Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 1/1 maq. 4-5
  • Oa Rapelloa Lefatšeng Lohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Oa Rapelloa Lefatšeng Lohle
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thapelo e Etsoang le ke Bao e Seng Bakreste
  • “Morena, re Rute ho Rapela”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • “ ’Muso oa Hao o ke o Tle”​—⁠Thapelo e Rapeloang ke Batho ba Limilione
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • Seo Thapelo ea Morena e se Bolelang ho Uena
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Phela Tumellanong le Thapelo ea Mohlala​—⁠Karolo ea I
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 1/1 maq. 4-5

Oa Rapelloa Lefatšeng Lohle

NAHANA feela batho ba limilione tse makholo kapa tse likete ba se ba rapella ntho e tšoanang. Ba kōpa hore ea matla ka ho fetisisa leholimong le lefatšeng a arabe thapelo ea bona e khethehileng. Leha ho le joalo, ke ba seng bakae feela ba tsebang hore na ehlile ba kōpa’ng. Na ruri seo se ka etsahala? Ha e le hantle, se etsahala letsatsi le leng le le leng. Batho baa kaofela ba kōpa eng? Ba kōpa hore ’Muso oa Molimo o tle!

Ho hakanngoa hore ho na le malumeli a ka bang 37 000 a reng ke a Bokreste, ’me a re Jesu Kreste ke Moeta-pele oa ’ona. Malumeli ao a na le litho tse fetang limilione tse likete tse peli. Boholo ba tsona bo etsa thapelo e tsebahalang e le Ntat’a Rōna ea Maholimong kapa Thapelo ea Morena. Na ua e tseba? Joalokaha Jesu a e rutile balateli ba hae, e qala ka ho re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.”—Matheu 6:9, 10.

Ho se ho fetile lilemo tse makholo balumeli ba ntse ba pheta mantsoe a thapelo eo likerekeng. Hape ba ’nile ba a pheta ka hlooho boinotšing kapa e le malapa linakong tse monate le tse bohloko. Ba ’nile ba pheta mantsoe ana ho tsoa botebong ba pelo le ka tieo. Ba bangata ba ithutile ’ona ka hlooho ’me ba a pheremetsa feela ba sa natse hore na a bolela’ng. Litho tsena tsa malumeli a bolelang hore ke a Bokreste hase tsona feela tse ’nileng tsa lebella hore ’Muso oa Molimo o tle le ho o rapella.

Thapelo e Etsoang le ke Bao e Seng Bakreste

Balumeli ba Bajuda ba hlahetsoeng ke lefu ba etsa thapelo e tsebahalang e bitsoang Kaddish. Le hoja e sa amane hakaalo le lefu kapa mahlomola, hangata batho ba e rapela ha ba hlahetsoe ke lefu. Thapelo eo e re: “E se eka [Molimo] a ka hloma ’Muso oa hae bophelong ba hao . . .  a o hlome kapele-pele.”a Thapelo e ’ngoe ea boholo-holo e etsoang lisynagogeng e bua ka tšepo ea hore Morena oa ’Muso oa Mesia o tla tsoa lelokong la Davida.

Litho tse ling tsa malumeli ao e seng a Bokreste li ’nile tsa thabela ho mamela evangeli ea ’Muso oa Molimo. The Times of India e re moeta-pele e mong oa bolumeli oa Moindia oa lekholong la bo19 la lilemo, ea neng a rata ho kopanya bolumeli ba Bohindu, Bomosleme le Bokreste, o ile a re: “’Muso oa ’nete oa Molimo o ke ke oa tla ntle le hore bochabela bo kopane le bophirimela.” Ho phaella moo, haufinyane mosuoe-hlooho oa k’holeje ea Mamosleme e Strathfield, Australia, o ile a ngolla koranta e ’ngoe a re: “Joaloka Mamosleme a mang ’ohle, ke lumela [hore] Jesu o tla khutla ’me a hlome ’Muso oa ’nete oa Molimo.”

Ka sebele, hona joale ke batho ba limilione tse likete ba rapellang ’Muso oa Molimo le ba nang le tšepo ea hore o tla tla. Empa hlokomela ntlha e ’ngoe e thahasellisang.

Mohlomong ua tseba hore rōna Lipaki Tsa Jehova, bahatisi ba makasine ena, re kena ntlong e ’ngoe le e ’ngoe motseng oa heno re buisana le batho ka Bibele. Ka nako eo makasine ena e hatisoang, re etsa mosebetsi ona lefatšeng ka bophara, linaheng tse 236 ka lipuo tse fetang 400. Molaetsa oa rōna o ka sehloohong ke ’Muso oa Molimo. Ha e le hantle, hlokomela hore lebitso le feletseng la makasine ena ke Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova. Re atisa ho botsa batho hore na ba rapella ’Muso oo. Bongata ba bona ba re baa o rapella. Leha ho le joalo, ha ba botsoa hore na ’Muso oo ke eng, ba bangata ba re, “Ha ke tsebe,” kapa likarabo tsa bona ha li utloahale ebile baa qea-qea.

Ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaale ba rapella ntho eo ba hlileng ba sa e tsebeng? Na ke hobane ’Muso oa Molimo o rarahane ebile o sa hlalosehe? Ha ho joalo. Bibele e hlalosa ’Muso ona ka botlalo le ka tsela e hlakileng. Ho feta moo, molaetsa oa Bibele o buang ka ’Muso ona o ka u fa tšepo ea sebele mehleng ena ea mathata. Sehloohong se latelang, re tla utloa hore na Bibele e hlalosa tšepo eo joang. ’Me re tla utloisisa hore na thapelo ea Jesu ea hore ’Muso oo o tle e tla arajoa neng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Joaloka thapelo eo Jesu a ileng a e ruta, thapelo ea batho ba hlahetsoeng ke lefu e bitsoang Kaddish le eona e re lebitso la Molimo le halaletsoe. Le hoja ho e-na le phehisano mabapi le hore na Kaddish ke ea mehleng ea Kreste kapa pele ho moo, ha rea lokela ho makala ha re bona ho tšoana ho itseng pakeng tsa eona le thapelo ea Jesu. Morero oa thapelo ea Jesu e ne e se ho qapa ntho e ncha kapa e sa tloaelehang. Ntho ka ’ngoe e kōptjoang ho eona e ne e thehiloe Mangolong ao Bajuda bohle ba neng ba e-na le ’ona ka nako eo. Jesu o ne a khothalletsa Bajuda ba habo hore ba rapelle lintho tseo e lokelang ebe ba ’nile ba li rapella ho tloha khale.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela