Babali ba Ratehang
RE MOTLOTLO ho le tsebisa hore ho tloha ka khatiso ena, Molula-Qhooa o tla ba le liphetoho tse itseng. Empa pele re hlalosa hore na ho tla ba le liphetoho life, e-re re hlalose hore na ke lintho life tse ke keng tsa fetoha.
Lebitso la makasine ena e tla ’ne e be Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova. Kahoo, Molula-Qhooa o tla tsoela pele ho tlotlisa Jehova e le Molimo oa ’nete le ho tšelisa batho ba o balang ka evangeli ea ’Muso. Lihloohong tse leqepheng la 5 ho ea ho la 9 khatisong ena, ho tšohloa hore na ’Muso oo ke eng le hore na o tla tla neng. Ho phaella moo, Molula-Qhooa o tla tsoela pele ho khothalletsa batho ba o balang hore ba be le tumelo ho Jesu Kreste, o buelle ’nete ea Bibele, ’me o hlalose seo liketsahalo tsa lefatše li se bolelang ho ea ka boprofeta ba Bibele, joalokaha esale o etsa ka lilemo tse fetang lekholo.
Joale, ke lintho life tse tla fetoha? E-re re hlalose lihlooho tse ling tse ncha tse thahasellisang tse tla hlaha khatisong ea la 1 la khoeli ka ’ngoe.a
Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ho tla ba le lihlooho tse ’maloa tse thahasellisang. Sehlooho se reng “Re U Lome Tsebe?” se tla fana ka boitsebiso bo thahasellisang bo hlalosang litlaleho tse itseng tsa Bibele. Sehlooho se reng “Atamela ho Molimo” se tla totobatsa lintlha tseo re ithutang tsona ka Jehova litemaneng tse itseng tsa Bibele. Sehloohong sa “Babali ba Batla ho Tseba” ho tla arajoa lipotso tse tloaelehileng tsa Bibele. Ka mohlala, batho ba bangata ba ’nile ba ipotsa, “Na ’Muso oa Molimo o ka pelong?” U tla fumana karabo leqepheng la 13.
Ho na le lihlooho tse tla hlaha khafetsa tse reretsoeng ho thusa malapa. Sehlooho sa “Se Tlisang Thabo ka Lapeng,” se tlang ho hlaha hane ka selemo, se tla bua ka mathata a hlahang ka lapeng ’me se bontše hore na a ka rarolloa joang ka melao-motheo ea Bibele. Sehlooho se reng “Ruta Bana ba Hao,” seo batsoali ba lokelang ho se bala le bana ba bona, se tla chenchana le se reng “Tsa Bacha ba Rōna,” se etselitsoeng ho thusa bacha hore ba ithute Bibele.
Ho na le lihlooho tse ling tse tla hlaha hane ka selemo. Se reng “Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona” se tla re thusa hore re latele mohlala oa motho ea itseng ea boletsoeng ka Bibeleng. Ka mohlala, leqepheng la 18 ho ea ho la 21 la khatiso ena, u tla bala tlaleho e amang maikutlo e buang a moprofeta Elia ’me u bone hore na u ka etsisa tumelo ea hae joang. Sehloohong se reng “Lengolo le Tsoang . . . ” baromuoa le ba bang likarolong tse fapa-fapaneng tsa lefatše ba tla re phetela lipale tsa bona. Sehloohong se reng “Re Ithuta’ng ho Jesu?” ho tla tšohloa lithuto tsa motheo tsa Bibele ka tsela e bonolo.
Re kholisehile hore babali ba hlomphang Bibele le ba batlang ho tseba seo e hlileng e se rutang ba tla ’ne ba thahaselle ho bala Molula-Qhooa. E se eka makasine ena e ka u thusa hore u khotsofatse lenyora la hao la ho ithuta ’nete ea Bibele.
BAHATISI
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Molula-Qhooa o se o tla ba le likhatiso tse peli. Khatiso ea la 1 la khoeli e tla ba ea batho ka kakaretso. Khatiso ea la 15 ke eo Lipaki Tsa Jehova li tla ithuta eona libokeng tsa phutheho, tseo motho e mong le e mong a ka bang teng ho tsona.