Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 5/15 maq. 12-17
  • Ho Rua Molemo Moseng o Lerato oa Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Rua Molemo Moseng o Lerato oa Jehova
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Fapane le Lerato le Botšepehi
  • Topollo—Pontšo ea Mosa o Lerato
  • Mosa o Lerato oa Jehova le Tataiso ea Hae
  • Mosa o Lerato oa Molimo oa Imolla Hape oa Sireletsa
  • Mosa o Lerato oa Molimo ha o Fele le ka Mohla
  • Bahlanka ba Molimo ba Bontšitsoe Mohau
  • “Molao oa Mosa o Lerato” o ke o Sireletse Leleme la Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Bontša Mosa o Lerato ho ba Hlokang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Phehella Mosa o Lerato ka Linako Tsohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Leboha Mosa o Lerato oa Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 5/15 maq. 12-17

Ho Rua Molemo Moseng o Lerato oa Jehova

‘Ke mang ea bohlale? O tla ela hloko liketso tsa Jehova tsa mosa o lerato.’—PESALEME EA 107:43.

1. Poleloana e reng “mosa o lerato” e ile ea sebelisoa hokae ka lekhetlo la pele ka Bibeleng, hona re tla tšohla lipotso life mabapi le tšoaneleho ee?

LILEMONG tse ka bang 4 000 tse fetileng, Lota, ngoan’a ngoan’abo Abrahama, o ile a re ka Jehova: ‘U hōlisa mosa oa hao o lerato.’ (Genese 19:19) Lena ke lekhetlo la pele poleloana e reng “mosa o lerato” e hlaha ka Bibeleng. Jakobo, Naomi, Davida le bahlanka ba bang ba Molimo le bona ba ile ba bua ka tšoaneleho ena ea Jehova. (Genese 32:10; Ruthe 1:8; 2 Samuele 2:6) Ha e le hantle, poleloana e reng “mosa o lerato” e hlaha ka makhetlo a ka bang 250 Phetolelong ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang. Empa mosa o lerato oa Jehova ke eng? O ile oa bontšoa ho bo-mang nakong e fetileng? Hona re rua molemo ho oona joang kajeno?

2. Ke hobane’ng ha ho le thata hakaale ho hlalosa lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “mosa o lerato,” hona phetolelo e ’ngoe e loketseng ea lona ke efe?

2 Ka Mangolong, “mosa o lerato” ke phetolelo ea lentsoe la Seheberu le nang le moelelo o batsi hoo ka lipuo tse ngata ho se nang lentsoe le le leng le hlalosang ka ho toba moelelo oa lona o feletseng. Kahoo, liphetolelo tse kang, “lerato,” “mohau” le “botšepehi” ha li hlalose moelelo oa lona ka ho feletseng. Leha ho le joalo, Theological Wordbook of the Old Testament e re phetolelo e batsi haholoanyane ea “mosa o lerato ha e hōle haholo le moelelo o feletseng oa lentsoe lena.” New World Translation of the Holy Scriptures—With References ka ho loketseng e re “lerato le tšepahalang” ke phetolelo e ’ngoe e ka sebelisoang ho fetolela lentsoe la Seheberu le fetoleloang e le “mosa o lerato.”—Exoda 15:13; Pesaleme ea 5:7; mongolo o botlaaseng ba leqephe.

O Fapane le Lerato le Botšepehi

3. Mosa o lerato o fapana joang le lerato?

3 Mosa o lerato, kapa lerato le tšepahalang, o amana haufi-ufi le lerato le botšepehi. Leha ho le joalo, o fapana le tsona ka litsela tsa bohlokoa. Hlokomela kamoo mosa o lerato le lerato li fapanang kateng. Lerato le ka bontšoa ho lintho le likhopolo. Bibele e bua ka ho ‘rata veine le oli’ le ho ‘rata bohlale.’ (Liproverbia 21:17; 29:3) Empa mosa o lerato o bontšoa ho batho, eseng ho likhopolo kapa lintho tse sa pheleng. Ka mohlala, Exoda 20:6 e bua ka batho ha e re Jehova o “bontša mosa o lerato ho isa molokong oa sekete.”

4. Mosa o lerato o fapana joang le botšepehi?

4 Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “mosa o lerato” le boetse le pharaletse ho feta lentsoe “botšepehi.” Ka lipuo tse ling, hangata “botšepehi” bo sebelisoa bakeng sa boikutlo boo motho ea tlaase a bo bontšang ho ea mo phahametseng. Empa joalokaha ’matlisisi e mong a bolela, ho tsoa ponong ea Bibele, mosa o lerato “hangata o bolela se fapaneng le sena: ea matla o bontša botšepehi ho ea fokolang kapa ea hlokang kapa ea itšetlehileng ka eena.” Ke kahoo Morena Davida a ileng a kōpa Jehova ka matla: “U etse hore sefahleho sa hao se khanyetse mohlanka oa hao. Mpholose ka mosa oa hao o lerato.” (Pesaleme ea 31:16) Jehova, ea matla, o kōpuoa hore a bontše mosa o lerato, kapa lerato le tšepahalang ho ea hlokang, e leng Davida. Kaha ba hlokang ha ba na taolo ho ba matla, mosa o lerato o bontšoang boemong bo joalo o bontšoa ka ho rata, eseng ka ho qobelloa.

5. (a) Ke litšobotsi life tsa mosa o lerato oa Molimo tse totobatsoang Lentsoeng la hae? (b) Re tla tšohla lipontšo life tsa mosa o lerato oa Jehova?

5 Mopesaleme o ile a botsa, ‘Ke mang ea bohlale? O tla ela hloko liketso tsa Jehova tsa mosa o lerato.’ (Pesaleme ea 107:43) Mosa o lerato oa Jehova o ka tlisa topollo le poloko. (Pesaleme ea 6:4; 119:88, 159) Ke tšireletso ’me o re imolla mathateng. (Pesaleme ea 31:16, 21; 40:11; 143:12) Ka lebaka la tšoaneleho ena, motho a ka lokoloha sebeng. (Pesaleme ea 25:7) Ka ho ikhopotsa litlaleho tse ling tsa Mangolo le ho ela hloko litemana tse ling tsa Bibele, re tla bona kamoo mosa o lerato oa Jehova (1) o bontšoang ka liketso tse tobileng le kamoo (2) o fumanoang ke bahlanka ba hae ba tšepahalang kateng.

Topollo—Pontšo ea Mosa o Lerato

6, 7. (a) Jehova o ile a hōlisa mosa oa hae o lerato joang tabeng ea Lota? (b) Lota o ile a bua ka mosa o lerato oa Jehova neng?

6 Mohlomong tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho lemoha ho teba ha mosa o lerato oa Jehova ke ho hlahloba litlaleho tsa Mangolo tse buang ka tšoaneleho ena. Ho Genese 14:1-16, re fumana hore Lota, ngoan’a ngoan’abo Abrahama, o ile a haptjoa ke mabotho a lira. Empa Abrahama o ile a lopolla Lota. Bophelo ba Lota bo ne bo boetse bo le kotsing ha Jehova a etsa qeto ea ho felisa motse o khopo oa Sodoma, moo Lota le lelapa la hae ba neng ba lula teng.—Genese 18:20-22; 19:12, 13.

7 Pejana Sodoma e felisoa, mangeloi a Jehova a ile a felehetsa Lota le lelapa la hae a ba ntšetsa ka ntle ho motse. Ka nako eo, Lota o ile a re: “Mohlanka oa hao . . . o fumane kamohelo mahlong a hao hoo u hōlisang mosa oa hao o lerato, oo u mpontšitseng oona bakeng sa ho boloka moea oa ka o phela.” (Genese 19:16, 19) Ka mantsoe ana Lota o ile a lumela hore Jehova o ne a bontšitse mosa o lerato ka ho ikhethang ka ho mo lopolla. Tabeng ena, mosa o lerato oa Molimo o ile oa bontšoa ka topollo le poloko.—2 Petrose 2:7.

Mosa o Lerato oa Jehova le Tataiso ea Hae

8, 9. (a) Mohlanka oa Abrahama o ne a filoe thōmo efe? (b) Ke hobane’ng ha mohlanka eo a ile a rapella mosa o lerato oa Molimo, hona ho ile ha etsahala’ng ha a ntse a rapela?

8 Ho Genese khaolo ea 24, re bala ka pontšo e ’ngoe ea mosa o lerato oa Molimo, kapa lerato le tšepahalang. Tlaleho ena e bolela hore Abrahama o ile a rōma mohlanka oa hae hore a ee naheng ea beng ka Abrahama ho ea batlela mora oa hae, Isaka, mosali. (Temana ea 2-4) E ne e le thōmo e boima, empa mohlanka enoa o ile a tiisetsoa hore lengeloi la Jehova le ne le tla mo tataisa. (Temana ea 7) Qetellong mohlanka enoa o ile a fihla selibeng se ka ntle ho ‘motse oa Nakore’ (mohlomong Harane kapa sebakeng se haufi) nakong ea ha basali ba ne ba tlil’o kha metsi. (Temana ea 10, 11) Ha a bona basali ba atamela, o ile a tseba hore nako ea bohlokoa thōmong ea hae e fihlile. Empa o ne a tla khetholla mosali ea nepahetseng joang?

9 A hlokomela hore o hloka thuso ea Molimo, mohlanka oa Abrahama o ile a rapela: “Jehova Molimo oa mong’a ka Abrahama, ka kōpo, etsa hore ho etsahale ka pel’a ka letsatsing lena, ’me u etse mong’a ka Abrahama ka mosa o lerato.” (Temana ea 12) Jehova o ne a tla bontša mosa oa hae o lerato joang? Mohlanka enoa o ile a kōpa pontšo e tobileng eo ka eona a neng a tla khetha moroetsana ea khethiloeng ke Molimo. (Temana ea 13, 14) Mosali e mong o ile a etsa sona seo mohlanka enoa a neng a se kōpile ho Jehova. Ha e le hantle, e ile eaka o ne a utloile thapelo ea mohlanka eo! (Temana ea 15-20) A hloletsoe, mohlanka enoa “o ne a ntse a mo talimisisa ka ho makala.” Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala hore a kholisehe hantle ka lintlha tse itseng tsa bohlokoa. Na mosali eo e motle e ne e le mong ka Abrahama? Hona na o ne a e-s’o nyaloe? Kahoo mohlanka eo o ile a lula a “khutsitse hore a tsebe hore na ebe Jehova o atlehisitse leeto la hae kapa che.”—Temana ea 16, 21.

10. Ke hobane’ng ha mohlanka oa Abrahama a ile a etsa qeto ea hore Jehova o ne a bontšitse mosa o lerato ho mong’a hae?

10 Nakoana ka mor’a moo, moroetsana enoa o ile a re ke “morali oa Bethuele mora oa Milka, eo a mo tsoaletseng Nakore [mor’abo Abrahama].” (Genese 11:26; 24:24) Ka oona motsotso oo, mohlanka enoa o ile a lemoha hore Jehova o arabetse thapelo ea hae. A hloletsoe, o ile a inama eaba o re: “Ho bokoe Jehova Molimo oa mong’a ka Abrahama, ea sa tlohelang ho bontša mosa oa hae o lerato le botšepehi ba hae ho mong’a ka. Ha ke le tseleng, Jehova o ntlisitse ntlong ea barab’abo mong’a ka.” (Temana ea 27) Ka ho fana ka tataiso, Molimo o ile a bontša mosa o lerato ho mong’a mohlanka eo, e leng Abrahama.

Mosa o Lerato oa Molimo oa Imolla Hape oa Sireletsa

11, 12. (a) Josefa o ile a latsoa mosa o lerato oa Jehova nakong ea liteko life? (b) Mosa o lerato oa Molimo o ile oa bontšoa joang tabeng ea Josefa?

11 Joale, a re hlahlobeng Genese khaolo ea 39. E bua ka setloholoana sa Abrahama, Josefa, se ileng sa rekisoa bokhobeng Egepeta. Leha ho le joalo, “Jehova [o ile] a ba le Josefa.” (Temana ea 1, 2) Ha e le hantle, esita le mong’a Josefa oa Moegepeta, Potifaro, o ile a etsa qeto ea hore Jehova o na le Josefa. (Temana ea 3) Leha ho le joalo, Josefa o ile a tobana le teko e matla haholo. O ile a qosoa ka bohata ka hore o hlekefelitse mosali oa Potifaro ka ho kopanela liphate le eena ’me a kenngoa chankaneng. (Temana ea 7-20) Ke “sekoting sa chankana” moo ba ileng “ba utloisa maoto a hae bohloko ka litlamo, moea oa hae oa kena litšepeng.”—Genese 40:15; Pesaleme ea 105:18.

12 Ho ile ha etsahala’ng nakong ea phihlelo eo e lekang ka ho khetheha? “Jehova a ’na a ba le Josefa ’me a ’na a mo bontša mosa o lerato.” (Temana ea 21a) Ketso e itseng ea mosa o lerato e ile ea qala letoto la liketsahalo tseo hamorao li ileng tsa etsa hore Josefa a imolohe mathateng ao a neng a tobane le ’ona. Jehova o ile a etsa hore Josefa “a fumane kamohelo mahlong a molaoli ea ka sehloohong oa ntlo ea chankana.” (Temana ea 21b) Ka lebaka leo, molaoli o ile a fa Josefa boemo ba boikarabelo. (Temana ea 22) Ka mor’a moo, Josefa o ile a kopana le monna eo hamorao a ileng a mo tsebisa Faro, ’musi oa Egepeta. (Genese 40:1-4, 9-15; 41:9-14) Ka mor’a moo morena o ile a nyollela Josefa boemong ba ho ba ’musi oa bobeli oa Egepeta, e leng se ileng sa qetella ka hore a etse mosebetsi o bolokang bophelo naheng ea Egepeta e hlasetsoeng ke tlala ea sekoboto. (Genese 41:37-55) Mahlomola a Josefa a qalile ha a le lilemo li 17 ’me a ile a tsoela pele ka lilemo tse fetang 12! (Genese 37:2, 4; 41:46) Empa ho pholletsa le lilemo tseo tsa matšoenyeho le mahlomola, Jehova Molimo o ile a bontša mosa oa hae o lerato ho Josefa ka ho mo sireletsa tlokotsing e feletseng le ka ho mo boloka hore a phethe karolo ea bohlokoa morerong oa Molimo.

Mosa o Lerato oa Molimo ha o Fele le ka Mohla

13. (a) Ke mantsoe afe a ho Pesaleme ea 136 a bontšang mosa o lerato oa Jehova? (b) Ha e le hantle mosa o lerato ke eng?

13 Nako le nako Jehova o ne a bontša mosa oa hae o lerato ho Baiseraele e le sechaba. Pesaleme ea 136 e bolela hore ka mosa oa hae o lerato, o ile a ba lopolla (Temana ea 10-15), a ba tataisa (Temana ea 16) le ho ba sireletsa. (Temana ea 17-20) Hape Molimo o ’nile a bontša mosa oa hae o lerato ho batho ka bomong. Motho ea bontšang mosa o lerato ho batho ba bang o o bontša ka liketso tsa boithaopo tse reretsoeng ho fana ka ntho ea bohlokoa eo ba e hlokang. Ha buka e ’ngoe ea litšupiso tsa Bibele e bua ka mosa o lerato, e re: “Ke ketso e bolokang bophelo kapa e tlatsetsang katlehong ea bona. Ke ho kenella molemong oa motho ea mahlomoleng kapa ea matšoenyehong.” Setsebi se seng se o hlalosa e le “lerato le bontšoang ka ketso.”

14, 15. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Lota e ne e le mohlanka ea amohelehang oa Molimo?

14 Litlaleho tse ho Genese tseo re li hlahlobileng li re bontša hore Jehova a ke ke a hlōleha ho bontša mosa o lerato le ka mohla ho ba mo ratang. Lota, Abrahama le Josefa ba ne ba phela tlas’a maemo a fapaneng ’me ba ile ba tobana le liteko tse fapaneng. E ne e le batho ba sa phethahalang, empa e ne e le bahlanka ba amohelehang ba Jehova, ’me ba ne ba hloka thuso ea Molimo. Re ka tšelisoa ke ho tseba hore Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo o bontša mosa o lerato ho batho ba joalo.

15 Lota o ile a etsa liqeto tse seng bohlale tse ileng tsa baka mathata. (Genese 13:12, 13; 14:11, 12) Leha ho le joalo, o ile a boela a bontša litšoaneleho tse ntle. Ha mangeloi a mabeli a Molimo a fihla Sodoma, Lota o ile a a amohela ka mofuthu. (Genese 19:1-3) Ka tumelo o ile a lemosa bakhoenyana ba hae ka timetso e haufi ea Sodoma. (Genese 19:14) Pono ea Molimo ka Lota e fumanoa ho 2 Petrose 2:7-9, moo re balang: “[Jehova] a lopolla Lota ea lokileng, ea neng a ba mahlomoleng haholo ke ho inehella boitšoaro bo hlephileng ha batho ba nyelisang molao—etsoe monna eo ea lokileng ka seo a neng a se bona le ho se utloa ha a ntse a lula har’a bona letsatsi le letsatsi o ne a hlokofatsa moea oa hae o lokileng ka lebaka la liketso tsa bona tse sa eeng ka molao—Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong.” E, Lota e ne e le monna ea lokileng, ’me mantsoe a sebelisitsoeng mona a bontša hore e ne e le motho ea nang le boinehelo ba bomolimo. Joaloka eena, re fumana mosa o lerato oa Molimo ha re kopanela “liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo.”—2 Petrose 3:11, 12.

16. Bibele e sebelisa mantsoe afe a monate ha e bua ka Abrahama le Josefa?

16 Tlaleho ea Genese khaolo ea 24 e bontša ka ho hlaka hore Abrahama o ne a e-na le kamano e haufi le Jehova. Temana ea pele e re “Jehova o ne a hlohonolofalitse Abrahama nthong e ’ngoe le e ’ngoe.” Mohlanka oa Abrahama o ile a re Jehova ke “Molimo oa mong’a ka Abrahama.” (Temana ea 12, 27) Le morutuoa Jakobo o re “ho ile ha boleloa hore Abrahama o lokile” ’me o ile “a bitsoa ‘motsoalle oa Jehova.’” (Jakobo 2:21-23) Ho bile joalo le ka Josefa. Kamano e haufi pakeng tsa Jehova le Josefa e hatisoa ho pholletsa le Genese khaolo ea 39. (Temana ea 2, 3, 21, 23) Ho feta moo, morutuoa Setefane ha a bua ka Josefa o ile a re: “Molimo o ne a e-na le eena.”—Liketso 7:9.

17. Re ka ithuta eng mehlaleng ea Lota, Abrahama le Josefa?

17 Batho bao re sa tsoa bua ka bona ba ileng ba amohela mosa o lerato oa Molimo ba ne ba e-na le kamano e ntle le Jehova Molimo ’me ba ne ba phetha morero oa Molimo ka litsela tse fapaneng. Ba ile ba tobana le mathata ao ba neng ba ke ke ba a hlōla ka bobona. Bophelo ba Lota, ho tsoela pele ha lesika la Abrahama hammoho le ho sireletseha ha karolo e phethoang ke Josefa, li ne li le kotsing. Ke Jehova feela ea neng a ka fana ka se hlokoang ke banna bana ba tšabang Molimo, ’me o ile a fela a etsa joalo ha a kenella ka liketso tsa mosa o lerato. E le hore re tle re amohele mosa o lerato oa Jehova Molimo ka ho sa feleng, le rōna re lokela ho ba le kamano e haufi ea botho le eena ’me re lokela ho tsoela pele re etsa thato ea hae.—Esdrase 7:28; Pesaleme ea 18:50.

Bahlanka ba Molimo ba Bontšitsoe Mohau

18. Litemana tse fapaneng tsa Bibele li bontša eng ka mosa o lerato oa Jehova?

18 Mosa o lerato oa Jehova “o tletse lefatše lohle,” ’me re ananela tšoaneleho ee ea Molimo hakaakang! (Pesaleme ea 119:64) Ka pelo eohle re arabela mantsoeng a mopesaleme: “Batho ba ke ba lebohe Jehova ka mosa oa hae o lerato le ka mesebetsi ea hae e hlollang ho bara ba batho.” (Pesaleme ea 107:8, 15, 21, 31) Rea thaba hore ebe Jehova o fana ka mosa oa hae o lerato ho bahlanka ba hae bao a ba amohelang—ebang ke batho ka bomong kapa ke sehlopha. Thapelong, moprofeta Daniele o ile a re Jehova ke “Molimo oa ’nete, E moholo le Ea tšabehang, ea bolokang selekane le mosa o lerato ho ba mo ratang le ba bolokang litaelo tsa hae.” (Daniele 9:4) Morena Davida o ile a rapela: “Ntšetsa pele mosa oa hao o lerato ho ba u tsebang.” (Pesaleme ea 36:10) Re leboha hakaakang hore ebe Jehova o bontšitse mosa oa hae o lerato ho bahlanka ba hae!—1 Marena 8:23; 1 Likronike 17:13.

19. Re tla hlahloba lipotso life sehloohong se latelang?

19 Ka sebele, re bontšitsoe mohau re le batho ba Jehova! Ho phaella ho rueng molemo leratong la Molimo le bontšitsoeng ho moloko oa batho ka kakaretso, re thabela litlhohonolofatso tse khethehileng tse tsoang moseng o lerato oa Ntat’a rōna oa leholimo, kapa lerato la hae le tšepahalang. (Johanne 3:16) Haholo-holo re rua molemo tšoanelehong ena ea bohlokoa ea Jehova nakong ea mathata. (Pesaleme ea 36:7) Empa ke joang re ka etsisang mosa o lerato oa Jehova Molimo? Na re le batho ka bomong re bontša tšoaneleho ee e ikhethang? Lipotso tsena le tse ling tse tšoanang le tsona li tla hlahlojoa sehloohong se latelang.

Na Ua Hopola?

• Phetolelo e ’ngoe ea “mosa o lerato” ke efe ho latela Mangolo?

• Mosa o lerato o fapana joang le lerato le botšepehi?

• Jehova o ile a bontša mosa o lerato joang ho Lota, Abrahama le Josefa?

• Re ka fumana tiisetso efe lipontšong tse fetileng tsa Jehova tsa mosa o lerato?

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Na u tseba kamoo Molimo a ileng a bontša mosa o lerato ho Lota kateng?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ka mosa oa hae o lerato, Jehova o ile a tataisa mohlanka oa Abrahama

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Jehova o ile a bontša mosa o lerato ka ho sireletsa Josefa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela