’Muso oa Molimo ke Eng?
MOLAETSA o ka sehloohong oo Jesu a neng a o bolela ke ofe? Jesu o itse ke ’Muso oa Molimo. (Luka 4:43) Ha batho ba mo mametse, ntle ho pelaelo ba ile ba mo utloa a bua ka ’Muso oo khafetsa. Na ba ne ba qakehile kapa ba ferekane hore na o bua ka eng? Na ba ile ba mo botsa hore na ’Muso oo ke eng? Ha ho joalo. Likosepele ha li bontše hore ba ile ba mo botsa lipotso tseo. Kahoo, na batho bao ba ne ba tseba hore na ’Muso oa Molimo ke eng?
Bonneteng, Mangolo a boholo-holo ao Bajuda ba neng ba a nka a halalela a ile a hlalosa ’Muso oo ka tsela e hlakileng le e utloahalang, a bontša hore na ke eng le hore na o tla finyella eng. Kajeno re ka ithuta ho eketsehileng ka ’Muso oo re sebelisa Bibele. A re hlahlobeng lintlha tse supileng tseo Bibele e re rutang tsona ka ’Muso oo. Bajuda ba mehleng ea Jesu le ba pele ho moo, ba ne ba se ba ntse ba tseba lintlha tsa pele tse tharo. Tse tharo tse latelang li ile tsa boleloa ke Kreste kapa ke baapostola ba hae lekholong la pele la lilemo. Ea ho qetela e totobetse mehleng ea rōna.
1. ’Muso oa Molimo ke puso ea sebele, e tla ba teng ka ho sa feleng. Boprofeta ba pele ba Bibele bo ile ba bolela hore Molimo o ne a tla romela mopholosi oa batho ba tšepahalang. Enoa ea bitsoang “peō” o ne a tla felisa mathata a bileng teng ha Adama, Eva le Satane e ba bafetoheli. (Genese 3:15) Ka mor’a nako e teletsana, Morena Davida ea tšepahalang o ile a bolelloa ntho e thabisang mabapi le “peō” ena, kapa Mesia. O ile a bolelloa hore e ne e tla ba Morena oa ’Muso. ’Muso ona o ne o ke ke oa tšoana le e meng kaofela. O ne o tla ba teng ka ho sa feleng.—2 Samuele 7:12-14.
2. ’Muso oa Molimo o tla felisa mebuso eohle ea batho. Moprofeta Daniele o ile a bontšoa pono eo ho eona a ileng a bona kamoo mebuso e matla e neng e tla latellana kateng ho fihlela mehleng ea rōna. Hlokomela se thabisang ha pono eo e fihla sehlohlolong: “Matsatsing a marena ao [a ho qetela a batho] Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” Kahoo mebuso eohle ea lefatše lena—hammoho le lintoa, khatello le bomenemene—e tla felisoa ka ho sa feleng. Joalokaha boprofeta ba Daniele bo bontša, haufinyane ’Muso oa Molimo o tla busa lefatše lohle. (Daniele 2:44, 45) Kaha ke ’muso oa sebele, e tla ba oona feela o busang.a
3. ’Muso oa Molimo o tla felisa lintoa, ho kula, tlala, esita le lefu. Boprofeta ba Bibele bo hlollang bo senola seo ’Muso oa Molimo o tla se etsa mona lefatšeng. Seo ’Muso oo o tla se finyella, ha ho mekhatlo ea batho e kileng ea se finyella kapa e tla khona ho se finyella le ka mohla. Nahana feela—libetsa tsohle tsa ntoa li se li felisitsoe ka ho sa feleng! “O felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše.” (Pesaleme ea 46:9) Ha ho sa tla ba le lingaka, lipetlele kapa maloetse a mofuta ofe kapa ofe. “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24) Ha ho sa tla ba le tlala, khaello ea lijo kapa khaello ea phepo e nepahetseng. “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng.” (Pesaleme ea 72:16) Ha ho sa tla ba le mapato, litebelo, litša tsa mabitla, limmoshara kapa masisa-pelo a bakoang ke tsona. Qetellong, sera sa rōna se hlokang mohau, e leng lefu, se tla felisoa. Molimo “o tla metsa lefu ka ho sa feleng, ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.”—Esaia 25:8.
4. ’Muso oa Molimo o na le ’Musi ea khethiloeng ke Molimo. Mesia ha aa ikhetha, ebile ha a khethoa ke batho ba sa phethahalang. O khethiloe ke Jehova Molimo ka seqo. Litlotla tseo a bitsoang ka tsona e leng Mesia le Kreste li bontša hore ehlile o khethiloe ke Eena. Litlotla tsena li bolela “Motlotsuoa.” Kahoo Morena enoa o tlotsitsoe ke Jehova kapa o khethiloe ke eena hore a etse mosebetsi o khethehileng. Ha Molimo a bua ka eena o re: “Bonang! Mohlanka oa ka, eo ke lulang ke mo tšoere ka tieo! Mokhethoa oa ka, eo moea oa ka o mo amohetseng! Ke behile moea oa ka ho eena. O tla tlisetsa lichaba toka.” (Esaia 42:1; Matheu 12:17,18) Na ho na le motho ea nang le tsebo e fetang ea ’Mōpi oa rōna mabapi le hore na re hloka ’Musi oa mofuta ofe?
5. ’Musi oa ’Muso oa Molimo o bontšitse batho bohle hore oa tšoaneleha. Jesu oa Nazaretha o ile a ipaka e le eena Mesia ea profetiloeng. O ile a hlaha lelokong leo Molimo a neng a le khethile. (Genese 22:18; 1 Likronike 17:11; Matheu 1:1) Ha a le lefatšeng, o ile a phethahatsa boprofeta bo bongata bo amanang le Mesia bo neng bo ngotsoe lilemo tse makholo esale pele. Hape lentsoe le tsoang leholimong le ile la re ke Mesia. Ka tsela efe? Molimo o ile a bua a le leholimong, a bolela hore Jesu ke Mora oa Hae; mangeloi a ile a bontša hore Jesu ke Mesia ea tšepisitsoeng; ’me Jesu o ile a etsa mehlolo eo ho neng ho hlakile hore o e etsa ka matla a Molimo—hangata a bile a e etsa moo a bonoang ke batho ba makholo kapa ba likete.b Jesu o ile a bontša khafetsa hore na e ne e tla ba ’Musi oa mofuta ofe. O ne a e-na le matla a ho thusa batho ebile a labalabela ho ba thusa. (Matheu 8:1-3) E ne e se moithati, a e-na le qenehelo, a le sebete ’me a ikokobelitse. E mong le e mong a ka khona ho bala tlaleho ea bophelo ba hae lefatšeng ka Bibeleng.
6. ’Musong oa Molimo, babusi ba 144 000 ba tla busa le Kreste. Jesu o ile a re batho ba bang, ho akarelletsa le baapostola ba hae, ba ne ba tla busa le eena leholimong. O ile a re sehlopha sena ke “mohlatsoana.” (Luka 12:32) Hamorao, moapostola Johanne o ile a bolelloa hore mohlatsoana ona e ne e tla ba oa batho ba 144 000 ka kakaretso. Ba ne ba tla ba le mosebetsi o thabisang leholimong, ba busa le Kreste e le marena le baprista.—Tšenolo 5:9, 10; 14:1, 3.
7. Hona joale ’Muso oa Molimo o busa leholimong, o malala-a-laotsoe ho qala ho busa holim’a lefatše lohle. Ntlha ena ea bosupa ke e ’ngoe ea tse thabisang ka ho fetisisa tseo re ka ithutang tsona. Bibele e fana ka bopaki bo bongata bo bontšang hore Jesu o filoe matla a ho ba Morena leholimong. Hona joale nakong ena eo re phelang ho eona o busa leholimong, ’me haufinyane o tla busa holim’a lefatše lohle a be a phethahatse boprofeta bo tsotehang boo re seng re bo boletse. Empa re ka kholiseha joang hore ’Muso oa Molimo oa busa hona joale? Hona o tla qala neng ho busa holim’a lefatše?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Boprofeta bo kang bona bo bontša hore ’Muso oa Molimo hase ntho e ka lipelong tsa rōna, ho ea ka seo batho ba bangata ba se rutiloeng. Bona sehlooho se reng “Babali ba Batla ho Tseba,” leqepheng la 13.
b Ka mohlala, bona Matheu 3:17; Luka 2:10-14; Johanne 6:5-14.