Molula-Qhooa le Tsoha!—Likoranta tsa ’Nete tse Nakong
“U ntopolotse, Jehova, Molimo oa ’nete.”—PESALEME EA 31:5.
1, 2. (a) Khaitseli e mong o ile a ikutloa joang ka seo a se balileng ho Molula-Qhooa? (b) Ho botsoa lipotso life ka likoranta tsa rōna?
KHAITSELI oa Mokreste o ile a ngola: “Ke le leboha haholo, bakeng sa boitsebiso bo babatsehang bo leng ho sehlooho sa Molula-Qhooa, ‘U ka Fumana Matšeliso Nakong ea Tsieleho.’a Lintlha tse ngata tseo le li phahamisitseng e ne e le maikutlo ao ke neng ke tlameha ho sebetsana le ’ona; ekare sehlooho sena se ne se ngoletsoe ’na ka ho toba. Ha ke se bala ka lekhetlo la pele, mahlo a ka a ne a tletse meokho. Ho hlolla haholo ho hlokomela hore ho na le motho ea tsebang kamoo ke ikutloang ka teng! Ke leboha haholo hore ebe ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ke hokae hape moo re ka fumanang litšepiso tsa bophelo bo sa feleng Paradeiseng nakong e tlang e haufi ’me, hona joale, re fumane matšeliso bakeng sa liphefumolohi tsa rōna! Kea leboha. Ke le leboha ho menahane.”
2 Na ho na le mohla u kileng ua ikutloa joalo? Na ho kile ha bonahala eka taba e ’ngoe e ho Molula-Qhooa kapa koranta eo e leng motsoalle oa eona, Tsoha!, e ngoletsoe uena ka ho khetheha? Limakasineng tsa rōna ke eng e ipiletsang lipelong tsa batho? Re ka thusa ba bang joang hore ba rue molemo molaetseng o bolokang bophelo oo li o tšoereng?—1 Timothea 4:16.
Limakasine tse Buellang ’Nete
3. Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! li amme lipelo tsa babali ba bangata ka lebaka lefe le utloahalang?
3 Jehova ke “Molimo oa ’nete.” (Pesaleme ea 31:5) Lentsoe la hae, Bibele, ke buka ea ’nete. (Johanne 17:17) Batho ba lipelo li tšepahalang ba arabela ’neteng. (Bapisa le Johanne 4:23, 24.) Lebaka le leng leo ka lona Molula-Qhooa le Tsoha! li ammeng lipelo tsa babali ba limilione ke hore ke likoranta tse tšepahalang le tsa ’nete. Ha e le hantle, ke ka lebaka la tseko ea botšepehi ’neteng ea Bibele Molula-Qhooa o ileng oa qala ho hatisoa.
4, 5. (a) Ke maemo afe a entseng hore C. T. Russell a hatise Molula-Qhooa? (b) Koranta ea Molula-Qhooa e sebelisoa joang ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale”?
4 Ka 1876, Charles T. Russell o ile a ikopanya le Nelson H. Barbour, oa Rochester, New York. Russell o ile a fana ka chelete ea ho tsosolosa ho hatisoa ha makasine oa bolumeli o hatisoang nako le nako oa Barbour Herald of the Morning, ’me Barbour e le mohlophisi ea ka sehloohong ha Russell e ne e le motlatsi oa mohlophisi. Leha ho le joalo, hoo e ka bang selemo le halofo hamorao, tokollong ea August 1878 ea Herald, Barbour o ile a ngola sehlooho se neng se latola bohlokoa ba topollo ba lefu la Kreste. Russell, ea neng a batla a le monyenyane ho Barbour ka lilemo tse 30, o ile a arabela ka sehlooho tokollong e latelang feela se neng se tšehetsa thekollo, eo a neng a e bitsa “e ’ngoe ea lithuto tsa bohlokoa ka ho fetisisa tsa Lentsoe la Molimo.” (Mattheu 20:28) Ka mor’a ho leka ka makhetlo ho behelana mabaka ka Mangolo le Barbour, qetellong Russell o ile a etsa qeto ea ho khaola maqhama ’ohle le Herald. Ho qala ka tokollo ea June 1879 ea koranta ena, lebitso la Russell ha lea ka la hlola le hlaha joaloka motlatsi oa mohlophisi. Khoeli hamorao, Russell ea lilemo li 27 o ile a qala ho hatisa Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence (eo hona joale e tsejoang e le Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova), eo ho tloha qalong e ileng ea phahamisa ’nete ea Mangolo, e kang thekollo.
5 Ka lilemo tse fetileng tse 114, Molula-Qhooa, joaloka ’muelli oa molao ea nang le tsebo, o ipakile e le mosireletsi oa ’nete ea Bibele le thuto ea eona. Ha o ntse o tsoela pele ho hatisoa, o ’nile oa tšeptjoa ke babali ba oona ba limilione ba nang le kananelo. O sa ntse o tšehetsa thekollo ka matla. (Ka mohlala, bona tokollo ea February 15, 1991.) ’Me o ntse o tsoela pele ho ba sesebelisoa se ka sehloohong sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” le Sehlopha se Busang sa hae bakeng sa ho tsebahatsa ’Muso oa Jehova o hlonngoeng le ho fana ka lijo tsa moea “nakong ea teng.”—Mattheu 24:14, 45.
6, 7. Sepheo se ngotsoeng sa The Golden Age ke sefe, hona ke eng se bontšang hore batho ba nahanang ba ile ba arabela molaetseng oa eona?
6 Ho thoe’ng ka makasine oa Tsoha!? Ho tloha ha e qala ho hatisoa, Tsoha! le eona e bueletse ’nete. Makasine ona oo pele o neng o bitsoa The Golden Age, o ne o etselitsoe hore o abeloe batho bohle. Ha e bua ka sepheo sa eona, tokollo ea pele, ea October 1, 1919, e ile ea re: “Morero oa eona ke ho hlalosa leseling la bohlale ba Molimo moelelo oa ’nete oa maemo a kajeno le ho kholisa likelello tse nahanang ka bopaki bo ke keng ba hanyetsoa le bo kholisang ba hore nako ea hore moloko oa batho o fumane tlhohonolofatso e khōloanyane e haufi.” Batho ba nahanang ba ile ba arabela molaetseng oa The Golden Age. Ka lilemo tse ngata, kabo ea eona e ne e feta le ea Molula-Qhooa.b
7 Leha ho le joalo, ho ipiletsa ha Molula-Qhooa le Tsoha! ha ho hlahisoe feela ke ’nete ea hore li hatisa thuto ea ’nete ea bolumeli le ho hlalosa se boleloang ke boprofeta ka maemo a lefatše. Haholo-holo lilemong tse leshome kapa a mabeli tse fetileng, limakasine tsa rōna li hapile lipelo tsa batho ka lebaka le leng.
Lihlooho tse Nakong tse Amang bophelo ba Batho
8. Ke phetoho efe ea ho ngola eo Juda a ileng a e etsa, a khothaletsa babali ba hae hore ba hanele litšusumetso life ka phuthehong?
8 Hoo e ka bang lilemo tse 30 ka mor’a lefu le tsoho ea Jesu Kreste, mongoli oa Bibele Juda o ile a tobana le boemo bo phephetsang. Batho ba itšoereng hampe, ba nang le litšoaneleho tsa bophoofolo ba ne ba khukhunetse har’a Bakreste. Juda o ne a rerile ho ngolla Bakreste-’moho le eena ka taba ea thuto ea bolumeli—pholoho eo Bakreste ba tlotsitsoeng ba nang le eona. Ho e-na le hoo, ka tataiso ea moea o halalelang, o ile a fumana ho hlokahala hore a khothaletse babali ba hae hore ba hanele litšusumetso tse bolisang tse ka hare ho phutheho. (Juda 3, 4, 19-23) Juda o ile a lokisa boemo ’me a fana ka keletso e nakong e ileng ea finyella litlhoko tsa baena ba hae ba Bakreste.
9. Ho ameha eng tabeng ea ho fana ka lihlooho tse nakong tsa likoranta tsa rōna?
9 Ka ho tšoanang, ho lokisetsa lihlooho tse nakong tsa likoranta tsa rōna ke boikarabelo bo phephetsang. Linako lia fetoha, le bona batho—litlhoko tsa bona le lithahasello tsa bona ha li sa tšoana le seo li neng li le sona lilemong tse leshome kapa a mabeli tse fetileng. Molebeli ea tsamaeang o sa tsoa hlokomela: “Ha ke e-ba Paki morao koana lilemong tsa bo-1950, katamelo ea rōna ha re ithuta Bibele le batho ha e le hantle e ne e le mabapi le ho ba ruta lithuto tsa motheo—re ba ruta ’nete ka Boraro-bo-bong, mollo oa lihele, sephefumolohi, joalo-joalo. Empa hona joale, ho bonahala ho e-na le mathata le likhatello tse ngata bophelong ba batho hoo re tlamehang ho ba ruta mokhoa oa bophelo.” Lebaka la see ke lefe?
10. Ke hobane’ng ha ho sa lokela ho re makatsa hore ebe ho bile le ho theoha butle-butle ha boemo ba litaba tsa batho ho tloha ka 1914?
10 Mabapi le ‘mehla ea qetello,’ Bibele e ile ea bolela esale pele: “Batho ba lonya, ba thetsang, ba ea ’ne ba tsoele pele tšenyong, ba ntse ba thetsa, ba ntse ba thetsoa.” (2 Timothea 3:1, 13) Ka hona, ha hoa lokela ho re makatsa hore ebe ho bile le ho theoha butle-butle ha boemo ba litaba tsa batho ho tloha ha mehla ea qetello e qala ka 1914. Satane, eo nako ea hae e setseng e le khutšoaane ho feta leha e le neng pele, o ntšetsa bohale ba hae mokhatlong oa batho ho feta leha e le neng pele. (Tšenolo 12:9, 12) Ka lebaka leo, litekanyetso tsa boitšoaro le tsa lelapa li fapana haholo le seo li neng li le sona lilemong tse 30 kapa tse 40 tse fetileng. Batho ka kakaretso ha baa sekamela bolumeling joaloka mashomeng a fetileng a lilemo. Tlōlo ea molao e atile hoo batho ba itšireletsang ka mekhoa e neng e sa tsejoe lilemong tse 20 kapa 30 tse fetileng.—Mattheu 24:12.
11. (a) Batho ba nahana ka litaba life, hona sehlopha sa mohlanka ea khabane ea bohlale se arabetse joang litlhokong tsee? (b) Fana ka mohlala oa sehlooho sa Molula-Qhooa kapa Tsoha! se ammeng bophelo ba hao.
11 Joale, ha ho makatse hore ebe batho ba bangata ba nahana ka litaba tse amang maikutlo, mokhoa oa bophelo, le lelapa. Sehlopha sa mohlanka ea khabane ea bohlale ka sebete se ile sa arabela ho Molula-Qhooa le Tsoha! ka ho hatisa lihlooho tse nakong tse sebetsanang le litlhoko tsa sebele tsa batho le tseo ka sebele li ammeng bophelo ba bona. Nahana ka mehlala e meng.
12. (a) Ke hobane’ng ha lihlooho tse buang ka malapa a motsoali a le mong li ile tsa lokisetsoa hore li hlahe ho Molula-Qhooa ka 1981? (b) Khaitseli e mong o ile a bontša kananelo ea hae joang bakeng sa lihlooho tse buang ka malapa a motsoali a le mong?
12 Litaba tse amang lelapa. Ha litlaleho tsa lefatše ka bophara li bontša keketseho e potlakileng ea palo ea malapa a motsoali a le mong, ho bile le lihlooho tse khethehileng tlas’a sehlooho se re’ng “Malapa a Motsoali a le Mong—a Loana ka Katleho le Mathata” tse ileng tsa hatisoa tokollong ea Molula-Qhooa oa March 15, 1981. Lihlooho tseo li ne li e-na le morero o habeli: (1) ho thusa batsoali ba se nang balekane hore ba sebetsane ka katleho le mathata a khethehileng ao ba thulanang le ’ona le (2) ho thusa ba bang ho fumana tsebo e lekaneng e le hore ba ‘hauhele’ ’me ka sebele ba ‘hlokomele’ malapa a motsoali a le mong. (1 Petrose 3:8; Jakobo 1:27, NW) Babali ba bangata ba ile ba ngola ho bontša kananelo ea bona bakeng sa lihlooho tseo. Motsoali ea se nang molekane o ile a ngola: “Ruri mahlo a ka a ile a tlala meokho ha ke bona sekoahelo, ’me eitse ha ke phetla makasine ’me ke bala boitsebiso boo, pelo ea ka e ile ea tlala teboho e eang ho Jehova bakeng sa ho fana ka boitsebiso bo joalo ka nako eo bo hlokahalang ka eona.”
13. Ke puisano efe e tebileng ka ho tepella maikutlo e hatisitsoeng ho Tsoha! ka 1981, hona ’mali e mong o ile a re’ng ka eona?
13 Litaba tse amang maikutlo. Taba e mabapi le ho tepella maikutlo e ’nile ea tšohloa ke Molula-Qhooa le Tsoha! ho tloha lilemong tsa bo-1960. (1 Ba-Thessalonika 5:14) Empa ho ile ha sebelisoa pono e ncha le e nepahetseng mabapi le taba ena letotong la lihlooho tse tlas’a sehlooho sa sekoahelo se reng “U ka Loantša ho Tepella!” ho Tsoha! ea March 8, 1982. Ka potlako mangolo a mangata a kananelo a ile a fihla ho Mokhatlo oa Watch Tower a tsoa lefatšeng lohle. Khaitseli e mong o ile a ngola: “Nka hlalosa maikutlo a pelo ea ka joang ka lengolo? Ke lilemo li 24, ’me lilemong tse leshome tse fetileng, ke ’nile ka ba le linako tsa ho tepella maikutlo. Empa hona joale ke ikutloa ke le haufi le Jehova ’me ke leboha hore ebe o ile a arabela litlhokong tsa batho ba tepeletseng maikutlo ka lihlooho tsena tse bontšang lerato, ’me ke rata ho le tsebisa sena.”
14, 15. (a) Taba ea ho hleka-hlekoa ha bana e tšohliloe joang likoranteng tsa rōna? (b) Ke lihlooho life tsa makasine tse ileng tsa khahla mokalli oa lipere oa Australia?
14 Litaba tse amanang le mokhoa oa bophelo. Bibele e boletse esale pele hore “mehleng ea qetello” batho e ne e tla ba “baithati, . . . ba se nang lerato la hlaho, . . . ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo.” (2 Timothea 3:1-3) Ka hona, ha hoa lokela ho re makatsa hore ebe ho hlekoa-hlekoa ha bana ho atile mehleng ea rōna. Sehlooho sena se ile sa tšohloa ka mokhoa o tobang taba sehloohong “Ho Thusa ba Hlokofalitsoeng ke ho Robala le Beng ka Bona” ho Molula-Qhooa oa April 1, 1984. Lilemo tse supileng hamorao, letoto le sekoahelong la “Ho Folisa Bohloko ba ho Hleka-hlekoa ha Bana” ho Tsoha! ea October 8, 1991, se ne se lokisitsoe ka hloko ho fana ka kutloisiso le tšepo ho bahlaseluoa haesita le ho beha ba bang leseling e le hore ba ka fana ka thuso. Letoto lena la lihlooho le ile la etsa hore babali ba arabele ka bongata bo fetisisang historing ea likoranta tsa rōna. ’Mali e mong o ile a ngola: “Ntho e khōlō ka ho fetisisa e entseng hore ke hlaphoheloe ke likhopolo tse tšelisang le litšupiso tsa Mangolo tse leng lihloohong tsena. Ho tseba hore Jehova o ne a sa nkhelle fatše e bile ho mphang phomolo e hlollang. Ho tseba hore ha ke mong le hona ho ne ho tšelisa ka tsela e tšoanang.”
15 Mokalli e mong oa lipere oa Melbourne, Australia, o ile a letsetsa ofisi ea Sydney ea Mokhatlo oa Watch Tower a le hōle, a bolela kamoo a hloileng lintho tse etsahalang mejahong ea lipere. O ile a bolela hore o sa tsoa bala Tsoha! ea March 8, 1993, e reng, “Peto—Phihlelo ea Mosali e Tšosang” ’me o ne a hloletsoe hore ebe ho na le makasine oa bohlokoa joalo. O ile a botsa lipotso ka metsotso e ka bang 30 ’me a thabela ho utloa likarabo tse ileng tsa fanoa.
16. U ka bontša ka litsela life hore u ananela likoranta tsa rōna?
16 Ho thoe’ng ka uena? Na bophelo ba hao bo anngoe ke sehlooho se tobileng se hatisitsoeng ho Molula-Qhooa kapa Tsoha!? Haeba ho joalo, ntle le pelaelo u ikutloa u leboha haholo ka limakasine tsa rōna. U ka bontša kananelo ea hao joang? Ka sebele ke ka ho bala tokollo ka ’ngoe. U ka boetse ua kopanela ho abeng ka mokhoa o pharaletseng likoranta tsena tsa bohlokoa. See se ka etsoa joang?
Li Abelane le ba Bang!
17. Liphutheho li ka etsa eng ho eketsa kabo ea limakasine?
17 Taba ea pele, ho na le se ka etsoang ke phutheho ka ’ngoe. Tokollo ea October 1952 ea Informant (hona joale ke Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso) e itse: “Mokhoa o atlehang ka ho fetisisa oa ho aba limakasine ke ka ntlo le ntlo le mabenkeleng. Kahoo Mokhatlo o buella hore mekhoa ena ea ho aba limakasine e be karolo ea ka mehla ea mosebetsi oa Letsatsi la Limakasine.” Keletso ena ea sebetsa le kajeno. Liphutheho li ka etsa kemiso ea ho ba le Letsatsi la Limakasine le tloaelehileng, letsatsi le beheletsoeng ka thōko ka ho khethehileng bakeng sa ho paka ka limakasine. Bakeng sa liphutheho tse ngata, matsatsi a khethiloeng a Moqebelo ntle ho pelaelo e tla ba nako e molemo. E, e se eka phutheho ka ’ngoe e ka behella ka thōko matsatsi a khethehileng kapa linako tsa mantsiboea bakeng sa ho paka ka limakasine—ka ntlo le ntlo, mabenkeleng, mosebetsing oa seterata, le litselaneng tsa limakasine. Ho phaella moo, uena joaloka mohoeletsi oa ’Muso, u ka etsa’ng ho thusa ho eketsa kabo ea limakasine?
18, 19. (a) Ho khothalla Molula-Qhooa le Tsoha! ho ka u thusa joang hore u tsamaise limakasine? (b) Molemo oa ho etsa nehelano e khutšoaane, e tobang taba ha re nehelana ka limakasine ke ofe? (c) Ke eng se bontšang molemo oa ho isa limakasine malapeng a batho?
18 Ho khothalla “Molula-Qhooa” le “Tsoha!” ke bohato ba pele. Bala limakasine esale pele. Ha u ntse u bala sehlooho ka seng, ipotse, ‘Sehlooho see se ka thahasellisa bo-mang?’ Nahana ka mantsoe a seng makae ao u ka a buang ho tsosa thahasello sehloohong seo. Ntle le ho tšehetsa Letsatsi la Limakasine le tloaelehileng, ke hobane’ng ha u sa tsamaee u nkile likopi e le hore u ka sebelisa monyetla o mong le o mong ho li abela ba bang—ha u le leetong kapa u reka le ha u buisana le basebetsi-’moho, baahisani, bao re kenang sekolo le bona, kapa matichere?
19 Tlhahiso ea bobeli ke hore u etse hore nehelano ea hao e be bonolo. The Watchtower ea December 1, 1956, e itse: “Nehelano e khutšoaane, e tobang taba e molemohali ha ho nehelanoa ka limakasine. Sepheo ke ho tsamaisa likopi tse ngata. Li tla ‘ipuella.’” Bahoeletsi ba bang ba hlokometse hore ho khetha khopolo e le ’ngoe sehloohong hoa sebetsa, ho e fetisa ka mantsoe a seng makae, le ho nehelana ka limakasine. Hang ha li setse lapeng, limakasine li ka “ipuella” ho ba bang ho ekeletsa ho motho ea li amohetseng ho uena. Ireland seithuti se senyenyane sa univesithi se ile sa bala tokollo ea Molula-Qhooa oa September 1, 1991, oo ntate oa hae a neng a o nkile ho Paki. Lihlooho tsa puisano le litaba tse ling li ile tsa tsosa thahasello ea hae. Hang ha a balile makasine ona, o ile a letsetsa Lipaki thelefono, a letsetsa nomorong e bontšitsoeng bukeng ea lithelefono. Kapele-pele ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele, ’me mosali enoa ea mocha o ile a kolobetsoa Kopanong ea Setereke ea “Thuto ea Bomolimo” ka July 1993. Ka sebele, a re sieeng limakasine matlong, moo li tla “ipuella” ho batho! Molebeli ea tsamaeang o ile a fana ka tlhahiso e ’ngoe e bonolo: “Ntša limakasine ka har’a mokotla oa hao oa libuka.” Ka sebele, haeba seo u se buang se sa hape thahasello ea mong’a ntlo, joale mohlomong litšoantšo tsa tsona tse ntle tse leng sekoahelong li tla u tsamaisetsa limakasine.
20, 21. (a) U ka tenyetseha joang ha u kopanela mosebetsing oa limakasine? (b) U ka etsa eng e le hore u tsamaise limakasine tse eketsehileng khoeli ka ’ngoe?
20 Tlhahiso ea boraro ke ho tenyetseha. (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 9:19-23.) Lokisetsa linehelano tse seng kae tse khutšoaane. Nahana ka sehlooho se le seng se tla ipiletsa ho banna, le se seng se tla ipiletsa ho basali. Ho bacha, mohlomong u ka buella sehlooho sa “Bacha Baa Botsa. . . .” Hape, u tenyetsehe mabapi le nako ea ho kopanela mosebetsing oa limakasine. Ho phaella Letsatsing la Limakasine, u ka ’na ua fumana ho paka mantsiboea ho fana ka monyetla o motle oa ho nehelana ka limakasine ka ntlo le ntlo.
21 Tlhahiso ea bone ke ea ho ipehela pakane ea botho. Kenyeletso “Limakasine li Supa Tsela e Isang Bophelong,” e ileng ea hlaha ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea May 1984, e re: “Litlhahiso ke tsena, mohlomong bahoeletsi ba ka iketsetsa pakane ea ho tsamaisa limakasine tse 10 ka khoeli, ho itšetlehile ka maemo a bona; bo-pula-maliboho ba ka iketsetsa pakane ea ho tsamaisa tse 90. Koana, bahoeletsi ba bang ba ka khona ho tsamaisa limakasine tse fetang tseo ka khoeli ’me haeba ho le joalo, pakane ea bona ea botho e bulehile. Empa leha ho le joalo, pakane ea ba bang e ka ba tlaase haholo ka baka la ho fokolloa ke bophelo, boemo bo thata ba tšimo, le mabaka a mang a sa tloaelehang. Tšebeletso ea bona ho Jehova e bohlokoa. (Matt. 13:23; Luka 21:3, 4) Ntho ea bohlokoa ke ho iketsetsa pakane ea botho.”
22. Re ka bontša ka tsela efe hore re leboha Jehova bakeng sa likoranta tsa rōna tse nakong tsa ’nete?
22 Re leboha hakaakang hore ebe Jehova, “Molimo oa ’nete,” o sebelisitse sehlopha sa mohlanka ea khabane ea bohlale le Sehlopha sa hae se Busang ho fana ka likoranta tsee tse nakong! (Pesaleme ea 31:5) Hafeela e ntse e le thato ea Jehova, limakasine tsena li tla tsoela pele ho sebetsana ka katleho le litlhoko tsa batho. Li tla tsoela pele ho phahamisa litekanyetso tsa Jehova tse phahameng tsa boitšoaro. Li ke ke tsa khaotsa ho buella thuto e nepahetseng ea motheo. ’Me li tla phehella ho lebisa tlhokomelo phethahatsong ea boprofeta bo tšoaeang mehla ea rōna e le nako eo ’Muso oa Molimo o seng o busa ’me thato ea Molimo e etsoa lefatšeng ho feta leha e le neng pele ke barapeli ba ’nete ba Jehova bao palo ea bona e ntseng e eketseha. (Mattheu 6:10; Tšenolo 11:15) Ke letlotlo la bohlokoahali hakaakang leo re nang le lona ho Molula-Qhooa le Tsoha! E se eka re ka sebelisa monyetla o mong le o mong bakeng sa ho abelana le batho ba lipelo li bonolo limakasine tsena tsa bohlokoa tse amang bophelo ba batho ’me li buella linnete tsa ’Muso.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a July 15, 1992, maqephe 19-22.
b Ka lilemo tse ngata Molula-Qhooa o ne o nkoa e le makasine o etselitsoeng ka ho khetheha Bakreste ba tlotsitsoeng. Leha ho le joalo, ho tloha ka 1935, ho ile ha behoa khatiso e eketsehileng tabeng ea ho khothaletsa batho ba etsang “bongata bo boholo,” bao tšepo ea bona e leng bophelo bo sa feleng lefatšeng, hore ba iphumanele ’me ba bale Molula-Qhooa. (Tšenolo 7:9) Lilemo tse seng kae hamorao, ka 1940, ka mehla Molula-Qhooa o ne o abeloa batho literateng. Ka mor’a moo, kabo e ile ea eketseha ka potlako.
Karabo ea Hao ke Efe?
◻ Ke eng se bontšang hore Molula-Qhooa le Tsoha! ke likoranta tsa ’nete?
◻ Molula-Qhooa le Tsoha! li amme bophelo ba batho joang?
◻ Liphutheho li ka etsa eng ho eketsa kabo ea limakasine?
◻ Ke litlhahiso life tse ka u thusang hore u tsamaise limakasine tse eketsehileng?
[Lebokose le leqepheng la 22]
Lihlooho tse Ling tse Ileng tsa Ama Bophelo ba Batho
Ka lilemo tse ngata babali ba bangata ba ile ba ngola ho bolela kananelo ea bona bakeng sa lihlooho tse itseng tse hatisitsoeng ho Molula-Qhooa le Tsoha! Tlaase mona ho thathamisitsoe lihlooho tse seng kae har’a tse ngata tse ileng tsa ama babali ba rōna. Na lihlooho tsee kapa tse ling li fetotse bophelo ba hao?
Molula-Qhooa
“Amohela Thuso ea Molimo Ho Hlōla Liphoso tsa Sephiri” (April 15, 1985)
“Ho Sebelisa Borapeli Ho Batsoali ba Hōlileng” (June 1, 1987)
“Thuto e Nang le Morero” (November 1, 1992)
Tsoha!
“U ka Loantša ho Tepella!” (March 8, 1982)
“Ha Eo U mo Ratang a E-shoa . . .” (November 8, 1986)
“Sireletsa Bana ba Hao!” (October 8, 1993)
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Canada—ho paka ka limakasine ka ntlo le ntlo
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Myanmar—ho nehelana ka limakasine tse supang tseleng ea bophelo