Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/98 leq. 1
  • Na U Bala Limakasine?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Bala Limakasine?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsamaisa Limakasine Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Molula-Qhooa le Tsoha!—Likoranta tsa ’Nete tse Nakong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Behella Nako ea Mosebetsi oa Limakasine ka Thōko
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Ho Sebelisa Molula-Qhooa le Tsoha! Hamolemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 10/98 leq. 1

Na U Bala Limakasine?

1 Banyalani ba bang ba baromuoa Afrika ba boletse sena ka limakasine tsa rōna: “Molula-Qhooa o re thusa ho lula re falimehile moeeng tšimong ea rōna. Re fumana khothatso le matla tokollong ka ’ngoe.” Na u na le kananelo e tebileng joalo bakeng sa likoranta tsa rōna? Hona na u thahasella ho li bala ka ho tšoanang?

2 Ho hloka nako e ngata ho hlophisa lihlooho tsa makasine tse ka baloang ka metsotso e seng mekae feela. U tseba sena, na u tla habanya lihlooho ka holimo feela, u shebe litšoantšo, kapa ngope-setšoha u bale sehlooho se itseng se hapang thahasello ea hao? Re etsa ka bohlale haeba re etsa se fetang seo. Re lokela ho qeta nako e itseng re bala re bile re hlahlobisisa lihlooho tsohle tse tokollong e ’ngoe le e ’ngoe ea limakasine tsa rōna. Molula-Qhooa ke koranta ea rōna e ka sehloohong e fanang ka lijo tsa moea tse nakong. Tsoha! e fupere lihlooho tse thahasellisang le tse rutang litabeng tse fapa-fapaneng. Seo re ithutang sona ka ho bala limakasine tsena ha se re matlafatse moeeng feela empa hape se re hlophisetsa ho ba le karolo e atlehileng haholoanyane tšebeletsong. Haeba ka borōna re le babali ba tšepahalang, re tla chesehela ho fa ba bang limakasine tsena.

3 Tsela ea ho Ntlafatsa Mekhoa ea ho Bala: Na u ka etsa hamolemonyana tabeng ea ho lula u bala limakasine? Litlhahiso tse peli tse sebetsang ho ba bangata ke tsena. (1) Etsa kemiso ea kamehla ea ho bala. Ka ho behella ka thōko metsotso e 10 kapa e 15 feela ka letsatsi bakeng sa ho bala, u tla makala ho hlokomela seo u ka khonang ho se bala ka beke. (2) Iketsetse tsela ea ho hopola moo u balileng teng. Mohlomong u ka beha letšoao qalong ea sehlooho se seng le se seng seo u se balang. Haeba u sa etse joalo, u ka ’na ua se ke ua bala lihlooho tse ling kapa esita le eona makasine kaofela. Ke habohlokoa ho iketsetsa kemiso ea ho bala e u sebeletsang hamolemo le ho e khomarela.—Bapisa le Bafilippi 3:16.

4 Ka bohlale “lekhoba le tšepahalang le le masene” le arabetse liphetohong tsa mehla ena ka ho hatisa lihlooho tse sebetsanang le litlhoko tsa sebele tsa batho. (Mat. 24:45) Ka sebele, limakasine tsena li amme bophelo ba rōna. Ka tekanyo e khōlō, lebelo leo re hatelang pele ka lona moeeng le laoloa ke boleng ba mekhoa ea rōna ea ho bala litaba tsa puso ea Molimo. Tlhohonolofatso e enneng ea moea e boloketsoe bohle ba iphang nako ea ho bala limakasine tsohle.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela