Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Feb. 15
“Batho ba bang baa ipotsa hore na Molimo o teng. Ba bang ba re o teng empa ba na le maikutlo a hore o hōle haholo le bona. Na u hlokometse see? [Emela karabelo.] Hlokomela hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho tseba Molimo. [Bala Johanne 17:3.] U tla fumana lihlooho tse qalang tokollong ena e le tse thahasellisang tabeng ena.”
Molula-Qhooa Mar. 1
“Re ka rata ho utloa maikutlo a hao ka lengolo lena le thahasellisang. [Bala Matheu 5:10.] Motho a ka thaba joang empa a hlorisoa? [Emela Karabelo.] Lihlooho tse peli tse qalang makasineng ena li bua ka ba bang ba ileng ba lula ba thabile ho sa tsotellehe mahlomola a bona. U tla thahasella ho bala hore na ba ile ba ho etsa joang.”
Tsoha! Mar. 8
“Na u nahana hore Molimo o ne a rerile hore batho, ho akarelletsa le bana, ba hlokofatsoe ke khaello ea phepo e nepahetseng? [Emela karabelo.] Hlokomela tšepiso ena e khothatsang e fumanoang ka Bibeleng. [Bala Pesaleme ea 72:16.] Tokollo ena ea Tsoha! e tšohla lisosa tsa khaello ea phepo e nepahetseng, ’me habohlokoa ka ho fetisisa, e tšohla tšepiso ea Molimo ea ho e felisa haufinyane.”