Lenaneo la Kaho ea Liholo Tsa ’Muso le Tsoela Pele
1 Ka 1983 Likopanong tsa Setereke tsa “Bonngoe ba ’Muso” tse neng li tšoaretsoe United States, ho ile ha phatlalatsoa hore ho tla thehoa letlōle le khethehileng bakeng sa ho tšehetsa kaho le nchafatso ea Liholo tsa ’Muso ho pholletsa le United States le Canada. Re ne re sa tsebe hore ho ne ho tla ba le litlhohonolofatso tse kana. Re ile ra latsoa ka ho feletseng seo Pesaleme ea 92:4 e se bolelang ha e re: “Etsoe u nthabisitse, Jehova, ka lebaka la mosebetsi oa hao; ke hoeletsa ka thabo ka lebaka la mesebetsi ea matsoho a hao.”
2 Hona joale re thaba haholo ha re bona se finyelloang. Kajeno ho ntse ho etsoa mosebetsi o potlakileng oa kaho ea Liholo tsa ’Muso lefatšeng lohle. Ka tsela e itseng, kaofela ha rōna re na le tokelo ea ho kopanela mosebetsing ona. Re etsa joalo ka ho nehelana ka chelete e nyenyane kapa e ngata ho thusa ho lefella kaho ea libaka tse eketsehileng tsa borapeli lefatšeng lohle. Barab’abo rōna ba bangata ba ithaopela ho sebelisa thepa ea bona hammoho le nako, bokhoni, le tsebo mererong e joalo ea kaho. Tataiso, tšehetso le tlhohonolofatso e enneng ea Jehova boitekong ba rōna bo kopanetsoeng ke eona e atlehisang tokisetso ena eohle.—Pes. 127:1.
3 Makala a mangata a latetse mohlala oa tokisetso e qalileng liphuthehong tsa United States. Linaheng tse ngata Liholo tsa ’Muso li na le lebokose leo bahoeletsi ba kenyang menehelo ea Letlōle la Liholo tsa ’Muso. United States, Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 1997 e ile ea phatlalatsa phetoho tokisetsong ena. E itse: “Esale Letlōle la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso le thehoa ka 1983, barab’abo rōna ba nehetse ka seatla se bulehileng, kahoo ba etsa hore ho be bonolo hore ho fanoe ka likalimo tsa lichelete bakeng sa ho haha Liholo tsa ’Muso. Liphutheho tse ka bang 2 700 naheng ena li se li ruile molemo tokisetsong ena. Hoseng joalo liphutheho tse ngata li ne li ke ke tsa khona ho haha Liholo tsa ’Muso tse ncha kapa hona ho nchafatsa tse hlokang ho lokisoa. Hona joale ho na le tlhokahalo e potlakileng ea ho sebelisa chelete ena e nehetsoeng bakeng sa ho e alima liphutheho tse linaheng tse futsanehileng. Mokhatlo le liphutheho tse ruang molemo menehelong ea lōna o ananela haholo tšehetso ea lōna e tsoelang pele tokisetsong ena.”
4 Phatlalatso eo e ne e le memo ea hore ho kopaneloe lenaneong la kaho ea Liholo tsa ’Muso e etsoang ka potlako. Letlōle la Liholo tsa ’Muso le ne le tla atolosoa hore le akarelletse litlhoko tsa barab’abo rōna linaheng tse ling ha le ntse le alimana ka chelete ea kaho ea Liholo tsa ’Muso United States. Sehlooho se latelang sena Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea United States ea August 1997, se ile sa re: “Ho na le tlhokahalo e tsoelang pele ea kaho ea Liholo tsa ’Muso lefatšeng ka bophara. Selemong sa tšebeletso se fetileng, ho ile ha thehoa liphutheho tse ncha tse 3 288. Boholo ba tsona li Afrika, Asia, Amerika Bohareng le Boroa le Europe Bochabela.”
5 Ho bile le litholoana life ho tloha nakong eo? Buka ea Selemo ea 2001 e itse: “Ka tokisetso ena, linaheng tse 30, ho se ho phethiloe Liholo tsa ’Muso tse 453 ho fihlela joale, ’me mehaho e meng e 727 e ntse e hahuoa. Ho ’nile ha hatisoa taba ea ho etsa lipolane tse tšoanang tsa Liholo tsa ’Muso naheng ka ’ngoe tse sebelisang thepa ea kaho le mekhoa ea kaho ea sebaka seo. Kenya ho sebelisoa majoe; Togo ho tloaelehile hore ho sebelisoe setene; Cameroon ho tloaelehile litene tsa konkreiti tseo hamorao li liloang. Ka tsela ena, barab’abo rōna ba sebaka ka seng ka potlako ba fumana mahlale a hlokahalang bakeng sa ho phetha likarolo tsa bohlokoa lenaneong la naha ka ’ngoe.”
6 Bopaki ba hore Jehova o hlohonolofatsa lenaneo lena bo ka bonoa k’honthinenteng ea Afrika. Ha u ntse u sheba litšoantšo tsa Liholo tsa ’Muso tse seng li ahiloe, inahanele hore na kaho e joalo e bile le phello efe mosebetsing oa Lipaki tsa Jehova! Ho bile joalo ka litsela tse tharo tse ikhethang—bonngoe ba mokhatlo oa bara ba motho oa lefatšeng ka bophara, phello e bang teng motseng, le keketseho ea batho ba bang teng libokeng tsa phutheho. Le hoja kenyelletso ena e lebisitse tlhokomelo Liholong tsa ’Muso tse ahuoang Afrika, litokollo tse tlang tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso li tla lebisa tlhokomelo tabeng ea kamoo lenaneo la kaho ea Liholo tsa ’Muso le tsoelang pele libakeng tse ling tsa lefatše.
[Litšoantšo tse leqepheng la 3]
CENTRAL AFRICAN REPUBLIC
Bimbo, Bangui
Begoua, Bangui
[Litšoantšo tse leqepheng la 4]
Ukonga, Tanzania
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Accra, Ghana
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Salala, Liberia
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Karoi, Zimbabwe
[Litšoantšo tse leqepheng la 4, 5]
Allada, Benin—Holo ea ’Muso ea pele
Allada, Benin—Holo ea ’Muso e ncha
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Kpeme, Togo
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Sokodé, Togo
[Litšoantšo tse leqepheng la 4, 5]
Fidjrosse, Benin
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Lyenga, Zambia—Holo ea ’Muso ea pele
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Lyenga, Zambia—Holo ea ’Muso e ncha
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Kinshasa, Congo
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Musambira, Rwanda