Leboha Mosa o Lerato oa Jehova
Mokete oa Sehopotso sa Lefu la Kreste o Tla ba ka la 24 March
1. Jehova o re bontšitse mosa o lerato joang?
1 Mopesaleme o ile a phatlalatsa: “Batho ba ke ba lebohe Jehova ka mosa oa hae o lerato le ka mesebetsi ea hae e hlollang ho bara ba batho.” (Pes. 107:8) Mosa o lerato oa Molimo ha se feela boikutlo bo mofuthu boo a nang le bona ho batho. Sena se hlakisoa ke polelo e bululetsoeng ea thoriso e reng: “Jehova, mosa oa hao o lerato o ile oa ’na oa ntšehetsa.” (Pes. 94:18) Jehova o bontšitse mosa o lerato o ikhethang hakaakang ka ho re fa Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši!—1 Joh. 4:9, 10.
2. Re ka bontša joang hore re leboha Jehova?
2 Ha Sehopotso sa lefu la Kreste se ntse se atamela, re ka leboha “Molimo oa mosa o lerato” joang? (Pes. 59:17) E mong le e mong oa rōna o lokela ho ipha nako ea ho nahanisisa ka matsatsi a ho qetela a Jesu lefatšeng. (Pes. 143:5) Hape ho ka ba molemo ho tsamaisana le kemiso ea ’malo oa Bibele o khethehileng o lokiselitsoeng Sehopotso, joalokaha o hlaha bukaneng ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2005 ’me haeba ho khoneha, u bale ’malo o eketsehileng u be u etse lipatlisiso khaolong ea 112-16 bukeng ea Motho e Moholo hammoho le ka har’a lingoliloeng tse ling tse thehiloeng Bibeleng. Nahanisisa ka litemana tseo u li balang ’me u tebise maikutlo ho tsona. (1 Tim. 4:15) Ho nahanisisa ka thapelo ka Lentsoe la Molimo ha ho matlafatse lipelo tsa rōna feela empa hape ho bontša hore re rata Jehova.—Mat. 22:37.
3, 4. (a) Re ka etsisa moea oa barab’abo rōna ba Liberia joang? (b) U rera ho memela bo-mang Sehopotsong?
3 Khothalletsa ba Bang ho Leboha Molimo: Selemong se fetileng, ho bile le batho ba 16 760- 607 Sehopotsong lefatšeng ka bophara. Motseng o mong oa Liberia, barab’abo rōna ba ile ba ngolla ramotse lengolo, ba mo tsebisa hore ba rerile ho keteka Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena motseng oa hae. Ramotse eo a fa barab’abo rōna tumello ea ho sebelisa lebala la bolo ’me a re sebakeng seo sohle ho tsebisoe taba eo, batho ba mengoe hore ba be teng. Le hoja motseng oo ho ne ho e-na le bahoeletsi ba bahlano feela, batho ba bileng teng Sehopotsong ba ne ba le 636!
4 Ka ho tšoanang, re batla ho thusa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang hore ba keteke Sehopotso hammoho le rōna. Ke hobane’ng ha u sa ngole lethathamo la batho bao u batlang ho ba mema? Litšoantšo tse leqepheng le ka morao la Tsoha! ea March 8 le la Molula-Qhooa oa March 15 li fetisa memo. Limemo tsa Sehopotso tse hatisitsoeng le tsona li ka sebelisoa. Thaepa kapa u ngole pampitšaneng ka makhethe nako le sebaka seo mokete ona o tla tšoareloa ho sona, ’me u e siele motho e mong le e mong eo u mo memang. Ha letsatsi la la 24 March le ntse le atamela, khutlela ho bona e le ho etsa litokisetso tsa ho qetela.
5. Re ka khothalletsa liithuti tsa Bibele joang ho ba teng moketeng oo?
5 Re ka thusa liithuti tsa Bibele tse e-s’o qale ho tla libokeng joang hore li be teng ’me li rue molemo ketsahalong ee? Qeta metsotso e seng mekae thutong e ’ngoe le e ’ngoe u li thusa ho utloisisa bohlokoa ba mokete ona. Boitsebiso bo botle haholo bo ka fumanoa Molula-Qhooeng oa March 15, 2004, leqepheng la 3-7, le bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 401-4.
6. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho amohela baeti Sehopotsong?
6 Amohela Baeti: Ha u le Sehopotsong, atamela baeti ’me u ba amohele. (Bar. 12:13) Haeba bao u ba memmeng ba se na Bibele kapa buka ea lipina, lokisetsa hore ba shebe le uena kapa ba shebe le motho e mong. Re tla rata hore ka ho khetheha re ithaopele ho lumelisa ka mofuthu bara le barali babo rōna ba sa kopaneleng tšebeletsong ba entseng boiteko ba ho ba teng. Thahasello ea rōna e lerato e ka ’na ea ba thusa hore ba boele ba kopanele kamehla le phutheho. (Luka 15:3-7) Ketsahalong ena e halalelang ka ho fetisisa, e se eka re ka etsa sohle seo re ka se khonang ho khothalletsa ba bang hore ba kopanele le rōna ho leboheng Jehova ka ‘mosa oa hae o lerato o hlollang.’—Pes. 31:21.