Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Jan. 15
“Kaofela ha rōna re lakatsa ho phela hamonate le bana ba rōna, empa ba bangata ba na le maikutlo a hore ha ba na matla a ho finyella sena. Na u nahana hore re ka laola bokamoso ba rōna? [Emela karabo.] Makasine ena e bontša hore Bibele e re re na le matla ’me bokamoso ba rōna bo itšetlehile ka seo re se khethang hona joale.” Bala Deuteronoma 30:19.
Molula-Qhooa Feb. 1
“Na ha ho utloise bohloko hore ebe batho ba bangata hakaale kajeno ba hateletsoe le ho tšoaroa ka mabifi? [Bolela mohlala oa morao-rao o tsebahalang sebakeng seo, ’me u emele karabo.] Makasine ena e bolela kamoo Molimo a talimang bophelo ba batho kateng. E boetse e bontša kamoo a tla re lopolla mahlomoleng a leng teng kajeno.” Bala Pesaleme ea 72:12-14.
Tsoha! Feb. 8
“Bo bong ba mathata a maholo ao re talimanang le ’ona kajeno ke hore na re ka sebetsana ka katleho joang le khatello ea kelello. Na ha ho joalo? [Emela karabo.] Ke ka nepo Bibele e boletseng esale pele hore ho tla ba joalo. [Bala 2 Timothea 3:1.] Makasine ena e fana ka litlhahiso tse sebetsang tse ka thusang uena le lelapa la hao ho sebetsana ka katleho le khatello ea kelello.”
Nehelano e ’ngoe: “Ha re kula, kaofela ha rōna re ananela ngaka e nahanelang maikutlo a rōna. Empa na u nahana hore bakuli ba bangata ba nahanela maikutlo a lingaka tsa bona? [Emela karabo.] Makasine ena e tšohla liphephetso tseo lingaka li talimanang le tsona le seo bokamoso bo se tšoereng bakeng sa mosebetsi oa bongaka.” Bala Esaia 33:24.