Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/05 leq. 1
  • Ho Lebisa Khatiso e Eketsehileng Bibeleng!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Lebisa Khatiso e Eketsehileng Bibeleng!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Babali ba Ratehang
    Tsoha!—2006
  • Tsoha!—Makasine o Ipiletsang Haholo ho Batho
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Molula-Qhooa le Tsoha!—Likoranta tsa ’Nete tse Nakong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Tsoha! E Kopanela ho Haseng Litaba Tse Molemo
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
km 3/05 leq. 1

Ho Lebisa Khatiso e Eketsehileng Bibeleng!

1. Qalong, Molula-Qhooa o ne o hatisetsoa bo-mang haholo-holo, hona The Golden Age e ne e hatisetsoa bo-mang?

1 Ka la 1 October, 1919, ho ile ha hatisoa tokollo ea pele ea makasine ea The Golden Age. E ile ea bonahala e le thulusi ea bohlokoahali mosebetsing oa ho bolela. Hobane’ng? Hobane ka ho khetheha e ne e etselitsoe batho ka kakaretso. Molula-Qhooa o ne o se joalo, kaha ka lilemo tse ngata o ne o nkoa e le makasine e etselitsoeng haholo-holo “mohlatsoana.” (Luka 12:32) Bahoeletsi ba ’Muso ba ile ba arabela ka cheseho e khōlō khatisong ea makasine ena e ncha hoo ka lilemo tse ngata kabo ea The Golden Age e ileng ea feta ea Molula-Qhooa hōle.

2. Lebitso la The Golden Age ke lefe kajeno, ’me morero oa eona e ’nile ea e-ba ofe ho tloha qalong?

2 Makasine ea The Golden Age e ile ea hatisetsoa ho bontša batho hore tharollo ea sebele mathateng a moloko oa batho ke Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, eo ka sebele e tla tlisetsa moloko oa batho nako ea thabo e khōlō. Lilemong tse mashome tse latelang ho ile ha etsoa liphetoho tse ngata ho The Golden Age e le hore ho ka khahlametsoa litlhoko tse sa tšoaneng tsa linako. Ka 1937 lebitso la eona le ile la fetoloa hore e be Consolation. Ka 1946 ea e-ba Tsoha! e leng lebitso leo re e tsebang ka lona kajeno.

3. Tsoha! e ’nile ea e-ba thulusi e matla phethahatsong ea boprofeta bofe?

3 Ho tloha ha e qala ho hatisoa, makasine ena e entse tlatsetso e khōlō bopaking bo boholo bo fanoeng ho tloha ka 1919. (Mat. 24:14) Leha ho le joalo, ha ho talingoa ho potlaka ha mehla ea rōna, ho bonahala e le ntho e bohlale ho etsa liphetoho tse tsoelang pele makasineng ea Tsoha!

4. (a) Ho hlokahala hore motho a etse’ng e le hore a patoe “letsatsing la bohale ba Jehova”? (b) Ho latela Tšenolo 14:6, 7, ‘lengeloi le fofang sebakeng’ le ipiletsa ho bohle hore ba etse’ng?

4 Batho ba limilione ba thabela ho bala Tsoha! hobane e bua ka tsela e ipiletsang ka lihlooho tse ngata tsa litaba tseo e seng tsa bolumeli. Ha ho pelaelo hore boholo ba ba bang teng Sehopotsong selemo le selemo ke babali ba kamehla ba Tsoha! Leha ho le joalo, e le hore motho a ka ba le tšepo ea ho patoa “letsatsing la bohale ba Jehova,” ho tla hlokahala hore a thusoe ho etsa se fetang ho ba ’mali oa kamehla oa lingoliloeng tsa rōna.—Sof. 2:3; Tšen. 14:6, 7.

5. (a) Ho qala ka Tsoha! ea January 2006, ho tla totobatsoa eng haholoanyane? (b) Ba bangata ba ka ’na ba susumelletseha ho etsa eng, ’me e le phethahatsong ea boprofeta bofe?

5 Kahoo, ho tloha ka January 2006, Tsoha! e tla hatisa ’Muso oa Molimo haholoanyane. E tla khothalletsa babali ka ho toba haholoanyane hore ba talime Bibeleng bakeng sa litharollo tsa mathata a bona ’me e tla totobatsa haholoanyane seo Bibele e se bolelang ka liketsahalo tsa morao-rao. Ka tsela ena, babali ba tla utloisisa hamolemo liketsahalo tsa morao-rao ’me mohlomong seo ba se balang se ba susumelletse ho ithuta se eketsehileng ka Jehova.—Sof. 8:23.

6, 7. (a) Tsoha! e tla leka ho thusa ba bangata joang ho sebelisa 1 Bathesalonika 2:13? (b) Tsoha! e tla hatisoa hangata hakae, ’me ke lipuo tse kae tse tla angoa ke phetoho ee?

6 Tsoha! e tla tsoela pele ho buella litaba tse thahaselloang ke batho ka kakaretso. Leha ho le joalo, ho tla lebisoa khatiso e eketsehileng Bibeleng. (1 Bathes. 2:13) Kaha Molula-Qhooa o tšoere boitsebiso bo tebileng ba Bibele ’me Tsoha! e tla buella boitsebiso bo eketsehileng bo thehiloeng Mangolong, ho bonahala ho sa hlokahale ho tsoela pele ho hatisa Tsoha! habeli ka khoeli. Ka lebaka leo, ho tloha ka tokollo ea eona ea January 2006, Tsoha! e tla hatisoa hanngoe ka khoeli. Kahoo, ho tla ba bonolo haholo ho hlophisa, ho fetolela le ho romella lingoliloeng tsa rōna.

7 Phetoho ena e tla ama karolo ea 40 lekholong ea lipuo tseo Tsoha! e hatisoang ka tsona. Lipuong tse ngata, Tsoha! e se e ntse e hatisoa hanngoe ka khoeli kapa hanngoe ka mor’a likhoeli tse tharo. Ho ke ke ha e-ba le phetoho khatisong ea Molula-Qhooa.

8. Bahoeletsi ba tla sebelisa Tsoha! joang hammoho le Molula-Qhooa?

8 Bahoeletsi ba ka ’na ba tsamaisa Tsoha! ea khoeli le khoeli le Molula-Qhooa leha e le ofe oa khoeli eo. Ba buellang Tsoha! ba tla khona ho sebelisa tokollo e le ’ngoe khoeli eohle ba sa fetole nehelano ea bona bohareng ba khoeli, joaloka hona joale.

9. Tsoha! e tla tsoela pele ho phetha karolo efe?

9 Ho qala ka tokollo ea eona ea pele morao koo ka 1919, makasine ena eo ka ho latellana e tsebiloeng e le The Golden Age, Consolation, le eo hona joale e tsejoang e le Tsoha! e phethile karolo ea bohlokoa mosebetsing oa ho bolela. Re rapela hore Jehova a tsoele pele ho hlohonolofatsa kabo ea makasine ena sebōpehong sa eona se secha le hore e thuse batho ba bang ba bangata ba tsoang “lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle” hore ba itšetlehe ka ’Muso oa Molimo e le oona feela tšepo ea bona.—Tšen. 7:9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela