Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/06 maq. 3-4
  • Babali ba Ratehang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Babali ba Ratehang
  • Tsoha!—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lebisa Khatiso e Eketsehileng Bibeleng!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • “U Tla Araba Joang?”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Babali ba Ratehang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Tsoha!—Makasine o Ipiletsang Haholo ho Batho
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 1/06 maq. 3-4

Babali ba Ratehang

HO QALA ka tokollo ena, Tsoha! e tla ba le liphetoho tse itseng. Le hoja ho tla ba le lintho tse ncha, boholo ba lintho bo tla ’ne bo tšoane le pele.

Tsoha! e ntse e e-na le pakane e tšoanang le eo e bileng le eona ka mashome a lilemo. Joalokaha ho hlalositsoe leqepheng la 4, “makasine ena e hatisoa molemong oa ho beha lelapa lohle leseling.” Ka ho hlahloba liketsahalo tsa lefatše, ho bua ka batho ba litso tse fapaneng, ho hlalosa lintho tse hlollang tsa pōpo, ho tšohla bophelo bo botle ba ’mele kapa ka ho hlalosa saense bakeng sa batho ba sa tsebeng hakaalo ka eona, Tsoha! e tla tsoela pele ho fa babali ba rōna boitsebiso, e ba boloke ba falimehile lefatšeng lena leo re phelang ho lōna.

Tokollong ea eona ea Senyesemane, ea August 22, 1946, Tsoha! e ile ea tšepisa tjena: “Sepheo se ka sehloohong sa makasine ena e tla ba ho khomarela ’nete ka hohle-hohle.” Tumellanong le tšepiso eo, kamehla Tsoha! e ’nile ea leka ka matla ho hatisa boitsebiso bo nepahetseng. E le ho finyella seo, ho etsoa lipatlisiso ka botlalo litabeng tse hatisoang ebe li hlahlojoa ka hloko ho etsa bonnete ba hore li nepahetse. Empa koranta ena e boetse e bontšitse “ho khomarela ’nete ka hohle-hohle” ntlheng ea bohlokoa ka ho fetisisa.

Tsoha! e ’nile ea lebisa babali Bibeleng. Leha ho le joalo, ho qala ka tokollo ena, Tsoha! e tla ba le lihlooho tse eketsehileng tse thehiloeng Bibeleng ho feta nakong e fetileng. (Johanne 17:17) Tsoha! e tla boela e tsoele pele ho hatisa lihlooho tse bontšang hore na keletso e sebetsang ea Bibele e ka re thusa joang ho phela ka tsela e nang le morero le e atlehileng kajeno. Ka mohlala, ho fanoa ka tataiso e ngata e thehiloeng Bibeleng letotong la lihlooho tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” le tsa “Pono ea Bibele,” e leng lihlooho tse tla lula li fumaneha koranteng ena. Ho phaella moo, Tsoha! e tla tsoela pele ho tsebisa babali tšepiso ea Bibele ea lefatše le lecha la khotso leo haufinyane le tla nkela sebaka tsamaiso ena ea lintho e se nang molao.—Tšenolo 21:3, 4.

Ke eng e ’ngoe e ncha? Ho qala ka tokollo ena, Tsoha! e tla hatisoa hanngoe feela ka khoeli ka lipuo tse ngata ho tse 82 tseo e hatisoang ka tsona (pele e ne e hatisoa habeli ka khoeli ka lipuo tse ngata).a “Tsa Mona le Mane” (Watching the World), e leng sehlooho se ’nileng sa hatisoa kamehla koranteng ea Senyesemane ho tloha ka 1946, se tla hatisoa tokollong e ’ngoe le e ’ngoe empa se tla ba leqepheng le le leng, e seng ho a mabeli joaloka pele. Leqepheng la 31, re boetse re kenya sehlooho se secha se thahasellisang se reng “U ka Araba Joang?” Sona se fupere eng, hona u ka se sebelisa joang?

Ak’u shebe leqephe la 31 makasineng ena. Likarolo tse ling leqepheng lena li tla ipiletsa ho babali ba banyenyane; tse ling li tla thusa liithuti tsa Bibele tse seng li e-na le tsebo e eketsehileng ho bona haeba li sa hopola seo li ithutileng sona. Karolo e reng “See se Etsahetse Neng Historing?” e tla u thusa hore u bontše hore na batho ba boletsoeng ka Bibeleng ba phetse neng le hore na liketsahalo tsa bohlokoa li etsahetse neng. Boholo ba likarabo bo tla fumaneha leqepheng le tla boleloa hona tokollong ena, ’me li tla hlaha mongolo o thulamisitsoe, ha likarabo tsa karolo e reng “Tse Hlahang Makasineng Ena” tsona li tla fumaneha maqepheng ka ho fapana. Ke hobane’ng ha u sa etse patlisiso e itseng pele u bala likarabo tseo ebe u bolella ba bang seo u ithutang sona? U ka ba ua sebelisa sehlooho sena se secha se reng, “U ka Araba Joang?” ha le buisana ka Bibele le ba lelapa kapa le batho ba bang.

Lilemong tse 60 tse fetileng, Tsoha! e ile ea etsa tšepiso ena: “Ha e le tabeng ea lihlooho tse tla hatisoa, makasine ena e tla leka ka hohle hore e hlahise taba ho latela maikutlo a teng lefatšeng ka bophara, eseng ho latela a sebaka se itseng. E tla ipiletsa ho batho bohle ba tšepahalang ba linaha tsohle. . . . Boitsebiso le litaba tse tla tšohloa makasineng ena . . . e tla ba tse hlahang batho leseling, tse rutang le tse thahasellisang ho batho ba bangata, ba banyenyane le ba baholo ka tsela e tšoanang.” Babali lefatšeng ho pota baa lumela hore Tsoha! e ’nile ea boloka tšepiso eo. Rea le tiisetsa hore e tla tsoela pele e etsa joalo.

Bahatisi

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lipuong tse ling, Tsoha! e hatisoa hanngoe likhoeling tse ling le tse ling tse tharo ’me lihlooho tse ling tseo re li tšohlang sehloohong sena li ka ’na tsa se ke tsa hlaha likhatisong tseo.

[Litšoantšo tse leqepheng la 3]

Ka 1919 e ne e bitsoa “The Golden Age,” ka 1937 lebitso la fetoloa ea e-ba “Consolation,” ’me ka 1946 ea bitsoa “Awake!”

[Litšoantšo tse leqepheng la 4]

Ke khale “Tsoha!” e lebisa babali ba eona Bibeleng

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Guns: U.S. National Archives photo; starving child: WHO photo by W. Cutting

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela