Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Feb. 15
“Batho ba bangata ba tšoenngoa ke lintho tse mpe tse ’nileng tsa etsoa ka lebitso la bolumeli. Ba bang ba ikutloa hore bolumeli ke sesosa sa mathata a moloko oa batho. Na u kile ua nahana ka see? [Emela karabelo. Ebe u bala Tšenolo 18:24.] Makasine ena e hlahloba seo Bibele e se buang ka taba ena.”
Molula-Qhooa Mar. 1
“Ka lekhetlo le leng, Jesu Kreste o ile a botsoa: ‘Ke taelo efe eo e leng ea pele ho tsohle?’ Hlokomela karabo ea hae. [Bala Mareka 12:29, 30.] Na u kile ua ipotsa hore na Jesu o ne a bolela’ng? [Emela karabelo.] Sehlooho se reng ‘Tsela eo ka Eona re Bontšang Hore re Rata Molimo’ se hlahloba se boleloang ke mantsoe ao a tsebahalang.”
Tsoha! Mar. 8
“Ka nako e ’ngoe, batho ba bangata ba ne ba phela ba tšohile ntoa ea nyutlelie. Na u nahana hore ho ka etsahala hore ho be le ntoa ea nyutlelie kajeno? [Emela karabelo.] Makasine ena e hlahloba liketsahalo tsa morao-rao tseo kaofela re amehileng ka tsona. E boetse e hlalosa tšepiso ea Bibele ea lefatše leo ho lona tšabo e ke keng ea hlola e e-ba teng.” Bala Sofonia 3:13.
Nehelano e ’ngoe: “Batho ba bangata ba thabela ho ithuta ka liphoofolo, ’me ba bang ba thabela ho li rua. [Emela tlhaloso.] Makasine ena e tšohla mathata a mang a ho rua phoofolo. E boetse e hlalosa tšepiso ea Molimo ea nako eo ka eona liphoofolo tsohle li tla ba khotsong ka botsona ’me li be khotsong le moloko oa batho.” Bala Esaia 11:6-9.