Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Feb. 15
“Ka linako tse ling, re utloa litlaleho tsa hore ho etsahetse mohlolo o itseng. [Bolela mohlala.] Batho ba bang ba lumela litlaleho tsena. Ba bang baa li belaella. Makasine ena e hlahloba hore na ha e le hantle mehlolo e tlalehiloeng ka Bibeleng e ile ea etsahala le hore na lintho tse joalo lia etsahala kajeno.” Bala Jeremia 32:21.
Molula-Qhooa Mar. 1
“Na u nahana hore lefatše e ne e tla ba sebaka se molemo hoja e mong le e mong o ne a sebelisa keletso ee? [Bala Baroma 12:17, 18. Ebe u emela karabo.] Ka masoabi, ka linako tse ling ho hlaha likhohlano. Makasine ena e bontša kamoo ho sebelisa keletso ea Bibele ho ka re thusang kateng ho rarolla likhohlano le ho bōpa khotso.”
Tsoha! Mar. 8
“Selemo se seng le se seng, tlhokahalo ea matla a lirafshoa e lula e eketseha. U nahana hore ho ne ho ka etsahala’ng haeba ka letsatsi le leng matla a lirafshoa ao re a hlokang a ka fela? [Emela karabo.] Makasine ena e tšohla khatelo-pele e seng e entsoe ea ho hlahisa mehloli e hloekileng ea matla a lirafshoa. E boetse e khetholla Mohloli oa matla ’ohle.” Bala Esaia 40:26.
Nehelano e ’ngoe: “Mehleng ea boholo-holo, Molimo o ile a laela bana hore ba hlomphe bo-’m’a bona le bo-ntat’a bona. [Bala Exoda 20:12.] Na u nahana hore kajeno bo-’mè ba hlomphuoa ka tsela e loketseng? [Emela karabo.] Makasine ena e hlahloba mathata ao bo-’mè linaheng tse fapaneng ba tobanang le ’ona le kamoo ba sebetsanang le ’ona kateng.”