“Ratang Jehova, Lōna Bohle ba Tšepahalang”
Lefu la Jesu le Tla Hopoloa ka la 4 April
1 Lilemong tse fetileng, ha Ukraine e sa ntse e le tlas’a puso ea Bokomonisi, balaoli ba ne ba beha barab’abo rōna leihlo—haholo-holo ha letsatsi la Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena le atamela—hobane ba ne ba e-na le tšepo ea hore ba tla fumana sebaka seo ba kopanelang ho sona. Kamehla sena e ne e e-ba bothata kaha balaoli ba ne ba khona ho hakanya letsatsi la mokete. Barab’abo rōna ba ne ba ka etsa’ng? Ntlo ea morali e mong oabo rōna e ne e tletse metsi mokatong o ka tlaase-tlaase. Kaha balaoli ba ne ba ke ke ba lebella hore batho ba kopanele ka moo, barab’abo rōna ba ile ba haha fuluru holim’a metsi a khutlang motho mangoleng. Le hoja ba ne ba tlameha ho lula ba kotlobane fulurung eo, ha ho motho ea ileng a ba tšoenya ha phutheho e ntse e keteka Sehopotso ka thabo.
2 Boikemisetso ba barab’abo rōna ba Ukraine ba ho utloa taelo ea ho hopola lefu la Jesu e bile pontšo e tsotehang ea hore ba rata Molimo. (Luka 22:19; 1 Joh. 5:3) Kamehla ha re talimana le litšitiso bophelong ba rōna, e se eka re ka fumana khothatso mehlaleng e kang eo ’me re ikemisetse ho ba teng bakeng sa ho keteka Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ka la 4 April. Ha re etsa joalo, re bontša hore re na le maikutlo a tšoanang le a mopesaleme ea ileng a bina a re: “Ratang Jehova, lōna bohle ba tšepahalang ba hae.”—Pes. 31:23.
3 Thusa ba Bang ho Eketsa Lerato la Bona ho Molimo: Lerato ho Molimo le boetse le re susumelletsa ho mema ba bang hore ba keteke le rōna. Kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February e ile ea re khothalletsa hore re etse lethathamo la bao re rerang ho ba memela Sehopotsong. Na u ikitlaelletsa ho mema motho e mong le e mong ea lethathamong la hao? Iphe nako ea ho ba hlalosetsa hore na ketsahalo ena e bolelang ho bona. Se ka ’nang sa ba khothalletsa ho ba teng ke ho ba hopotsa ka mosa ka letsatsi le nako ea Sehopotso ’me, haeba ho hlokahala, u ithaopele ho tsamaea le bona.
4 Moketeng ona, etsa boiteko bo khethehileng ba ho lumelisa ba amohetseng memo ea rōna, ’me u etse hore ba phutholohe. U ka ba thusa joang hore ba eketse lerato la bona ho Jehova? Itokisetse ho araba lipotso tsa bona. Ithaopele ho ithuta Bibele le bona haeba ho khoneha. Ba memele ho ba teng libokeng tsa phutheho tsa beke le beke. Ka ho khetheha baholo ba lokela ho lebisa tlhokomelo ho Bakreste ba leng teng empa ba sa kopanele tšebeletsong. Ba ka lokisetsa ho etela ba joalo ’me ba ba khothalletse ho qalisa tšebeletso ea bona, mohlomong ba hatise lintlha tsa puo ea Sehopotso.—Bar. 5:6-8.
5 Ho Tebisa Lerato la Rōna ho Jehova: Ho nahanisisa ka mpho ea thekollo ho ka tebisa lerato la rōna ho Jehova le Mora oa hae. (2 Bakor. 5:14, 15) Motho e mong ea ’nileng a ba teng Sehopotsong ka nako e telele o ile a re: “Re lebeletse pele Sehopotsong. Selemo le selemo Sehopotso e e-ba ketsahalo e ikhethang haholoanyane. Ke hopola ke eme ’moshareng lilemong tse 20 tse fetileng, ke shebile ntate oa ka ea ratehang ’me ka qala ho ananela thekollo ho tloha pelong. Pele ho moo ke ne ke sa e nkele hloohong. Ke ’nete hore ke ne ke tseba mangolo ’ohle ke bile ke khona ho a hlalosa! Empa e bile feela ha ke latsoa phello e matla ea lefu moo pelo ea ka e ileng ea thaba e le kannete ka lebaka la se tla finyelloa molemong oa rōna ka thekollo eo ea bohlokoa.”—Joh. 5:28, 29.
6 Ha letsatsi la mokete oa selemo sena le ntse le atamela, iphe nako ea ho lokisa pelo ea hao bakeng sa ketsahalo ena. (2 Likron. 19:3) Thuisa ka ’malo o khethehileng oa Bibele oa Sehopotso, o bontšitsoeng bukaneng ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2004 le Almanakeng ea 2004. Ba bang ba thabela ho hlahloba khaolo ea 112-16 ea buka ea Motho e Moholo nakong ea thuto ea lelapa. Ba bang ba etsa lipatlisiso tse eketsehileng ba sebelisa lithuso tse ling tsa ho ithuta tsa sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene. (Mat. 24:45-47) Kaofela ha rōna re ka akarelletsa mpho ea thekollo lithapelong tse tlohang pelong. (Pes. 50:14, 23) E, nakong ena ea Sehopotso, e se eka re ka tsoela pele ho nahana ka lerato la Jehova ho rōna ’me re batle litsela tsa ho mo bontša lerato.—Mar. 12:30; 1 Joh. 4:10.