Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Feb. 1
“U nahana hore ho ne ho tla ba joang ha banyalani ba mamela keletso ee? [Bala Baefese 4:31. Ebe u emela karabo.] Sehlooho sena se fana ka litlhahiso tse molemo tse tsoang Bibeleng tse ka thusang banyalani ho rarolla liqabang le ho lula ba thabile.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 18.
Tsoha! Feb.
“Batho ba bang ba lumela hore Molimo o bala phoso e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang. Ba bang ba nahana hore o tšoarela batho libe tsohle, ho sa tsotellehe hore na li khōlō hakae. U re’ng ka seo? [Emela karabo. Ebe u bala Liketso 3:19.] Sehlooho sena se tšohla mehato e meraro e boletsoeng ka Bibeleng eo re lokelang ho e nka e le hore Molimo a re hauhele.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 10.
Molula-Qhooa Mar. 1
“Ak’u mpolelle maikutlo a hao ka temana ena e tsebahalang. [Bala Johanne 3:16.] Ebe u kile ua ipotsa hore na ke joang lefu la motho a le mong le ka etsang hore batho ba fumane bophelo bo sa feleng? [Emela karabo.] Makasine ena e fana ka tlhaloso e hlakileng le e khotsofatsang ea hore na re ka rua molemo ofe lefung la Jesu.”
Tsoha! Mar.
“Na u nahana hore malumeli ’ohle a lokile? [Emela karabo.] Utloa hore na Bibele e re’ng ka borapeli ba batho ba bang. [Bala Mareka 7:7.] Motho a ka tseba joang hore na bolumeli bo itseng bo ruta ’nete eseng ‘litaelo tsa batho’? Na ho ka fumanoa bolumeli ba ’nete? Makasine ena e araba lipotso tsena.”