Ketsahalo ea Bohlokoa Haholo Malawi—Liholo Tsa ’Muso Tse 1 000!
AUGUSTINE o ile a re: “Ke ne ke sa nahane hore ntho e tjena e ka etsahala Malawi.” O ne a bua ka ho hahoa ha Liholo Tsa ’Muso tse ngata, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li bitsang libaka tsa tsona tsa borapeli kateng. Ka 1993, ha Lipaki li sa le 30 000 Malawi, e leng naha e nyenyane e ka boroa-bochabela ba Afrika, li ne li se na libaka tse loketseng tseo li neng li ka kopana ho tsona bakeng sa borapeli le ho ithuta Bibele.
Leha ho le joalo, hona joale boemo bo fapane haholo. Ka September 2010 sebakeng se bitsoang Blantyre, Lipaki tsa Malawi li ile tsa haha Holo ea ’Muso ea sekete!a Ke hobane’ng ha palo ea Lipaki e ile ea eketseha hore e fihle ho 30 000 le pele li haha libaka tsa borapeli? Ka mor’a hore li qale mosebetsi oo, li khonne joang ho haha liholo tse 1 000 ka nako e khutšoanyane hakaale le hoja li lula naheng e futsanehileng? Qetellong, mosebetsi oo o hlollang oa kaho o ile oa ama Lipaki le baahisani ba tsona joang?
Linako Tse Thata
Mathoasong a bo 1900, Liithuti Tsa Bibele e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li bitsoa kateng ka nako eo, li ile tsa qala ho ruta batho ’nete ea Bibele Malawi. Ka 1967, palo ea Lipaki e ne e se e nyolohetse ho 17 000. Joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, Lipaki li ne li tsejoa ka hore ke batho ba mamelang molao le ba ikokobelletsang puso. Hape, joaloka Bakreste ba pele le tsona li ne li sa nke lehlakore lipolotiking.—Johanne 18:36; Liketso 5:29.
Ka masoabi, mahareng a lilemo tsa bo-1960, ho ile ha e-ba le likhohlano pakeng tsa Lipaki le ’muso ka lebaka la ho hlompha ha tsona Bibele, kahoo ka 1967, mosebetsi oa tsona o ile oa thibeloa. Ho e-s’o ee kae, Lipaki tse ngata li ile tsa lelekoa ka likhoka mosebetsing, ’me tsa nkeloa haesita le ho senyetsoa thepa ke batlōli ba molao. Ka lebaka la mahloriso ana a sehlōhō, haesita le ho tšaba hore li ka bolaoa, Lipaki tse likete li ile tsa balehela linaheng tsa boahelani tse kang Mozambique le Zambia.
Leha ho le joalo, qetellong maemo a ile a ntlafala tseleng eo Lipaki Tsa Jehova li neng li tšoaroa ka eona Malawi, tseo boholo ba tsona li neng li sa tsoa khutlela hae mathoasong a 1990. E tlameha ebe li ile tsa thaba hakaakang ha ka la 12 August, 1993, li boetse li lumelloa ho etsa mosebetsi oa tsona oo esale o thibeloa ka lilemo tse 26! Empa joale li ile tsa tobana le bothata bo bong. Lipaki tse ka holimo ho 30 000 tse liphuthehong tse 583, li ne li se na libaka tse loketseng tsa ho kopana bakeng sa borapeli! Li ne li lokela ho etsa’ng?
Lipaki li Bontšana Lerato
Lilemo tse tšeletseng ka mor’a hore mosebetsi oa tsona o lumelloe hape, Lipaki tsa sebakeng seo li ile tsa etsa mosebetsi o babatsehang oa ho haha Liholo Tsa ’Muso ka chelete e nyenyane eo li neng li e-na le eona. Empa ho ne ho se bonolo hobane tsela eo palo ea Lipaki e neng e eketseha ka eona selemo le selemo, e ne e hloka hore ho ’ne ho hahoe liholo tse eketsehileng. Bothata boo bo ile ba hlōloa joang? Ka hore li sebelise seo Bibele e se bolelang ho 2 Bakorinthe 8:14. “Ka ho leka-lekanya” chelete e eketsehileng eo linaha tse ling li neng li e-na le eona, ho ne ho ‘ka koaloa khaello’ e teng linaheng tse kang ea Malawi. E le ho finyella seo, ka 1999 Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova se ile sa qala lenaneo le khethehileng la ho thusa linaha tse futsanehileng hore li hahe libaka tsa tsona tsa borapeli. Ka lebaka la thuso ena e bontšang lerato, Lipaki tsa Malawi li ile tsa potlakisa mosebetsi oa ho haha Liholo Tsa ’Muso.b
Nakong e fetileng, liphutheho tsa Malawi li ne li tšoarela liboka tsa Bokreste ka litlelaseng, maphepheng kapa ka tlas’a lifate. Hona joale, liphutheho tse 1 230, li se li khona ho kopana e le hore li rapele le ho ithuta Bibele libakeng tse hlomphehang tse nehetsoeng ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete. Lipaki tsa Malawi tse fetang 75 000 li ananela haholo tšehetso eo li e fumaneng ho bara le barali ba bo rōna ba Bakreste lefatšeng lohle.
