“Tloong Ho ’Na, . . . ’me ke Tla le Khatholla”
Keketseho e Tsotehang e Susumetsa Katoloso e Potlakileng
JESU KRESTE o ile a re: “Tloong ho ’na, . . . ’me ke tla le khatholla.” (Matheu 11:28) Ke memo e thobang pelo hakaakang e tsoang ho Hlooho ea phutheho ea Bokreste! (Baefese 5:23) Ha re nahanisisa mantsoe ana, ruri re ananela mohloli oa bohlokoa oa khatholoho—e leng ho kopana le bara le barali babo rōna ba moea libokeng tsa Bokreste. Ka sebele re lumellana le mopesaleme ea ileng a bina: “Kamoo ho leng hotle le kamoo ho khahlisang kateng ha bara ba motho ba lula hammoho bonngoeng!”—Pesaleme ea 133:1.
Ha e le hantle, batho bao re kopanang le bona libokeng tse joalo tsa borapeli ke ba molemo ka ho fetisisa, le tikoloho ea moea ke e sireletsehileng le e thabisang. Kahoo, ka mabaka a utloahalang, Mokreste e mong e mocha o ile a re: “Ke qeta letsatsi lohle ke le sekolong, ’me sena sea ntepeletsa. Empa liboka li tšoana le sekhutloana se setalana lehoatateng, moo ke khatholohang e le hore ke khone ho tobana le letsatsi le hlahlamang sekolong.” Mocha e mong oa Nigeria o ile a re: “Ke fumane hore botsoalle bo haufi le batho ba bang ba ratang Jehova bo nthusa hore ke lule ke le haufi le eena.”
Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova e sebakeng sa heno e sebeletsa ka katleho e le setsi sa borapeli ba ’nete motseng oo. Libakeng tse ngata, liboka li tšoareloa Holong ea ’Muso bonyane habeli ka beke, ’me ba rutoang Bibele ba khothalletsoa hore ba be teng kapele kamoo ho ka khonehang e le hore ba rue molemo botsoalleng bo khathollang bo fumanehang teng.—Baheberu 10:24, 25.
Tlhokahalo e Potlakileng
Leha ho le joalo, hoa hlokomeleha hore hase Lipaki tsa Jehova kaofela tse nang le Holo e loketseng ea ’Muso. Keketseho e tsotehang palong ea baboleli ba ’Muso lefatšeng ka bophara e entse hore ho be le tlhokahalo e potlakileng. Ho sa ntsane ho hlokahala Liholo tsa ’Muso tse likete, haholo-holo linaheng tse tsoelang pele.—Esaia 54:2; 60:22.
Ka mohlala: Ho ne ho e-na le Liholo tsa ’Muso tse leshome feela bakeng sa liphutheho tse 290 motse-moholo oa Democratic Republic of Congo. Ho ne ho hlokahala Liholo tse ngata tsa ’Muso ka potlako naheng eo. Angola, liphutheho tse ngata li kopanela kantle hobane ho na le Liholo tsa ’Muso tse seng kae. Le linaha tse ling tse ngata li na le bothata bo tšoanang.
Kahoo, ho tloha ka 1999 ho ile ha hlophisoa hore ho fanoe ka thuso kahong ea Liholo tsa ’Muso linaheng tse futsanehileng. E le hore kaho e tsoele pele linaheng tse joalo, Lipaki tse nang le tsebo li ithaopetse ho thusa. Ha ho kopanngoa boiteko bo joalo le moea oa boithatelo le boteng ba baithaopi ba tsoang hona sebakeng seo, ho hlaha liphello tse khothatsang haholo. Lipaki tsa sebaka seo le tsona li rua molemo koetlisong eo li e fumanang. Sena sohle se etsa hore ho hlokomeloe lintho tse hlokahalang tsa kaho ea Liholo tsa ’Muso linaheng tsa habo tsona ka ho fapana.
Kahoo, ho fanoa ka thuso e sebetsang ka tsela e tenyetsehang kahong ea Liholo tsa ’Muso ho sebelisoa mekhoa le thepa ea sebaka ka seng. Pakane hase feela hore ho rarolloe bothata ba tlhokahalo e khōlō ea Liholo tsa ’Muso empa hape ke ho theha lenaneo la ho li hlokomela ho latela maemo a sebaka ka seng.—2 Bakorinthe 8:14, 15.
Khatelo-pele e Khathollang
Phello ea boiteko boo ba ho haha libaka tsa borapeli ke efe? Mathoasong a 2001, tlaleho e tsoang Malawi e ile ea re: “Ruri se finyeletsoeng naheng ena sea tsoteha. Likhoeling tse peli tse tlang, re tla phetha Liholo tsa ’Muso tse eketsehileng.” (Setšoantšo sa 1 le 2) Togo, baithaopi ba ile ba khona ho haha Liholo tse ’maloa tsa ’Muso tsa boemo bo itekanetseng likhoeling tse sa tsoa feta. (Setšoantšo sa 3) Mosebetsi o motle o etsoang ke baithaopi ba ikemiselitseng o boetse o thusa hore ho be le Liholo tse loketseng tsa ’Muso Mexico, Brazil le linaheng tse ling.
Liphutheho lia hlokomela hore ha ho hahuoe Holo ea ’Muso, batho ba sebaka seo baa elelloa hore Lipaki tsa Jehova li tla lula li le teng sebakeng seo. Ho bonahala eka ba bangata ba ne ba le leqe ho kopana le Lipaki ho fihlela ho fumanoa sebaka se loketseng sa borapeli. Phutheho ea Nafisi, Malawi, ea tlaleha: “Kaha joale re na le Holo ea ’Muso e loketseng, e fana ka bopaki bo botle. Ka lebaka la sena, ho bonolo ho qalisa lithuto tsa Bibele.”
Litho tsa Phutheho ea Krake, Benin, li ile tsa mamella litšomo tse ngata nakong e fetileng ka lebaka la hore Holo ea ’Muso ea nako eo e ne e le ea khale haholo ha e bapisoa le likereke tse ling. (Setšoantšo sa 4) Hona joale phutheho ena e na le Holo e ntle ea ’Muso e emelang borapeli ba ’nete ka tsela e itekanetseng empa e le e hlomphehang. (Setšoantšo sa 5) Phutheho ena e ne e e-na le bahoeletsi ba 34 ba ’Muso le karolelano ea ba 73 ba bang teng libokeng tsa Sontaha, empa ba 651 ba ile ba e-ba teng ha ho neheloa Holo ea ’Muso. Boholo ba bona e ne e le baahi ba moo ba neng ba khahliloe ke ho bona hore Lipaki li khonne ho haha holo ka nako e khutšoanyane. Ha lekala la Zimbabwe le bua ka se entsoeng nakong e fetileng tabeng ena, le ile la ngola: “Khoeli e le ’ngoe ka mor’a ho hahoa ha Holo e ncha ea ’Muso, hangata palo ea ba bang teng e imena habeli.”—Setšoantšo sa 6 le 7.
Ntle ho pelaelo, Liholo tsa ’Muso tse ngata tse ncha li etsa hore ho be le libaka tse khathollang moeeng ho Bakreste ba inehetseng le ho batho ba thahasellang. Ka mor’a hore phutheho e ’ngoe ea Ukraine e qale ho sebelisa Holo ea eona e ncha ea ’Muso, Paki e ’ngoe sebakeng seo e ile ea re: “Re thabile haholo. Re iponetse ka mahlo kamoo Jehova a thusang batho ba hae kateng.”
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 10, 11]
Ho Ananeloa Tšehetso ea Seatla se Bulehileng
Lipaki tsa Jehova li thabela ho bona khatelo-pele e sekhahla e entsoeng ho rarolla bothata ba tlhokahalo e potlakileng ea Liholo tse ncha tsa ’Muso lefatšeng ka bophara. Keketseho e sa khaotseng ea palo ea barapeli ba Jehova linaheng tse sa tšoaneng e etsa hore ho hlokahale hore ho hahuoe Liholo tse ngata tse ncha tsa ’Muso nakong e tlang. Ka karolelano, selemong sa tšebeletso sa 2001, beke le beke ho ne ho thehoa liphutheho tse ncha tse 32! Liphutheho tseo li hloka libaka tsa ho kopana le tsa borapeli.
