Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Jan. 15
“Kahobane mehleng ena batho ba tloaetse ho se phethe litšepiso tsa bona, ba bangata ba fumana ho le thata ho tšepa motho leha e le ofe. Na u nahana hore ho na le motho eo re ka tšepang litšepiso tsa hae? [Emela karabelo. Ebe u bala Joshua 23:14.] Makasine ena e bontša kamoo re ka hahang tšepo ea rōna litšepisong tsa Molimo tse tlalehiloeng ka Bibeleng.”
Molula-Qhooa Feb. 1
“Bongata ba rōna re leka ho hlokomela bophelo ba rōna ba ’mele. Leha ho le joalo, lipatlisiso tsa morao tjena li bontša hore boiketlo ba rōna bo boetse bo angoa ke bomoea ba rōna. Na u nahana hore ke ntho e ka etsahalang? [Emela karabelo. Ebe u bala Matheu 5:3.] Molula-Qhooa ona o tšohla kamoo re ka khotsofatsang litlhoko tsa rōna tsa moea.”
Tsoha! Feb. 8
“Lebitso la Molimo le shebahala tjena ka puo ea Seheberu. [Mo bontše leqephe le ka holimo.] Batho ba bang ba tsitlella hore lebitso lena ha lea lokela ho bitsoa. Ba bang ba le sebelisa ka bolokolohi. Tsoha! ena e hlahloba khang ena. E boetse e tšohla kamoo re ka tsebang Molimo ka lebitso.” Bala Pesaleme ea 83:18.
Nehelano e ’ngoe: “Batho ba bangata kajeno ba phela bophelo bo maphatha-phathe ’me ba hloka phomolo e eketsehileng. U ka ’na ua lumellana le mantsoe ana a ngotsoeng lilemong tse fetang 3 000 tse fetileng. [Bala Moeklesia 4:6. Ebe u emela karabelo.] Tsoha! ena e fana ka boitsebiso bo molemo ba kamoo motho a ka hlokomelang bothata ba ho kolota boroko le ho sebetsana le bona ka katleho.”