Ntho e ’ngoe e thusitseng Lipaki hore li hahe libaka tse ngata tsa borapeli ka nako e khutšoanyane hakana, ke hobane li ne li batla liholo tsa boemo bo itekanetseng. Li ne li sa batle ho haha mehaho e majabajaba. Ho e-na le hoo, li ne li batla mehaho ea boemo bo itekanetseng, e hlomphehang, e tlisang thoriso lebitsong la Molimo le e boemong bo loketseng, e le hore li ka ithuta Bibele le ho e tšohla.
Baahi ba Rua Molemo
Nakong e fetileng, baahi ba Malawi ba ne ba soma Lipaki Tsa Jehova ka hore ke bolumeli bo se nang libaka tsa borapeli. Ka lebaka leo, ka linako tse ling Lipaki tse ling li ne li se li soabela ho mema batho ba thahasellang hore ba tle libokeng. Kahoo, nahana kamoo li ileng tsa ikutloa kateng ha li se li e-na le Holo ea ’Muso e ntle. Joale li ne li se li thabela ho memela baahisani le batho ba thahasellang libokeng tsa Bokreste. Ha e le hantle, sebakeng se seng, Lipaki li ile tsa hlolloa ha li bona batho ba 698 ba tlile libokeng Holong ea ’Muso e neng e sa tsoa hahoa!
Lipaki tse ngata le batho ba bang ba re ba ne ba sa nahane hore ho tla ke ho be le sebaka se setle hakana sa borapeli motseng oa bona. Augustine, eo ho builoeng ka eena qalong ea sehlooho sena, o hopola phutheho e ’ngoe e neng e tšoarela liboka tlas’a sefate. O re: “Ho ne ho se na bothata nakong ea ha lipula li sa ne. Empa ha lipula li qala, e ne e e-ba mathata!” Haeba u kile ua otloa ke pula e tšolohang ka matla e nang libakeng tse chesang haholo, u tla utloisisa seo Augustine a se bolelang.
Augustine o boetse o hopola ha a ne a etetse Phutheho ea Chimwanje. O re: “Re ne re tšoaretse liboka lephepheng le lenyenyane le neng le hahiloe ka lipalo tsa lepolanka ’me le ruletsoe ka joang. Leha ho le joalo, re ne re sa hlokomele hore marulelong ao ho lula sekho se seholo se chefo. Eitse ha puo e ntse e tsoela pele, sekho seo sa oela haufi le leoto la ka! Eaba ke utloa motho e mong ho ba mametseng a se a hoeletsa a tšohile a re: ‘Se hate Augustine, se hate!’ Ke ile ka fela ka etsa joalo. Ke ka lebaka leo ke ntseng ke phela le kajeno.” Hona joale kaha phutheho eo e se e e-na le Holo ea ’Muso, ha e sa ba le litšitiso tse joalo.
“Li Tšoana le Lehakoe la Bohlokoa”
Lenaneo la kaho ea Liholo tsa ’Muso, le entse hore Lipaki Tsa Jehova li ratoe esita le ho hlomphuoa ke baahi le marena a sebaka seo li lulang ho sona joalokaha re tla bona seo ba se buileng ka tlaase mona:
✔ “Kaho ea sebaka se secha sa borapeli, le lerato le bonngoe tse bontšitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, ke lehakoe la bohlokoa sechabeng sa rōna, ke mohlala oo likereke tse ling li lokelang ho o latela.”—Morena oa motse oa Chabwenzi.
✔ “Ntho e nkhahlang haholo ka Lipaki, ke bonngoe ba tsona. Re qalile ho haha kereke ea rōna lilemong tse leshome tse fetileng, empa ha e-so fele le kajeno—ebile ha ho na tšepo ea hore e sa tla fela. Ke lakatsa ho le leboha ka ho haha mohaho o motle hakana sebakeng sena sa rōna.”—Ramotse oa Chigwenembe.