Ho ka ’na ha phahama potso, ‘Kaho e kang ea Liholo tse ncha tsa ’Muso e tšehetsoa joang ka lichelete, haholo-holo linaheng tseo ho tsona barab’abo rōna ba hlokang chelete?’ Karabo e kopanyelletsa tšehetso ea Molimo le ho fana ha batho ka seatla se bulehileng.
Tumellanong le tšepiso ea hae, Jehova o tšollela moea oa hae o halalelang ho bahlanka ba hae, o ba nolofalletsa hore “ba sebetse se molemo, hore ba rue mesebetsing e metle, hore ba be seatla se bulehileng, ba itokisetse ho arolelana.” (1 Timothea 6:18) Moea oa Molimo o susumetsa Lipaki tsa Jehova hore li tšehetse mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso ka litsela tsohle—li fana ka nako ea tsona, boiteko, matla le matlotlo a mang mesebetsing ea Bokreste.
Moea oa ho fana ka seatla se bulehileng o susumetsa Lipaki le ba bang hore ba thuse ka lichelete mosebetsing oa katoloso le oa kaho. Ho phaella ho thuseng ho lefelleng litšenyehelo tse tloaelehileng tsa liphutheho tsa habo tsona, li etsa menehelo ea mosebetsi oa kaho likarolong tse ling tsa lefatše.
Phuthehong ka ’ngoe, ho na le mabokose a ngotsoeng ka ho hlaka “Menehelo Bakeng sa Mosebetsi oa Lefatše Lohle—Matheu 24:14.” Ka mabokoseng ana batho ba ka tšela menehelo ea boithatelo ha ba rata. (2 Marena 12:9) Menehelo eohle, e meholo le e menyenyane, ea ananeloa. (Mareka 12:42-44) Lichelete tsena li sebelisoa ka litsela tse sa tšoaneng ho ea ka hore na ho hlokahala eng, ho kopanyelletsa le kaho ea Liholo tsa ’Muso. Lichelete tseo ha li sebelisetsoe ho lefa batsamaisi ba fuoang moputso hobane Lipaki tsa Jehova ha li na bona.
Na menehelo ea mosebetsi oa lefatše ka bophara e phetha seo e se reretsoeng? E, ho joalo. Lekala la Liberia—e leng naha e sohlokiloeng ke ntoa ea lehae—le tlaleha hore boholo ba Lipaki sebakeng seo ha bo na mesebetsi ’me bo na le mathata a tebileng a lichelete. Ke joang batho ba Jehova naheng eo ba ka bang le libaka tse loketseng tsa borapeli? Ofisi ea lekala e re: “Menehelo e fanoang ka seatla se bulehileng ea barab’abo rōna linaheng tse ling e tla sebelisoa ho tšehetsa mosebetsi ka lichelete. Ke tokisetso e bohlale le e lerato hakaakang!”
Le barab’abo rōna sebakeng sena ba ntša menehelo, ho sa tsotellehe lichelete tse fokolang. Naha e ’ngoe ea Afrika, Sierra Leone, ea tlaleha: “Barab’abo rōna sebakeng sena ba tšehetsa kaho ’me ba thabela ho sebelisa matla a bona le menehelo leha e le efe ea lichelete bakeng sa ho tšehetsa kaho ea Liholo tsa ’Muso.”
Qetellong, kaho ena e tlisa thoriso ho Jehova. Ka mafolofolo barab’abo rōna ba Liberia ba re: “Kaho ea libaka tse loketseng tsa borapeli ho pholletsa le naha e tla bontša batho hore borapeli ba ’nete bo tla lula bo le teng mona ’me e tla tlotlisa le ho khabisa lebitso le leholo la Molimo oa rōna.”