea tsoela liphutheho tsa Malawi molemo. Nakong e fetileng liphutheho tse ling li ne li kopanela moahong o neng o entsoe ka sefate sa boloukomo. Ba ne ba rulela ka limmete tsa lehlaka ’me ba lula litulong tsa benche e telele e entsoeng ka seretse. Bara babo rona ba ile ba sebetsa ka thata ho etsa litene ka onto eo ba neng ba iketselitse eona ’me ba haha libaka tse ntle tseo ba neng ba tla kopanela ho tsona. Bara babo rona ba ntse ba rata ho lula libencheng hobane libenche li etsa hore ho be bonolo hore ba batlele motho e mong sebaka sa ho lula.
Ke ile ka boela ka hlolloa ke ho bona Jehova a thusa batho hore e be Bakreste ba nang le boiphihlelo. Ke ile ka thabisoa ke ho bona bara babo rona ba bacha ba Afrika ba ithaopela ho thusa ebile ba ithuta lintho tse ling kapele koetlisong eo ba e fumaneng mokhatlong oa Jehova le kamoo ba neng ba etsa mosebetsi kateng. Sena se ile sa etsa hore ba khone ho thusa ka mesebetsi e mengata Bethele le liphuthehong. Liphutheho tsa moo li ile tsa matlafatsoa ke balebeli ba potoloho ba bacha bao bongata ba bona ba neng ba nyetse. Banyalani bana ba entse qeto ea hore ba se ke ba e-ba le bana e le hore ba ka sebeletsa Jehova ka ho eketsehileng le hoja batho ba bangata le ba lelapa ba ne ba lebelletse hore ba be le bana.
KE KHOTSOFALITSOE KE QETO EO KE E ENTSENG
’Na le Anne Bethele e Brithani
Ka mor’a lilemo tse 52 ke le Afrika ke ile ka kula. Sehlopha se Busang se ile sa chaela monoana kopo ea Komiti ea Lekala ea hore re e’o sebetsa Brithani. Re ne re utloile bohloko haholo ha re ne re tlohela mosebetsi oo re o ratang haholo empa lelapa la Bethele le Brithani le re hlokometse haholo linakong tsena tsa rona tsa botsofali.
Ke kholisehile hore ho lumella Jehova hore a ntataise bophelong e bile qeto e bohlale eo nkileng ka e etsa. Haeba ke ne ke ile ka itšetleha ka kutloisiso ea ka le ka mosebetsi oo ke neng ke o etsa, ke mang ea tsebang hore na nkabe ke le hokae? Haesale Jehova a tseba hore na ke hloka’ng e le hore a ‘otlolle litsela tsa ka.’ (Liprov. 3:5, 6) Ha ke ne ke le mocha ke ne ke thabetse ho tseba hore na k’hamphaning e kholo ho sebetsoa joang. Leha ho le joalo, mokhatlo oa Jehova o lefatšeng lohle o ile oa mpha mosebetsi o khotsofatsang ho feta mosebetsi leha e le ofe. Ho sebeletsa Jehova ho ne ho nthabisa haholo ebile ho ntse ho tsoela pele ho nthabisa.
a Histori ea Lipaki Tsa Jehova tse Malawi e hlaha ho Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1999 leq. 148-223.
b Hona joale Malawi e na le bahoeletsi ba fetang 100 000.