✔ “Hoa khahla ho bona kamoo le sebetsang kateng. Le haha ka potlako, empa e le ka makhethe! E tlameha ebe le sebetsa ka kutloano.”—Morena oa motse oa Chiuzira.
Ho hahoa ha Liholo Tsa ’Muso ho ne ho bonahala haholo hoo ho hapileng thahasello ea bahlophisi ba dikishinari ea Chichewa/Chinyanja—English Dictionary, eo ha e hlalosa Lipaki e reng: “Lipaki Tsa Jehova li hahile [Liholo Tsa ’Muso] tse ngata.”
“Holo Ena ea ’Muso ke Mohlolo”
Ka la 30 January, 2011, Phutheho ea Manyowe e Blantyre, eo ho builoeng ka eona pejana, e ile ea nehela Holo ea eona ea ’Muso e sa tsoa hahoa—e leng holo ea sekete ho tse hahiloeng Malawi. Setho se seng sa phutheho se ile sa re: “Ho ba le Holo ena ea ’Muso ke mohlolo. Litoro tsa rōna li phethahetse.”
Ngoanana e mong oa Phutheho ea Manyowe o ile a re: “Ha ho na letsatsi leo nkileng ka lofa ka lona ha ho ntse ho hahoa holo. Ke thabile haholo hore ebe ke kentse letsoho kahong ea sebaka se tšoanelang borapeli sebakeng sena sa rōna.”
Moholo e mong oa phutheho o itse: “Re ile ra sokola ho fumana tumello ea ho haha Holo ea ’Muso ho ba boholong sebakeng sena sa rōna. Ka makhetlo a mangata, ba ne ba hana ho re saenela litokomane tse hlokahalang. Leha ho le joalo, Mofumahali Liness Chikaoneka, e leng eena eo motse o neng o ikarabella ho eena, o ile a sebetsa ka thata hore a susumetse ba boholong hore ba saene litokomane tsa tumello.”
Ka letsatsi le leng, Mofumahali Chikaoneka o ile a felehetsa moholo oa phutheho ha a isa litokomane tseo hore li il’o saenoa. O ile a bua le monna e mong oa ba boholong a re: “Ke batla hore Lipaki li hahe Holo ea tsona ea ’Muso motseng oa ka. Ke batho ba molemo. Ha ho mohla nkileng ka tlameha ho rarolla linyeoe tse ba amang lekhotleng la ka la motse.” Eaba monna eo o saena litokomane tseo.
Mofumahali Chikaoneka o ne a thabile haholo ha ho neheloa Holo ea ’Muso. O ile a re: “Ke thabile ebile ke motlotlo ka ho ba le mohaho o motle hakana motseng oa ka!”
Ho pholletsa le Malawi, Lipaki Tsa Jehova hammoho le baahisani ba tsona, li ananela haholo lenaneo lena la ho hahoa ha Liholo Tsa ’Muso. Ka lebaka la ho itela le ho sebetsa ka thata, Lipaki Tsa Jehova tsa naheng ena ha li sa na libaka tse nang le khaello e khōlō ea Liholo Tsa ’Muso, joalokaha ho ne ho le joalo ka 1993. Ke ’nete hore ho tla lula ho e-ba le tlhokahalo e eketsehileng ea Liholo Tsa ’Muso ha batho ba ntse ba tsoela pele ho amohela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso [oa Molimo].” (Matheu 24:14) Kahoo, Lipaki li ananela ho tsoa botebong ba pelo tšehetso e lerato le menehelo e fanoang ka seatla se bulehileng ke Lipaki tse ling lefatšeng ka bophara.c
Empa, ka holimo ho tsohle, Lipaki li leboha Molimo oa tsona, e leng Jehova. Li ikutloa joaloka mopesaleme ea ileng a re: “Lichaba tsohle tseo u li entseng li tla tla, li tla inama ka pel’a hao, Jehova, li tlotlise lebitso la hao. Etsoe u moholo ’me u etsa lintho tse makatsang.”—Pesaleme ea 86:9, 10.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hona joale Liholo Tsa ’Muso li feta 1 030.
b Ho tloha ka 1999, lefatšeng ka bophara Lipaki Tsa Jehova li hahile Liholo Tsa ’Muso tse 23 786 linaheng tse 151 tse futsanehileng.
c Lefatšeng ka bophara, mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o tšehetsoa ka menehelo ea boithatelo.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Pele ho qalisoa lenaneo la kaho ea Liholo Tsa ’Muso, liboka li ne li tšoareloa maphepheng a ruletsoeng ka joang
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Hona joale liphutheho li kopana Liholong Tsa ’Muso tse kang ena