Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Jan. 1
“Na u lumellana le seo lengolo lee le se buang? [Bala Jakobo 3:2.] Sehlooho sena se fana ka keletso e molemo e tsoang Bibeleng e ka re thusang hore re se ke ra hlabana ka mantsoe ka lapeng.” Mo bontše sehlooho se qalang leqepheng la 10.
Tsoha! Jan.
“Lenyalo le leng le le leng le na le mathata. U nahana hore malapa a ka fumana keletso e ntle hokae? [Emela karabo.] Hlokomela taelo ena e molemo. [Bala Baefese 5:22, 25.] Sehlooho sena se hlalosa hore na ho boleloa’ng ha ho thoe mosali a ikokobeletse monna oa hae.” Mo bontše sehlooho se qalang leqepheng la 28.
Molula-Qhooa Feb. 1
“Ka lebaka la mathata ’ohle ao re nang le ’ona kajeno, na u nahana hore re ka hla ra imoloha kelellong? [Emela karabo.] Ba bangata ba ile ba thusoa ke ho nahana ka tšepo eo Bibele e re fang eona ka bokamoso. [Bala lengolo le leng ho a qotsitsoeng kapa a sa qotsoang a sehloohong seo u se buellang.] Makasine ena e bontša seo Bibele e se buang ka hore na re bile teng joang, re phelela eng le hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang.”
Tsoha! Feb.
“Ka lebaka la tlōlo ea molao e jeleng setsi, batho ba bangata ba ikutloa ba sa sireletseha. Na u nahana hore ho tla ke ho re khoee? [Emela karabo.] Utloa hore na boprofeta bona ba Bibele bo thahasellisang bo re’ng. [Bala Pesaleme ea 37:10.] Makasine ena e tšohla sesosa se ka sehloohong sa tlōlo ea molao le tharollo ea Bibele bothateng bona.”