Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/99 maq. 3-6
  • Borapeli ba ’Nete Boa Atoloha Europe Bochabela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Borapeli ba ’Nete Boa Atoloha Europe Bochabela
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lenaneo la Kaho ea Liholo Tsa ’Muso le Tsoela Pele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Keketseho e Tsotehang e Susumetsa Katoloso e Potlakileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Kaho ea Liholo Tsa ’Muso Linaheng Tse Ling Tsa Europe
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Mosebetsi oa Kaho o Tlotlisang Jehova
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 9/99 maq. 3-6

Borapeli ba ’Nete Boa Atoloha Europe Bochabela

1 Bakreste ba lekholong la pele la lilemo e ne e le baboleli ba ’Muso ba chesehang. Ba ile ba thaba ha liphutheho li “eketseha ka palo letsatsi le letsatsi.” (Lik. 16:5) Boboleli ba bona bo sebete bo ile ba isa borapeli ba ’nete Asia, Afrika le Europe, ba fella ka kotulo e khōlō ea balumeli.

2 Nakong ena ea qetello, borapeli ba ’nete bo ntse bo tsoela pele ho atoloha linaheng tsa Europe Bochabela. Linaheng tseo re neng re thibetsoe ke mebuso ho fihlela mathoasong a bo-1990, hona joale re ba le keketseho e ikhethang. Buka ea Selemo ea 1999 e senola hore linaha tse ling tse peli tse joalo ke Russia le Ukraine, naha ka ’ngoe e tlaleha bahoeletsi ba fetang 100 000 ba kopanelang tšebeletsong ea phatlalatsa. Libakeng tse 15 tseo e kileng ea e-ba Soviet Union, ho tloha ka 1991 batho ba fetang 220 000 ba inehetse ho Jehova ’me ba kolobetsoa! Khōlo ena e potlakileng e entse hore ho hlokahale ho hahuoa ha Liholo tse ncha tsa ’Muso le Liholo tsa Kopano hammoho le ho atolosa mehaho e ’maloa ea makala.

3 Karolo ea Letlōle la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso hona joale e sebelisoa ho fana ka likalimo liphuthehong tse linaheng tseo ho tsona ho nang le tlhokahalo e khōlō ea Liholo tse eketsehileng tsa ’Muso empa ho e-na le khaello ea lichelete le mathata a tšabehang a moruo. Pakeng tsa March 1996 le October 1998, Mokhatlo o ile oa fana ka tumello ea kalimo ea chelete bakeng sa likōpo tse 359 tsa Liholo tsa ’Muso liofising tsa makala tse hlokometseng linaha tse 11 tsa Europe Bochabela. Lichelete tse nehetsoeng li sebelisetsoa ho reka litša le thepa bakeng sa ho haha Liholo tsa ’Muso tse ncha le ho thusa liphutheho ho nchafatsa mehaho e seng e ntse e le teng. Litšoantšo tse bontšitsoeng mona li fana ka leseli la hore na menehelo e fanoang Letlōleng la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso United States le linaheng tse ling e ruisitse barab’abo rōna molemo joang Europe Bochabela.

4 Ka 1998, Bulgaria e bile le keketseho ea karolo ea 12 lekholong, ’me barab’abo rōna ba ile ba hlolloa ha Holo ea bona ea ’Muso ea pele e neheloa ka April hona selemong seo. Croatia e ile ea thabela keketseho ea karolo ea 4 lekholong, ’me hona joale barab’abo rōna moo ba haha Liholo tsa ’Muso tse eketsehileng ho ntšetsa borapeli ba ’nete pele. Hungary Liholo tsa ’Muso tse 80 li sebelisoa ke liphutheho tse 144. Hona ho bolela hore liphuthehong tse 235 naheng eo, tse etsang karolo ea 61 lekholong li na le libaka tsa borapeli. Macedonia lenaneo la kaho ea Liholo tsa ’Muso le phethile liholo tse ncha tse peli, ’me tse peli li ntse li hahuoa. Lehlabuleng la 1999 (karolong e ka leboea), Holo ea ’Muso e mekato e ’meli e ile ea phethoa motse-moholo oa Skopje. Holo ena bonyane e ka sebelisoa ke liphutheho tse tšeletseng.

5 Selemong se fetileng, Russia ho ne ho kolobetsoa batho ba fetang 260 ka karolelano beke e ’ngoe le e ’ngoe! Le latela mohlala o sebelisitsoeng linaheng tse ling, lekala la Russia hona joale le hlophisitse Likomiti tsa Kaho tsa Libaka tse 12 ho pholletsa le tšimo ea bona e khōlōhali, ho tšehetsa merero ea kaho ea Liholo tsa ’Muso ea nakong e tlang. Karolong e ka leboea ea St. Petersburg, kaho e tsoela pele Holong ea pele ea Kopano ea naha eo, eo ho eona ho tlang ho lula batho ba 1 600. Mohaho oo o tla akarelletsa le Liholo tsa ’Muso tse hlano tseo e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e tlang ho ba le litulo tse 200. E le ho sebeletsa litlhoko tsa moea tsa barab’abo rōna le ba bangata ba thahasellang Ukraine, ho se ho qetiloe Liholo tsa ’Muso tse 84 ’me ho ntse ho hahuoa tse 80.

6 Na keketseho ee e Europe Bochabela ha e re tlisetse thabo lipelong tsa rōna? Ho sa tsotellehe hore na re phela hokae, katoloso ea borapeli ba ’nete e re hopotsa hore Molimo ha a leeme le hore mamello ea hae e tla bolela pholoho bakeng sa “bongata bo boholo.” (Tšen. 7:9; 2 Pet. 3:9) Ke tokelo e kaakang hore ebe re na le tokelo ea ho kopanela ka tsela e fokolang ho tlatsetseng khōlong ea moea ea ba bang, esita le ba linaheng tse hōle! Liproverbia 28:27 e re tiisetsa hore “ea sitsang bafumanehi a ke ke a hloka.” Ho ithaopela ha rōna ho koahela litšenyehelo tsena tsa kaho ho fella ka “ho leka-lekanya” lintho tse bonahalang, ho nolofalletsa bohle ho ba le thabo e hlahisoang ke ho fana le thabo e tsoaloang ke ho bona borapeli ba ’nete bo atoloha lefatšeng ka bophara.—2 Bakor. 8:14, 15; Lik. 20:35.

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Săcele, Romania

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Maardu, Estonia

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Sevnica, Slovenia

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Tiszavasvári, Hungary

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Jūrmala, Latvia

[Litšoantšo tse leqepheng la 4]

Tallinn, Estonia

[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]

Taurage, Lithuania

[Litšoantšo tse leqepheng la 4, 5]

Belgrade, Yugoslavia

[Litšoantšo tse leqepheng la 5]

Prievidza, Slovakia

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Mátészalka, Hungary

[Litšoantšo tse leqepheng la 6]

Vranov nad Topl’ou, Slovakia

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ruma, Yugoslavia

[Litšoantšo tse leqepheng la 6]

Tornakalns, Latvia

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela