Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Jan. 15
“Batho ba bangata ba sebelisa litšoantšo borapeling ba bona. Na u nahana hore lintho tse joalo li na le matla a ho pholosa? [Emela karabelo.] Ka kōpo hlokomela seo Molimo oa ’nete a tla re etsetsa sona. [Bala Tšenolo 21:3, 4.] Ke Molimo oa ’nete feela ea ka finyellang seo. Makasine ena e bontša hore na ke mang le hore na re ka rua molemo joang ka ho mo tšepa.”
Molula-Qhooa Feb. 1
“Batho ba tšoenyehile haholo ka tšilafalo ea tikoloho. Empa na u kile ua nahana ka tšilafalo ea kelello? [Emela karabelo.] Bibele e totobatsa bohlokoa ba ho hloeka nameng le moeeng. [Bala 2 Bakorinthe 7:1.] Ke kholisehile hore u tla hlokomela hore boitsebiso bona bo molemo ebile boa utloahala.”
Tsoha! Feb. 8
“Re ka ’na ra nka habobebe taba ea hore re na le lehae. Empa baphaphathehi ba limilione lefatšeng lohle ba solla ka tsieleho, ho se mohla ba fumanang tšireletseho eo ba e batlang. Tsoha! e hlahloba sesosa sa bothata bona hammoho le tšepiso ea Bibele ea hore ka letsatsi le leng bohle ba tla ba le mahae a bona.”
Nehelano e ’ngoe: “Ha ho pelaelo hore u bone hore le hoja hangata qalong manyalo a thaba, a mangata aa qhalana. Ke rata ho u siela tokollo ena ea Tsoha!, kaha e bua ka pono ea Bibele mabapi le hore na ho ka etsoa joang hore lenyalo le tšoarelle ’me e be le thabileng.”