Liphetoho Tse Thabisang Tsa Molula-Qhooa!
1 Mathoasong a selemo sena, liphutheho li ile tsa amohela tsebiso e thabisang: Ho qala ka January 2008, Molula-Qhooa o tla ba le likhatiso tse peli tse sa tšoaneng, e ’ngoe e tla ba ea batho ka kakaretso, e ’ngoe ebe ea bara le baralib’abo rōna ba Bakreste! Mohlomong u ne u ntse u ipotsa: ‘Ebe limakasine tsee li tla fapana joang? Ebe molemo oa ho ba le likhatiso tse peli tse sa tšoaneng ke ofe? Ebe ho na le lintho tse ncha tseo re ka li lebellang likhatisong tsee?’
2 Tsela eo li Tla Fapana ka Eona: Tokollo ea la pele la khoeli e tla tsejoa e le Khatiso ea Batho ka Kakaretso. Lihlooho tse hlahang tokollong ena kaofela li tla hlophisoa ho nahannoe ka batho ka kakaretso. Tokollo ea la 15 la khoeli e tla bitsoa Khatiso e Ithutoang ’me e ke ke ea tsamaisoa tšimong. E tla ba le lihlooho tse ithutoang bakeng sa khoeli kaofela hammoho le lihlooho tse ling tse tla beng li lebisitsoe ho Bakreste ba inehetseng. Khatiso ea Molula-Qhooa ea Batho ka Kakaretso ha e na ho khahla Lipaki feela empa haholo-holo e tla khahla batho bao e seng Lipaki bao e ka ’nang eaba ba hlompha Bibele. Ka lehlakoreng le leng, Tsoha! e tla ’ne e ngolloe batho bohle, ho akarelletsa le batho ba nang le lipelaelo le ba ipolelang hore hase Bakreste.
3 Melemo: Khatisong e Ithutoang, ha ho sa tla hlokahala hore ho ’ne ho hlalosoe mantsoe a kang “pula-maliboho” ka tsela eo batho bao e seng Lipaki ba tla a utloisisa ka eona. Khatiso ena e ka ’na ea e-ba le lihlooho tseo ka ho toba li ngoletsoeng Lipaki Tsa Jehova le liithuti tsa Bibele tse tsoelang pele moeeng. Khatiso ea Batho ka Kakaretso eona? Kaha lihlooho tse tla tšohloa le mokhoa oo li tla ngoloa ka oona o tla be o tobisitsoe ho batho ka kakaretso, motho eo e seng Paki o tla thabela ho bala makasine eo kaofela. Leha ho le joalo, Paki e ’ngoe le e ’ngoe ea Jehova e tla una molemo ka ho bala likhatiso tsena ka bobeli. Kaha tšebeletsong ea tšimo re tla be re tsamaisa Molula-Qhooa o le mong feela ka khoeli le Tsoha! e le ’ngoe feela, khoeli kaofela re tla ba le monyetla oa ho sebelisa linehelano tse atlehang.
4 Litšobotsi Tse Ncha: Ho na le litšobotsi tse ncha tse thabisang tse tla ba teng Khatisong ea Molula-Qhooa ea Batho ka Kakaretso. Tšobotsi e ’ngoe ke hore lithuto tsa motheo tsa Mangolo li tla tšohloa ka tsela e bonolo haholo. E ’ngoe ke hore ho tla bontšoa kamoo Bibele e ka thusang malapa kateng. Bacha ba tla fuoa mesebetsi eo ba ka e etsang ha ba ntse ba ithuta Bibele. Tokollo ka ’ngoe e tla ba le sehlooho se buang ka litemana tse itseng tsa Bibele tse re rutang ka botho ba Jehova.
5 Re rapella hore Jehova a hlohonolofatse tokisetso ena e ncha ea Molula-Qhooa. E se eka makasine eo hammoho le ea Tsoha!, li ka tlisetsa batho ba bangata ba tšoanelehang litaba tse molemo.—Mat. 10:11.