Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Feb. 15
“Batho ba bang ba nka hore batho ba senya lefatše. Na ho na le mohla see se kileng sa u tšoenya? [Emela karabo.] Ela hloko tšepiso ena e khothatsang. [Bala Tšenolo 11:18.] Makasine ena e fana ka boitsebiso ba hore na ke eng e etsang hore lefatše lena e be polanete e ikhethang. E boetse e hlalosa seo Bibele e se buang ka bokamoso ba lefatše.”
Tsoha! Feb.
“Na u bona eka taba e boleloang moo ke eona e etsang hore ho be le mathata a mangata hakaale lefatšeng? [Bala 1 Johanne 5:19. Ebe u emela karabo.] Sehlooho sena se re bontša hore na Bibele e re ‘ea khopo’ ke mang le hore na re ka qoba tšusumetso ea hae e matla joang.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 12.
Molula-Qhooa Mar. 1
“Batho ba bangata ba lumela hore malumeli ’ohle a sebeletsa Molimo. Na u bona eka hoa tsotelleha hore na motho o khetha bolumeli bofe? [Emela karabo.] Hlokomela hore na re khothalletsoa ho etsa eng. [Bala 1 Johanne 4:1.] Makasine ena e bontša hore na re ka leka lithuto joang e le ho bona hore na li simoloha ho Molimo kapa che. E boetse e hlalosa hore na malumeli a fapa-fapaneng a qalile joang.”
Tsoha! Mar.
“U bona eka ke mathata afe a mang ao bacha ba talimanang le ’ona kajeno? [Emela karabo.] Temana ena e totobatsa bothata bo bong—e leng ho fumana metsoalle e nepahetseng. [Bala Liproverbia 13:20.] Makasine ena e tšohla likotsi tsa ho fumana metsoalle ka Inthanete le hore na bacha ba ka sireletsoa joang.”