’Muso oa Molimo o Tla Tla Neng?
“MORENA, na u khutlisetsa ’muso ho Iseraele nakong ee?” (Liketso 1:6) Baapostola ba ne ba labalabela ho tseba hore na Jesu o ne a tla hloma ’Muso oa hae neng. Kajeno, ka mor’a lilemo tse ka bang 2 000, batho ba sa ntse ba labalabela ho tseba hore na ’Muso oa Molimo o tla tla neng.
Kaha molaetsa o ka sehloohong oa Jesu e ne e le ’Muso oo, u ka lebella hore ebe o ile a tšohla potso ena. Ha e le hantle o ile a fela a etsa joalo! O ile a bua khafetsa ka nako e khethehileng eo a ileng a re ke ea “ho ba teng” ha hae. (Matheu 24:37) Ho ba teng hona ho amana haholo le ho hlongoa ha ’Muso oa Mesia. Ho ba teng hoo ke eng? A re hlahlobeng lintlha tse ’nè tseo Bibele e li hlakisang mabapi le ho ba teng ha Kreste.
1. Ho ba teng ha Kreste ho ne ho tla qala nako e telele ka mor’a lefu la hae. Jesu o ile a pheta papiso eo ho eona a ileng a itšoantša le monna ea ileng a “etela naheng e hōle ho ea iphumanela matla a borena,” kapa ho ea “iphumanela ’muso.” (Luka 19:12; mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW) Papiso eo ea boprofeta e ile ea phethahala joang? Jesu o ile a shoa ’me a tsoha; eaba o ea “naheng e hōle,” e leng leholimong. Joalokaha Jesu a boletse esale pele hona papisong eo, ke feela “ka mor’a nako e telele” a neng a tla khutla a e-na le matla a borena.—Matheu 25:19.
Lilemo tse itseng ka mor’a hore Jesu a nyolohele leholimong, moapostola Pauluse o ile a re: “Motho enoa [Jesu] o ile a nyehela sehlabelo se le seng bakeng sa libe ka ho sa feleng eaba o lula ka letsohong le letona la Molimo, ho tloha nakong eo ho ea pele a letile ho fihlela lira tsa hae li ka behoa joaloka setuloana sa maoto a hae.” (Baheberu 10:12, 13) Kahoo, ka mor’a hore Jesu a fihle leholimong o ile a leta nako e telele. Qetellong nako eo ea ho leta e ile ea fela ha Jehova Molimo a etsa Mora oa hae Morena oa ’Muso oa Mesia oo e neng e le khale o tšepisitsoe. Ho ba teng ha Kreste ho qalile ka nako eo. Na batho lefatšeng ba ne ba tla bona ketsahalo ee ea bohlokoa?
2. Batho ha ba bone ho ba teng ha hae ka mahlo a nama. Hopola hore Jesu o ile a bua ka pontšo ea ho ba teng ha hae. (Matheu 24:3) Hoja batho ba ne ba tla bona ho ba teng ha hae ka mahlo a nama, na ho ne ho tla hlokahala pontšo? Ka mohlala: Nahana u nka leeto u il’o bona leoatle. U ka ’na ua bona matšoao a tsela a u lebisang teng, empa hang ha u fihla lebōpong la leoatle, u eme moeling oa metsi moo u bonang leoatle le namme ka pel’a hao, na u ka lebella ho bona letšoao le supang ka pel’a hao, le ngotsoeng “Leoatle”? Le hanyenyane! Ho ke ke ha hlokahala letšoao le supang ntho eo u seng u ntse u iponela eona.
Jesu o ile a hlalosa pontšo ea ho ba teng ha hae, eseng ka morero oa ho supa ntho eo batho ba ka e bonang ka mahlo, empa hore a ba thuse ho lemoha ntho e neng e tla etsahala leholimong. Ke ka lebaka leo Jesu a ileng a re: “’Muso oa Molimo ha o tle ka ho hlokomeleha ho totobetseng.” (Luka 17:20) Joale, pontšo eo e ne e tla thusa batho joang lefatšeng hore ba bone hore ho ba teng ha Kreste ho qalile?
3. Ho ba teng ha Jesu ho ne ho tla bonahala ka hore ho be le nako ea mathata a maholo mona lefatšeng. Jesu o itse ho ba teng ha hae e le Morena leholimong ho ne ho tla bonahala lefatšeng ka lintoa, litlala, litšisinyeho tsa lefatše, mafu a seoa le tlōlo ea molao. (Matheu 24:7-12; Luka 21:10, 11) Ke eng se neng se tla baka masisa-pelo aa? Bibele e re Satane, “’musi oa lefatše lena,” o halefile hobane a tseba hore nako ea hae e khutšoanyane haholo, kaha ho ba teng ha Kreste e le Morena ho qalile. (Johanne 12:31; Tšenolo 12:9, 12) Mehleng ea rōna ho bile le bopaki bo bongata bo totobetseng ba hore Satane o halefile le hore ho ba teng ha Kreste ho qalile. Bopaki bona bo bonahetse ka ho ikhethang ebile e le lefatšeng lohle haholo-holo ho tloha ka 1914, e leng selemo seo bo-rahistori ba lumelang hore ke sa bohlokoa.
Litaba tseo li ka ’na tsa utloahala li sa thabise, empa ha ho joalo. Sena se bolela hore hona joale ’Muso oa Mesia oa busa leholimong. Haufinyane, ’muso oo o tla busa hona mona lefatšeng. Leha ho le joalo, batho ba tla tseba joang ka ’Muso oo e le hore ba amohele puso ea oona ’me e be bahlanka ba oona?
4. Ho ba teng ha Jesu ho bonahala ka mosebetsi oa ho bolela evangeli lefatšeng lohle. Jesu o itse nako ea ho ba teng ha hae e tla tšoana le “matsatsi a Noe.”a (Matheu 24:37-39) Noe ha aa ka a haha areka feela; empa e ne e boetse e le “’moleli oa ho loka.” (2 Petrose 2:5) Noe o ile a lemosa batho hore kahlolo ea Molimo e atametse. Jesu o itse balateli ba hae lefatšeng ba tla etsa ntho e tšoanang nakong ea ho ba teng ha hae. Boprofeteng ba hae o ile a re: “Litaba tsena tse molemo [evangeli] tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:14.
Joalokaha re bone sehloohong se fetileng, ’Muso oa Molimo o tla felisa mebuso eohle ea lefatše lena. Mosebetsi oa ho bolela evangeli o lemosa batho hore ’muso ona oa leholimo o se o tla nka marapo, o fe bohle monyetla oa hore ba pholohe bofelo bo tlang ’me e be bahlanka ba ’Muso oo. Kahoo, potso ea bohlokoa ke hore, U tla nka bohato bofe?
Na ho Tla ha ’Muso oa Molimo ke Litaba Tse Molemo ho Uena?
Molaetsa oo Jesu a neng a o bolela o ne o fana ka tšepo e ikhethang. Ka mor’a bofetoheli bo ileng ba etsahala Edene lilemong tse likete tse fetileng, Jehova Molimo o ile a rera ho hloma ’muso o neng o tla lokisa litaba, ’me o khutlisetse batho ba tšepahalang boemong boo Molimo a neng a rerile hore ba be ho bona qalong—e leng hore ba phele ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. Ha ho na ntho e thabisang ho feta ho tseba hore hona joale ’muso ona oo e leng khale o tšepisitsoe oa busa leholimong. Hase khopolo-taba feela empa ke oa sebele!
Hona joale Morena ea khethiloeng ke Molimo o busa har’a lira tsa hae. (Pesaleme ea 110:2) Lefatšeng lena le tletseng bomenemene la batho ba furaletseng Molimo, Mesia o phetha thato ea Ntat’ae ea ho batla bohle ba batlang ho tseba seo Molimo a hlileng a leng sona le ho mo rapela “ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:24) Batho ba merabe eohle, lilemo tsohle le maemo ’ohle ba ka ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng tlas’a ’Muso oa Molimo. (Liketso 10:34, 35) Re u khothalletsa hore u sebelise monyetla ona o babatsehang oo o u fuoang. Ithute ka ’Muso oa Molimo hona joale, e le hore u ka phela ka ho sa feleng pusong ea oona e lokileng!—1 Johanne 2:17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Polelo ena ea Jesu e lokisa maikutlo a fosahetseng ao Libibele tse ling li fanang ka ’ona ha li fetolela poleloana “ho ba teng.” Libibele tse ling li e fetolela e le “ho tla,” “ho boea,” kapa “ho khutla,” e leng mantsoe ao kaofela a bolelang ketsahalo ea nako e khutšoanyane. Leha ho le joalo, hlokomela hore Jesu o ne a sa tšoantše ho ba teng ha hae le Moroallo oa mehleng ea Noe, e leng ketsahalo ea nako e itseng feela, empa o ile a ho tšoantša le “matsatsi a Noe,” e leng nako e telele ea liketsahalo tse mahlonoko. Joaloka nakong eo ea boholo-holo, ho ba teng ha Kreste e ne e tla ba nako e telele eo ka eona batho ba neng ba tla phathahana ka mesebetsi ea letsatsi le letsatsi hoo ba sa natseng temoso eo ba e fuoang.
[Litšoantšo leqepheng la 8,9]
Litaba tse bohloko tseo re li utloang kamehla ke bopaki ba hore lintho tse molemo li haufi le ho tla
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Antiaircraft gun: U.S. Army photo